Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Oct. 15
“U ka hlalosetsa bana kapa ba bang joang hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse mpe tse ngata hakaale kajeno? [Emela karabelo.] Bibele e araba potso e reng, ‘Ke Mang ea Bakang Bokhopo?’ [Bala 1 Johanne 5:19.] Molula-Qhooa ona o tla u thusa ho utloisisa hore na eo ea khopo ke mang le kamoo re ka mo hanyetsang kateng.”
Molula-Qhooa Nov. 1
“Bongata ba rōna re leka ho phelisana ka khotso le ba bang. Empa mohlomong o tla lumellana le ’na hore hangata ha ho bonolo. [Emela karabelo.] Bibele e hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. [Bala Jakobo 3:2.] Sehlooho sena se bontša kamoo ho kōpa tšoarelo e ka bang senotlolo sa ho lokisa bothata le ho boloka khotso.”
Tsoha! Nov. 8
“Boprofeta ba Bibele bo bontša hore nako ea tla eo ka eona ho seng ea tla re, ‘Kea kula.’ [Bala Esaia 33:24.] Na e ke ke ea e-ba ho hlollang? [Emela karabelo.] Leha ho le joalo, kajeno moloko oa batho o hlasetsoe ke maloetse a mangata, ho akarelletsa le seoa sa AIDS. Tsoha! ena e araba potso e reng, Na lebuba la AIDS le tla ke le khaotse?”
Nehelano e ’ngoe: “Na u nahana hore lithapelo tsa baeta-pele ba lefatše kapa tsa motho leha e le ofe li ka tlisa khotso lefatšeng lohle? [Emela karabelo.] Bibele e tšepisa hore ho tla ba le nako ea khotso lefatšeng lohle. [Bala Esaia 9:6, 7.] Na u hlokometse hore ’musi ea khethehileng o tla tlisa khotso lefatšeng lohle? Tsoha! ena e bontša hore na ’musi eo ke mang le hore na o tla tlisa khotso ea sebele joang.”