Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/91 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 8/91 leq. 7

Litsebiso

● Mpho ea buka ka August: Efe kapa efe ea libukana tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 ka monehelo oa lisente tse 75 e le ’ngoe: Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R7,50. October: Lipeeletso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa kapa bakeng sa limakasine tseo ka bobeli ka monehelo oa R16,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,00. November: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?

● Bohle ba kopanelang le phutheho ba lokela ho nchafatsa lipeeletso tsa bona tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka phutheho. Moena ea sebetsanang le lipeeletso o lokela ho kholiseha hore lipeeletso li romeloa Mokhatlong ka mehla beke e ’ngoe le e ’ngoe. E tla ba ho thusang haeba likōpo tsohle tsa libuka le likhatiso tse ling li etsoa ka phutheho ho e-na le hore motho ka mong a li romele ka ho toba Mokhatlong.

● Liphutheho li lokela ho qalisa ho kōpa Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992 hammoho le kōpo ea tsona ea lingoliloeng ea September. Almanaka e ncha e tla ba e khahlehang ka ho khethehileng le e rutang, e kopantse litšoantšo tsa Naha e Tšepisitsoeng le litšoantšo tsa liketsahalo tsa Bibele tse nyalanang le tsona. Litšoantšo le liketsahalo e tla ba tse molemo ho rōna. Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992 e tla fumaneha ka Seafrikaanse, Sechaena, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setaliana, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa, le Sezulu.

● Phutheho ka ’ngoe e tla fumana liforomo tse tharo tsa Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka ’me e lokela ho bala lenane la lingoliloeng tsa phutuho. Ka kōpo tlatsang liforomo ka botlalo, ’me le romele foromo e ka holimo (original) ho rōna eseng ka mor’a la 6 September, 1991. Ipolokeleng kopi e ’ngoe lifaeleng tsa lōna. Re le romella kopi ea boraro hore le itšebelisetse eona.

● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Khatiso ea 1990 (phutheho le batho bohle: R8,00; bo-pula-maliboho: R5,20)—Setswana, Sexhosa

● Tse Fumanehang Hape Afrika Boroa:

“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Khatiso ea 1990—Sejeremane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela