Pono e Tsoelang Pele ka Mosebetsi o Potlakileng oa ho Etsa Barutuoa
1 Pele Jesu a tloha lefatšeng, o ile a laela balateli ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” Sena se ne se hloka hore ba etse letšolo le leholo la ho bolela, ho ruta le ho atolosetsa mosebetsi oa bona lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mat. 28:19, 20; Lik. 1:8) Na ba ile ba nka thōmo ee e le moroalo—e le boima haholo hore ba ka e phetha? Ho ea ka moapostola Johanne, ho ne ho se joalo. Ka mor’a ho qeta lilemo tse 65 a etsa barutuoa, o ile a ngola: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; ’me leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.”—1 Joh. 5:3.
2 Tlaleho ea Mangolo ea mosebetsi oa Bakreste ba pele e paka hore ba ile ba phetha thōmo ea bona ea ho etsa barutuoa ba Jesu Kreste ka potlako. (2 Tim. 4:1, 2) Sena ha baa ka ba se etsa feela hobane ba tlamehile, empa ba se entse ka lebaka la takatso ea bona e lerato ea ho rorisa Molimo le ho isetsa ba bang tšepo ea poloko. (Lik.13:47-49) Kaha bohle bao e bileng barutuoa ba ile ba fetoha ba etsang barutuoa ka mor’a moo, phutheho ea Bokreste e ile ea hōla ka potlako lekholong la pele la lilemo.—Lik. 5:14; 6:7; 16:5.
3 Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa oa Potlaka: Lekholong lena la bo20 la lilemo ho finyelloa mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa ho etsa barutuoa! Ho fihlela joale, batho ba limilione ba amohetse litaba tse molemo ’me ba nkile khato ka tsona. (Luka 8:15) Kaha tsamaiso ena ea lintho e felloa ke nako ka potlako, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le re lokiselitse likofuto tse nolofalletsang batho ba lipelo li tšepahalang ho ithuta ’nete ka potlako.—Mat. 24:45.
4 Ka 1995 re ile ra amohela buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, ’me ka 1996 e ile ea lateloa ke bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Mabapi le buka ea Tsebo, tokollo ea Molula-Qhooa ea January 15, 1996, leqepheng la 14, e itse: “Buka ena e maqephe a 192 e ka ithutoa ka nako e batlang e le khutšoanyane, ’me ba nang ‘le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ ba ka ithuta ho lekaneng ka eona hore ba inehele ho Jehova ’me ba kolobetsoe.”— Lik. 13:48.
5 Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, e reng, “Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo,” e ile ea re fa pakane ena: “Ho itšetlehile ka maemo le ka bohlale ba seithuti, ho ka ’na ha etsahala hore le akaretse likhaolo tse ngata ka lekhetlo le le leng la nako e etsang hora kapa ho feta, le sa akaretse thuto ka potlako. Liithuti li tla tsoela pele hantle ha tichere le seithuti ba boloka nako eo ba e behelaneng bakeng sa thuto ea beke ka ’ngoe.” Sehlooho sena se ile sa tsoela pele ho re: “Ho lokela ho lebelloa hore nakong eo motho a qetang thuto bukeng ea Tsebo, ho tiea ha hae le ho teba ha thahasello ea hae ea ho sebeletsa Molimo li tla be li bonahetse.” Lebokose la Lipotso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996 le ile la hlalosa tjena: “Ho lebeletsoe hore ka nako e batlang e le khutšoanyane, tichere e atlehang e tla khona ho thusa seithuti se tloaelehileng se tšepahalang ho fumana tsebo e lekaneng hore se etse qeto e bohlale ea ho sebeletsa Jehova.”
6 Buka ea Tsebo e Beha Litholoana: Ha moroetsana e mong a ne a kolobetsoa, o ile a pheta kamoo a neng a ikutloa kateng ka ho ithuta buka ea Tsebo. O ne a ile a ithuta buka ea Phela ka ho sa Feleng ka nako e itseng. Ha ho lokolloa buka ea Tsebo, morali’abo rōna ea neng a mo khannela thuto o ile a fetohela bukeng ena e ncha. Kapele-pele, seithuti se ile sa lemoha hore ho ne ho tla hlokahala hore se etse qeto, ’me se ile sa susumelletseha hore se tsoele pele kapele ho tloha nakong eo ho ea pele. Moroetsana enoa, eo hona joale e leng morali’abo rōna, o re: “Buka ea Phela ka ho sa Feleng e ile ea nthusa hore ke rate Jehova, empa buka ea Tsebo e nthusitse hore ke etse qeto ea ho mo sebeletsa.”
7 Bona kamoo mosali e mong a ileng a ithuta ’nete kapele kateng. Ka mor’a thuto ea hae ea bobeli, o ile a ba teng sebokeng Holong ea ’Muso nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho. Bekeng eo, nakong ea thuto ea hae ea boraro, o ile a mo bolella hore o entse qeto ea ho inehela ho Jehova ’me o batla ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O ile a bonana le baholo, ba ileng ba mo amohela hore e be mohoeletsi, ’me bekeng e latelang o ile a qala tšebeletso ea tšimo. O ile a ikakhela ka setotsoana thutong ea hae ea Bibele hoo a ileng a kōpa tumello ea ho nka matsatsi a phomolo mosebetsing e le hore a ithute ka makhetlo a mabeli kapa a mararo ka beke le hore a qete nako e eketsehileng a le tšebeletsong. Ka linako tse ling, ba ne ba bala likhaolo tse peli kapa tse tharo ka lekhetlo le le leng. O ile a qala ho sebelisa seo a ithutang sona litšobotsing tsohle tsa bophelo ba hae, a qeta buka ea Tsebo ka libeke tse ’nè, ’me a tsoela pele ho ea kolobetsong!
