Ntlafatsa Tsela eo U Behang Mabaka ka Eona
1. Re tla hlahloba tlaleho efe ea Bibele, hona hobane’ng?
1 Puong eo a ileng a e beha synagogeng ea Antioke e Pisidia e tlalehiloeng ho Liketso 13:16-41, moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle oa ho beha mabaka. Pauluse o ile a nahanela semelo le tsela eo bamameli ba hae ba neng ba nahana ka eona eaba o feto-fetola nehelano ea hae ea litaba tse molemo a itšetlehile ka maemo. Ha re ntse re hlahloba tlaleho ena, a re boneng hore na re ka mo etsisa joang tšebeletsong ea rōna.
2. Re ithuta’ng tseleng eo Pauluse a ileng a qalisa puo ea hae ka eona?
2 Batla Seo le Lumellanang ka Sona: Le hoja ntlha-khōlō ea molaetsa oa Pauluse e ne e le mosebetsi oa bohlokoa oo Jesu a neng a o etsa ho phethahatseng morero oa Molimo, Pauluse ha aa ka a bua ka taba eo qalong ea puo ea hae. Empa o ile a bua ka ntho e ’ngoe eo eena le bamameli ba hae, bao boholo ba bona e neng e le Bajuda, ba neng ba lumellana ka eona—e leng pale ea sechaba sa Bajuda. (Lik. 13:16-22) Ka tsela e tšoanang, re tla atleha haholo ho finyella lipelo tsa batho ba bang haeba re batla seo re lumellanang le bona ka sona. Sena se ka ’na sa hloka hore re ba fate maikutlo ka ho ba botsa lipotso ka masene ’me re ba mamelisise e le hore re lemohe seo ruri ba se nkang e le sa bohlokoa.
3. Ke eng e ileng ea thatafalletsa bamameli ba Pauluse ho lumela hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng?
3 Ha Pauluse a ne a bua ka pale ea Bajuda, o ile a hopotsa bamameli ba hae tšepiso ea Molimo ea ho ba hlahisetsa Mopholosi lelokong la Davida. Leha ho le joalo, Bajuda ba bangata ba ne ba lebeletse hore ho tla hlaha mohale e mong oa ntoa ea neng a tla ba lokolla pusong ea Baroma ebe o etsa hore sechaba sa Bajuda se okamele lichaba tse ling kaofela. Ntle ho pelaelo ba ne ba hlokometse hore baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba Jerusalema ba ne ba lahlile Jesu, ba nehelane ka eena ho baeta-pele ba puso ea Baroma le ho mo bolaea. Pauluse o ne a ka ba kholisa joang hore Eo e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng?
4. Pauluse o ile a bontša tsebo ea ho beha mabaka joang ha a ne a bua le bamameli ba Bajuda?
4 Feto-fetola Nehelano ea Hao: Kaha Pauluse o ne a tseba tsela eo bamameli ba hae ba neng ba nahana ka eona, o ile a sebelisa Mangolo ha a ba behela mabaka motheong oa lintho tseo ba neng ba se ba ntse ba li lumela. Ka mohlala, o ile a ba bolella hore Jesu e ne e le ngoana oa Davida le hore o ile a tsebahatsoa ke Johanne Mokolobetsi, eo batho ba bangata ba neng ba mo talima e le moprofeta oa Molimo. (Lik. 13:23-25) Pauluse o ile a bontša hore baeta-pele ba bolumeli “ba ile ba phethahatsa lintho tse builoeng ke Baprofeta” ka ho lahla Jesu le ka ho mo ahlolela lefu. (Lik. 13:26-28) Ho feta moo, o ile a hlalosa hore ho ne ho e-na le lipaki tse boneng ka mahlo hore Jesu o tsositsoe bafung, eaba o ba bontša litemana tsa Mangolo tseo ba li tsebang tse phethahalitsoeng ha Jesu a tsosoa.—Lik. 13:29-37.
5. (a) Pauluse o ile a feto-fetola nehelano ea hae joang ha a ne a bua le Bagerike? (b) Re ka etsisa Pauluse joang ha re paka tšimong ea phutheho?
5 Ka lehlakoreng le leng, ha Pauluse a ne a bua le bamameli ba Bagerike Areopago, e Athene, o ile a fetola maoa. (Lik. 17:22-31) Empa molaetsa oa hae o ne o ntse o batla o tšoana, ’me maemong ao ka bobeli boiteko ba hae bo ile ba hlahisa liphello tse molemo. (Lik. 13:42, 43; 17:34) Ka ho tšoanang, le rōna kajeno re tla atleha haholoanyane tšebeletsong haeba re batla seo re lumellanang le bamameli ba rōna ka sona le ha re feto-fetola nehelano ea rōna ho latela limelo tsa bona le tsela eo ba nahanang ka eona.