Ba Thuseng Hore ba ‘Tsitse Tumelong’
Ho thabisa haholo bo bona kamoo Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi oa ho bokella batho kateng, ka hore batho ba fetang kotara ea milione ba kolobetsoe selemo le selemo. (Deut. 28:2) Hang ha seithuti sa Bibele se kolobelitsoe, ka tloaelo mohoeletsi ea se khannelang thuto o tlohela ho ithuta le sona ebe o se a shebana le tse ling. Seithuti le sona se ka ’na sa lakatsa ho tlohela thuto e le hore se qete nako e eketsehileng tšimong. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore liithuti tsa Bibele li be le motheo o motle oa ’nete. Li lokela ho ‘mela ka metso’ ho Kreste ’me li ‘tsitse tumelong.’ (Bakol. 2:6, 7; 2 Tim. 3:12) Kahoo, ka mor’a hore seithuti se kolobetsoe, se lokela ho tsoela pele ka thuto ea Bibele ho fihlela se qetile buka ea Seo Bibele e se Rutang le ea “Lerato la Molimo.”—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 2011, leqepheng la 2.