Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/05 leq. 12
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 10/05 leq. 12

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Oct. 15

“Batho ba bangata ba nka thuto e le ea bohlokoa e le hore motho a atlehe bophelong. Na u nahana hore ho na le thuto e ka thusang motho hore a ntlafatse bophelo ba hae le ho rarolla mathata a bophelo? [Emela karabo. Ebe u bala Baroma 12:2.] Makasine ena e bua ka melemo eo re ka e unang ka ho fumana thuto eo e molemo ho feta tsohle tse teng.”

Molula-Qhooa Nov. 1

“Batho ba bangata ba khathatsoa ke hore lefatše le tletse batho ba leeme. Na u nahana hore ho na le motho ea ka fetolang lefatše? [Emela karabo.] Makasine ena e bua ka lintho tse sitisang hore phetoho e be teng. E boetse e bontša hore na ke mang ea tla felisa lintho tseo le kamoo a tla etsa hore lefatšeng ho be le khotso le tšireletseho ea sebele kateng.” Bala Pesaleme ea 72:12-14.

Tsoha! Nov. 8

“Lefatšeng lohle ho na le phapang e khōlō pakeng tsa barui le mafutsana. Na u nahana hore ho na le se ka etsoang e le hore barui le mafutsana ba tšoane? [Emela karabo. Ebe u bala Matheu 6:9, 10.] Makasine ena e tšohla mabaka a re kholisang hore ’Muso oa Molimo o tla felisa ho hloka tekano ho khathatsang batho kajeno.”

Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba thabela ho bala koranta hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Na u nahana hore re ka tšepa litaba tseo re li balang likoranteng? [Emela karabo.] Makasine ena ea Tsoha! e fana ka litlhahiso tsa hore na re ka rua molemo joang ka ho bala likoranta. E boetse e re bontša hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba seli ha re li bala.” Bala Liproverbia 14:15.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela