Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 12/1 maq. 27-31
  • Ho ba Basebeletsi ba Khemang le Linako le ba Tenyetsehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Basebeletsi ba Khemang le Linako le ba Tenyetsehang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monna ea Sokolohileng o Ile a Atleha Kabelong e Boima
  • Kamoo Pauluse a Neng a Tenyetseha Kateng
  • Ho Ithuta Mohlaleng oa Pauluse
  • Ho Thusa Basebeletsi ba Bacha
  • Tšebeletso e Beang e Isang Keketsehong ea Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Etsa Lintho Tsohle ka Lebaka la Litaba Tse Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Hatela Pele Moeeng ka ho Latela Mohlala oa Pauluse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ntlafatsa Tsela eo U Behang Mabaka ka Eona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 12/1 maq. 27-31

Ho ba Basebeletsi ba Khemang le Linako le ba Tenyetsehang

“Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang.”—1 BAKORINTHE 9:22.

1, 2. (a) Ke ka litsela life moapostola Pauluse e neng e le mosebeletsi ea atlehang? (b) Pauluse o ile a hlalosa joang kamoo a ikutloang kateng ka kabelo ea hae?

O NE a phutholoha ha a le har’a lirutehi le ha a le har’a batho ba boemo bo tlaase ba neng ba etsa litente. O ne a susumelletsa bahlomphehi ba Roma ho lumela esita le batho ba sa rutehang ba Frigia. Mangolo a hae a ne a susumetsa Bagerike ba amohelang likhopolo tse ncha le Bajuda ba khomaretseng likhopolo tsa khale. Ho ne ho se motho ea ka hanyetsang tsela eo a tšetlehang mabaka ka eona kaha o ne a ipiletsa ka matla maikutlong a batho. O ne a leka ho fumana ntho eo a lumellanang ka eona le bohle e le hore ba bang ba ka ba le tumelo ho Kreste.—Liketso 20:21.

2 Monna eo e ne e le moapostola Pauluse, eo ntle ho pelaelo e neng e le mosebeletsi ea atlehang le ea khemang le linako. (1 Timothea 1:12) Jesu o ile a mo roma hore a “jare lebitso la [Kreste] ho ea lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.” (Liketso 9:15) O ne a ikutloa joang ka kabelo ee? O ile a re: “Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang. Empa ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.” (1 Bakorinthe 9:19-23) Re ka ithuta eng mohlaleng oa moapostola Pauluse e ka re thusang ho atleha haholoanyane ha re bolela ebile re ruta litaba tse molemo?

Monna ea Sokolohileng o Ile a Atleha Kabelong e Boima

3. Pauluse o ne a ikutloa joang ka Bakreste pele a sokoloha?

3 Na kamehla esale Pauluse e le motho ea nang le tiisetso le ea mosa, ea loketseng ho fumana kabelo eo a ileng a e fuoa? Che, ha ho joalo! Ka lebaka la ho chesehela bolumeli ka ho feteletseng, Saule (kamoo Pauluse a neng a tsejoa kateng pele) e ne e le mohlorisi ea mabifi oa balateli ba Kreste. Haesale mohlankana, o ile a lumela hore Setefane a bolaoe. Ka mor’a moo, Pauluse o ile a tsoma Bakreste ba bang ka sehlōhō. (Liketso 7:58; 8:1, 3; 1 Timothea 1:13) O ile a tsoela pele ho tlala “tšokelo le polao khahlanong le barutuoa ba Morena.” A sa khotsofalla ho tsoma balumeli ba Jerusalema feela, o ile a qala ho atolosetsa letšolo la hae la lehloeo ho ea fihla Damaseka ka leboea.—Liketso 9:1, 2.

