Kamoo Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba Bontšang Thahasello ho ba Bang
1 Thuto ea Buka ea Phutheho e lokiselitsoe hore ho be “bonolo hore khōlo ea moea ea motho ka mong e eloe hloko haholoanyane. . . . Thuto ena ke pontšo ea mosa o lerato oa Jehova le tlhokomelo ea hae e mofuthu ho batho ba hae.” (om-SU leq. 75; Esa. 40:11) Molebeli oa thuto ea buka o phetha karolo e ka sehloohong ha a fana ka tlhokomelo e joalo.
2 Thutong ea Buka: Kaha lihlopha tsa thuto ea buka li bolokoa li le nyenyane ka morero, molebeli oa thuto ea buka o khona ho tseba litho tsa sehlopha sa hae hantle. (Liprov. 27:23) Hangata ho ba le menyetla ea ho thabela botsoalle pele kapa ka mor’a thuto ea beke ka ’ngoe. Ka khoeli a ka khona ho bua le hoo e ka bang motho e mong le e mong sehlopheng. Sena se thusa litho tsa sehlopha sa thuto ea buka ho lokoloha ho mo atamela ha li talimane le liteko kapa li hloka khothatso.—Esa. 32:2.
3 Molebeli oa thuto ea buka o leka ho khothalletsa bohle sehlopheng hore ba nke karolo thutong. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka ho khanna thuto ka tsela e mosa le e bonolo. (1 Bathes. 2:7, 8) O batla menyetla ea ho kenyelletsa bohle puisanong, ho akarelletsa le bana. Haeba ba bang ba tšaba ho araba, a ka ’na a ba thusa moo ba leng bang ka ho lokisetsa esale pele hore ba bale lengolo kapa ba arabe serapeng se itseng. Kapa a ka ’na a ba bontša kamoo ba ka arabang ka mantsoe a bona.
4 Haeba mothusi oa molebeli oa thuto ea buka e le mohlanka ea sebeletsang, molebeli o lokisetsa hore a khanne thuto hang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli. Sena se fa molebeli monyetla oa ho beha mothusi leihlo le ho fana ka litlhahiso tse sebetsang. Ke tokisetso e ntle hakaakang ea ho thusa barab’abo rōna ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho ruta!—Tite 1:9.
5 Tšebeletsong ea Tšimo: O mong oa mesebetsi e ka sehloohong ea molebeli oa thuto ea buka ke ho etella pele boboleling ba evangeli. (Num. 27:16, 17) O etsa litokisetso tse sebetsang tsa ho paka ka sehlopha ’me o leka ka matla ho thusa bohle sehlopheng ho thabela tšebeletso ea bona. (Baef. 4:11, 12) E le hore a finyelle sena, o ipehela pakane ea ho sebetsa le setho ka seng sa sehlopha tšebeletsong. O boetse o sebetsa le molebeli oa tšebeletso ho lokisetsa hore ba lakatsang ho ntlafatsa tšobotsi e itseng ea tšebeletso ea bona ba fumane thuso ho mohoeletsi ea nang le phihlelo e eketsehileng.
6 E le Molisa ea Lerato: Molebeli oa thuto ea buka o thahasella bao ka lebaka la maemo ba khonang ho kopanela hanyenyane feela mosebetsing oa boboleli. O etsa bonnete ba hore ba fokolloang ke bophelo ka lebaka la botsofali kapa bao ho seng letho leo ba ka le etsang ka lebaka la ho kula le ba fokolloang ke bophelo ka nakoana ka lebaka la ho kula ho matla kapa ho lemala ba tseba tokisetso ena e ba lumellang ho tlaleha tšebeletso ea tšimo ka likarolo tsa metsotso e 15 haeba ba sa khone ho tlaleha hora e feletseng ka khoeli. (Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ke eona e rerang hore na ke mang ea tšoanelehelang tokisetso ena.) O boetse o thahasella litho tsa sehlopha tse sa kopaneleng tšebeletsong, o leka ka matla ho li thusa ho tsosolosa tšebeletso ea tsona phuthehong.—Luka 15:4-7.
7 Re ananela hakaakang thahasello e lerato e bontšoang ke balebeli ba thuto ea buka! Tlhokomelo eo ba fanang ka eona e thusa ‘bohle ho fihlela bonngoeng tumelong . . . , ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.’—Baef. 4:13.