Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/11 leq. 2
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Thuseng Hore ba ‘Tsitse Tumelong’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Joang Hore ba Kolobetsoe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 4/11 leq. 2

Lebokose la Lipotso

◼ Re lokela ho ithuta le seithuti sa Bibele se hatelang pele ho fihlela neng?

Ho molemo hore re ithute le seithuti sa Bibele se hatelang pele ho fihlela se qeta libuka tse peli—e leng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? le ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Re lokela ho tsoela pele ho ithuta le seithuti le haeba se kolobetsoa pele se qeta libuka tsena tse peli. Ha se se se kolobelitsoe, re ka tsoela pele ho tlaleha nako, maeto a ho boela le thuto ea Bibele. Haeba re tsamaea le mohoeletsi e mong ’me a kopanela thutong, le eena a ka tlaleha nako.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2009, leqepheng la 2.

Ke habohlokoa hore batho ba sa tsoa kena ka phuthehong ba utloisise lithuto tsa motheo tsa Bibele hantle pele re khaotsa ho ithuta le bona. Batho bao re ithutang le bona ba lokela ho ‘mela ka metso’ ho Kreste le ho ‘tsitsa tumelong’ e le hore ba ka tobana le liteko tseo joang kapa joang ba tla thulana le tsona. (Bakol. 2:6, 7; 2 Tim. 3:12; 1 Pet. 5:8, 9) Ntle ho moo, e le hore ba tle ba atlehe ho ruta ba bang, ba lokela ho ba le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Tim. 2:4) Re tla thusa liithuti tsa rōna hore li itsetsepele ‘tseleng e isang bophelong’ haeba re ka ithuta le tsona libuka tseo ka bobeli.—Mat. 7:14.

Pele baholo ba ka lumella motho hore a kolobetsoe, ba lokela ho tiiseha hore o utloisisa ka botlalo lithuto tsa motheo tsa Bibele le hore oa li latela. Baholo ba lokela ho ba hlokolosi haholo ha ba hlahloba seithuti se e-s’o qete buka ea pele e ithutoang. Haeba motho a e-s’o lokele ho kolobetsoa, baholo ba lokela ho tiisa hore o fumana thuso eo a e hlokang e le hore a ka tšoaneleha ho kolobetsoa nakong e tlang.—Sheba Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 217-218.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 2]

Ke habohlokoa hore batho ba sa tsoa kena ka phuthehong ba utloisise lithuto tsa motheo tsa Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela