Kamoo Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho e re Thusang Kateng
1. Liboka tsa rōna tse hlano tsa beke le beke li re thusa joang?
1 Libokeng tsa rōna tse hlano tsa beke le beke, se seng le se seng se na le tsela eo se tšoaroang ka eona ebile se na le morero oa sona. Leha ho le joalo, kaofela ke tsa bohlokoa ho re thusa hore re ‘nahanelane e le hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheb. 10:24, 25) Ebe likarolo tse ling tse khethehileng le tsa bohlokoa tsa tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho ke life?
2. Ho kopana ka sehlopha se senyenyane thutong ea buka ho na le melemo efe?
2 E re Thusa ho Hatela Pele Moeeng: Ka kakaretso, palo ea batho ba bang teng sehlopheng sa thuto ea buka e ba ka tlaase haholo ho ea ba bang teng libokeng tse ling tsa phutheho. Sena se re nolofalletsa ho ba le botsoalle bo ka re thusang moeeng. (Liprov. 18:24) Na u nkile bohato ba hore u tsebe e mong le e mong ea leng sehlopheng sa lōna sa thuto ea buka, mohlomong u kōpa e mong le e mong hore a sebetse le uena tšimong? Tokisetso ena ea thuto ea buka e boetse e thusa molebeli oa thuto ea buka hore a tsebe maemo a ikhethang a e mong le e mong ea sehlopheng le hore a mo khothatse.—Liprov. 27:23.
3. Tokisetso ea thuto ea buka e khothalletsa liithuti tsa Bibele joang hore li fane ka likarabo le hore li be teng sebokeng seo?
3 Na u kile ua mema lithuto tsa hao tsa Bibele hore li ee le uena thutong ea buka? Batho ba monyebe ho ea libokeng tsa rōna tse khōlō ba ka ’na ba se ke ba e-ba monyebe ho ea sebokeng se senyenyane, haholo-holo ha se tšoareloa lelapeng la motho. Moea oa botsoalle o thusa bana le batho ba qalang ho kopanela hore le bona ba fane ka likarabo. Kaha sehlopha se senyenyane, re na le menyetla e mengata ea ho araba ’me kahoo re rorisa Jehova.—Pes. 111:1.
4. Tokisetso ea thuto ea buka e ka ba molemo ka litsela life?
4 Hangata lithuto tsa buka li tšoareloa libakeng tse qalikaneng hantle tšimong ea phutheho. Le hoja ho se bonolo hore bohle ba abeloe sebakeng se haufi le moo ba lulang teng, ho ea thutong ea buka eo re e abetsoeng ha ho nke sebaka joaloka ho ea libokeng tse ling tsa phutheho. Sebaka seo thuto ea buka e tšoareloang ho sona se ka boetse sa sebelisetsoa seboka sa tšebeletso ea tšimo.
5. Molebeli oa rōna oa thuto ea buka a ka re thusa joang tšebeletsong?
5 E Thusa Tšebeletsong ea Tšimo: Molebeli oa thuto ea buka o thahasella haholo ho thusa e mong le e mong hore a kopanele tšimong kamehla, ka tsela e nang le morero le ka thabo. Kahoo, o leka ho sebetsa le e mong le e mong sehlopheng sa thuto ea buka, a mo thusa likarolong tse fapa-fapaneng tsa tšebeletso. Haeba u thatafalloa ke karolo e itseng ea tšebeletso, e kang ho etsa maeto a ho boela, tsebisa molebeli oa hao oa thuto ea buka. Mohlomong a ka lokisetsa hore u sebetse le mohoeletsi ea nang le phihlelo. Bokhoni ba hao ba ho ruta lithutong tsa Bibele bo tla ntlafala ha u ntse u ela hloko litsela tse molemo tsa ho ruta tseo molebeli oa thuto ea buka a li sebelisang ha a khanna thuto ea buka.—1 Bakor. 4:17.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho rua molemo ka ho feletseng tokisetsong ea thuto ea buka?
6 Tokisetso ee ea Thuto ea Buka ea Phutheho ke e lerato hakaakang! Tokisetso ena e lerato ea Jehova e re thusa hore re lule re tsitsitse moeeng linakong tsena tse thata tseo re phelang ho tsona.—Pes. 26:12.