Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho
Karolo 2: Tlhokahalo ea ho Lokisetsa le ho Kopanela ka ho Fana ka Litlhaloso
1 Lentsoe la Jehova le bolela hore motho ea fumanang bohlale le masene o thabile, hobane o tla fumana moputso o moholo. (Liprov. 3:13, 14, 16-18, NW) Bohlale ba moea ke ba bohlokoa ’me bo boloka bophelo. Bo nolofalletsa Mokreste ho sebelisa tsebo eo a e fumanang Lentsoeng la Molimo hamolemo borapeling bo mafolo-folo, ho rarolla mathata a letsatsi le letsatsi, le ho etsa liqeto tse amanang le lipakane tsa hae tsa bophelo.
2 Thuto ea Buka ea Phutheho e etselitsoe ho re thusa ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo ’me ka tsela ena re hōle bohlaleng le kutloisisong ea lintho tsa moea. Ka hona, ho ba teng ka mehla Thutong ea Buka ea Phutheho, e lokela ho ba karolo ea bohlokoa lenaneong la rōna la botho la ho fumana bohlale.—Liprov. 4:7-9.
LOKISETSA KA BOTLALO
3 Ba bang ba neng ba kopanela le phutheho ea lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba ikitlaetsa ka matla ho ithuta ’nete le ho boloka mohato le khanya e ntseng e eketseha. Ba ile ba lula e le masea ho Kreste ’me ka ho etsa joalo ba ne ba sa tloaelana le lentsoe la ho loka. (Ba-Heb. 5:11-13) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa phutheho ho ‘fetela ho tsa khōlo e tletseng.’ (Ba-Heb. 6:1) Ka ho totobetseng, sena se hloka ho hongata ho feta ho mamela ntle ho thahasello ha ba bang ba buisana ka ’nete. Ho nahanisisa le ho batlisisa hoa hlokahala ho tsosa ‘matla a rōna a elileng a ho nahana,’ ’me re tlameha ho ikitlaetsa ka matla.—2 Pet. 3:1, 2, NW; Luka 13:24.
4 Ho lokisetsa Thuto ea Buka ea Phutheho ka botlalo ho hōlisa kutloisiso ea rōna ’me ho haha kananelo bakeng sa boitsebiso bo ithutoang. Leha ho le joalo, tokisetso e atlehileng, e hloka ho fetang feela ho bala lirapa le ho thala mola ka potlako ka tlas’a likarabelo tse tobileng tsa lipotso. Re hloka nako ea ho utloisisa boitsebiso bo ithutoang ka ho thuisa ka seo bo se bolelang le bohlokoa ba bona ho rōna ka bomong. Phetla mangolo a boletsoeng ’me u nahane kamoo a amanang le lintlha tse lirapeng. Fumana se boleloang ke mantsoe ao u sa a utloisiseng ka ho felletseng.
5 Ho ba bang ba rōna, thuto ea botho e ka ’na ea ba mosebetsi o boima, ’me e hlile e hloka nako; empa, e molemo hakaakang! Pauluse o ile a supa liphello tsa thuto e joalo e matla, a re: “Empa lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.” (Ba-Heb. 5:14) Thuto e joalo ea botho e re thusa ho hōla, e le hore re ka khetha tsela e nepahetseng ha re tobane le ho etsa liqeto.
KOPANELA KA HO FANA KA LITLHALOSO
6 Re lokela ho hahamalla ho kopanela ka ho fana ka litlhaloso sebokeng ka seng. Hobane’ng? Litlhaloso tsa rōna tse lokiselitsoeng hantle hase pontšo ea tumelo ea rōna feela empa hape li khothatsa le ho haha baena ba rōna. (Ba-Roma 10:10; Ba-Heb. 10:23-25) Ho kopanela ka ho fana ka litlhaloso ka mafolo-folo Thutong ea Buka ea Phutheho ho boetse ho phetha karolo e khōlō khōlong ea rōna ea moea. Haeba ba nang le phihlelo, bana, le batho ba sa tsoa thahasella ba fana ka litlhaloso ka bolokolohi, sehlopha se thabela likarabo tse enneng tse tsoang ho batho ba sa tšoaneng. Hona hoa ruta ’me ho khatholla bohle.—kmSU 3/86 leq. 3.
7 Haeba re lokisetsa Thuto ea Buka ea Phutheho ka mafolo-folo, re ba teng ka mehla ho eona, ’me re kopanela ka ho fana ka litlhaloso ka bolokolohi, re tla atleha ha re ntse re batla bohlale ’me re ‘tla fihlela tsebo ea Molimo.’—Liprov. 2:4, 5.