8 Monna oa morali e mong oabo rōna ha a itlhalosa o re e ne “e hlile e le molekane ea sa lumelang.” Ka letsatsi le leng, mor’abo rōna e mong o ile a kōpa hore na a ka ithuta Bibele le eena ka buka ea Tsebo ka tumellano ea hore monna eo a ka ’na a tlohela ka mor’a thuto ea pele kapa ka nako leha e le efe ka mor’a moo. Monna eo o ile a lumela hore a ka leka, ho sa tsotellehe hore o ne a le hlooho e thata ha a sa le sekolong le hore o ne a sa ka a ithuta lingoliloeng tsa bolumeli tsa mofuta ofe kapa ofe ka lilemo tse fetang 20. O ile a ba boemong bofe ha a ithuta buka ea Tsebo? O itse: “Ke ile ka thaba haholo ha ke fumana hore thuso ena ea Bibele e ngotsoe ka mokhoa o bonolo hakaalo. Boitsebiso bo ne bo ngotsoe ka mokhoa o hlakileng le o utloahalang hoo kapele ke neng ke lebella thuto e latelang ka thabo. Tichere ea ka e ne e latela ka bohlale mekhoa ea ho etsa barutuoa eo Mokhatlo o e bontšitseng, ’me ka thuso ea moea oa Jehova, ke ile ka kolobetsoa likhoeli tse ’nè hamorao. Ka sebele kea tiisa hore haeba re hōlisa lerato la ho etsa barutuoa, re tsoela pele ho batla ba lipelo li lokileng tšebeletsong ea tšimo, re sebelisa buka ea Tsebo le lithuso tse ling tsa Bibele tse fanoang ke Mokhatlo ’me, habohlokoa haholo, re rapella tataiso ea Jehova, re ka ba le tokelo e khethehileng haholo ea ho thusa ho etsa barutuoa.” Liphihlelo tse ka holimo ka sebele lia ikhetha. Boholo ba liithuti tsa rōna ha li tle ’neteng ka potlako e kana.
9 Liithuti li Tsoela Pele ka Lebelo le sa Tšoaneng: Re tlameha ho lumela hore bokhoni ba matichere le liithuti tsa Lentsoe la Molimo bo ka fapana haholo. Khōlo ea moea e ka lieha kapa ea potlaka. Liithuti tse ling li tsoela pele ka likhoeli tse seng kae, ha tse ling li ka ’na tsa nka nako e teletsana. Nako eo motho a e nkang ho hōla moeeng e itšetlehile ka hore na o rutehile hakae, o ananela lintho tsa moea hakae le hore na boinehelo ba hae ho Jehova bo tebile hakae. Hase bohle bao re ithutang le bona ba nang le “taba-tabelo e khōlō ka ho fetisisa ea kelello” hore ba ithute Mangolo kamehla joaloka Baberea ba boholo-holo ba ileng ba fetoha balumeli.—Lik. 17:11, 12.
10 Ke ka lebaka leo kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1998, eo sehlooho sa eona se reng, “Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele” e fanang ka tataiso ena e utloahalang: “Bonneteng, hase liithuti tsohle tsa Bibele tse hatelang pele ka lebelo le tšoanang. Tse ling ha lia sekamela linthong tsa moea joaloka tse ling ebile ha li potlakele ho amohela lintho tse rutoang. Tse ling li phela bophelo bo maphathaphathe ’me mohlomong li sitoa ho qeta nako e hlokahalang bakeng sa ho akaretsa khaolo kaofela beke ka ’ngoe. Kahoo, maemong a mang ho ka ’na ha hlokahala makhetlo a fetang le le leng ho akaretsa likhaolo tse itseng hammoho le likhoeli tse eketsehileng ho qeta buka.”
11 Ba Etsang Barutuoa ba Boloka Pono e Leka-lekaneng: Ho hlokahala hore re lekanyetse lebelo la thuto ho ea ka maemo a seithuti le bohlale ba sona. Kaha re khothalletsoa ho qalisa lithuto ka bukana ea Seo a se Hlokang, ho ka ’na ha hloka likhoeli tse peli ho isa ho tse tharo ho e akaretsa pele le fetela bukeng ea Tsebo. Haeba re sebelisa litlhahiso tsohle tse neng li thathamisitsoe kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, ho ka ’na ha hlokahala likhoeli tse ling tse tšeletseng ho isa ho tse robong ho qeta buka ea Tsebo. Ba bang ba sa tsoa qalisa thuto ka buka ea Tsebo ba ile ba fetohela bukaneng ea Seo a se Hlokang bakeng sa ho thusa seithuti ho ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele ka potlako e khōloanyane. Eaba thuto e boetse e ntšetsoa pele ka buka ea Tsebo. Haeba thuto e qalisoa ka buka ea Tsebo ’me e tsoela pele hantle, ho ka ’na ha e-ba molemo ho ithuta bukana ea Seo a se Hlokang ka mor’a ho qeta buka, ka tsela eo le hlahlobe linnete tsa motheo tsa Lentsoe la Molimo ka potlako. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha re batle hore ka lebaka la ho potlakela ho qeta buka, re hlokomolohe taba ea hore seithuti se be le kutloisiso e hlakileng. Seithuti se seng le se seng se hloka motheo o tiileng bakeng sa tumelo eo se sa tsoa e fumana Lentsoeng la Molimo.
12 Ka ho tseba hore na re nakong efe, ho potlakile haholo ho feta leha e le neng pele hore re thuse ba bang ho ithuta ’nete. Ntle le ho rapela re sa khaotse bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele tse ncha, a re ke re rapelleng ba seng ba ntse ba ithuta le rōna. Ke moo re tla thabela ho ’na re kolobetsa barutuoa ba eketsehileng “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Mat. 28:20.