4. Pauluse o ile a lokela ho etsa phetoho efe e le hore a phethahatse kabelo ea hae?

4 E ka ’na eaba lebaka le ka sehloohong la hore Pauluse a hloee Bokreste ka ho tebileng e ne e le hobane a kholisehile hore Bokreste bo tla silafatsa Bolumeli ba Sejuda ka ho bo tsoakanya le likhopolo tse sa rateheng tsa Balichaba. Ha e le hantle, Pauluse e ne e kile ea e-ba “Mofarisi,” e leng lentsoe le bolelang “ea beheletsoeng ka thōko.” (Liketso 23:6) Ak’u nahane hore na e tlameha ebe Pauluse o ile a makala hakaakang ha a hlokomela hore Molimo o ne a mo khethetse ho pakela Kreste, le hona e le ho Balichaba! (Liketso 22:14, 15; 26:16-18) Bafarisi ba ne ba bile ba hana ho ja le batho bao ba neng ba nka hore ke baetsalibe. (Luka 7:36-39) Ha ho pelaelo hore ho ile ha hlokahala boiteko bo boholo hore a fetole pono ea hae le ho etsa hore e lumellane le thato ea Molimo ea hore batho ba mefuta eohle ba lokela ho bolokeha.—Bagalata 1:13-17.

5. Re ka etsisa Pauluse joang tšebeletsong ea rōna?

5 Le rōna re ka ’na ra tlameha ho etsa se tšoanang. Ha re ntse re kopana le batho ba bangata ba sa tšoaneng tšimong ea rōna e nang le batho ba lichaba tse ngata ba buang lipuo tse sa tšoaneng, re lokela ho hlahloba boikutlo ba rōna ka hloko ’me re lahle maikutlo leha e le afe a khethollo. (Baefese 4:22-24) Ebang rea hlokomela kapa che, re susumetsoa ke tikoloho eo re hōletseng ho eona le tsela eo re rutiloeng ka eona. Sena se ka etsa hore re be le maikutlo le mekhoa e bontšang ho khetholla ba bang le ho se feto-fetohe le maemo. E le hore re atlehe ho fumana batho ba kang linku le ho ba thusa, re tlameha ho qoba ho ba le maikutlo a joalo. (Baroma 15:7) Ke sona seo Pauluse a ileng a se etsa. O ile a amohela phephetso ea ho atolosa tšebeletso ea hae. A susumetsoa ke lerato, o ile a hlaolela ho ba le tsebo ea ho ruta eo re lokelang ho e etsisa. Ha e le hantle, ho ithuta ka tšebeletso ea “moapostola [enoa oa] lichaba” ho bontša hore o ne a ela lintho hloko, a feto-fetoha le maemo a bile a khona ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng ha a bolela le ho ruta litaba tse molemo.a—Baroma 11:13.

Kamoo Pauluse a Neng a Tenyetseha Kateng

6. Pauluse o ne a ela hloko semelo sa batho bao a buang le bona joang, hona e le ka phello efe?

6 Pauluse o ne a ela hloko litumelo le semelo sa batho bao a neng a bua le bona. Ha a bua le Morena Agripa II, Pauluse o ile a lumela hore morena eo e ne e le “setsebi litloaelong tsohle hammoho le litsekong har’a Bajuda.” Eaba ka bohlale Pauluse o sebelisa tsebo eo a nang le eona ka litumelo tsa Agripa ’me a buisana le eena ka litaba tseo morena a neng a li utloisisa hantle. Mabaka a Pauluse a ne a hlakile a bile a kholisa hoo Agripa a ileng a re: “Ka nako e khutšoanyane u ne u tla ntšusumelletsa hore ke be Mokreste.”—Liketso 26:2, 3, 27, 28.

7. Pauluse o ile a bontša ho feto-fetoha le maemo joang ha a ne a pakela letšoele Lystra?

7 Pauluse o ne a boetse a feto-fetoha le maemo. Hlokomela kamoo a ileng a sebelisa mokhoa o fapaneng kateng ha a ne a leka ho thibela letšoele motseng oa Lystra hore le se ke la rapela eena le Barnabase joaloka melimo. Ho ’nile ha boleloa hore batho bana ba neng ba bua Selykaonia, ba ne ba talingoa e le baahi ba sa rutehang le ba ratang litumela-khoela haholo. Ho ea ka Liketso 14:14-18, Pauluse o ile a bua ka pōpo le matletsetletse a eona a lintho tsa tlhaho e le bopaki ba hore Molimo oa ’nete o phahame. Ho ile ha e-ba bonolo hore ba utloisise mabaka ao, ’me kamoo ho bonahalang kateng a ile a ‘thiba bongata boo ka thata hore bo se ke ba etsetsa Pauluse le Barnabase sehlabelo.’

8. Pauluse o ile a bontša ka litsela life hore o feto-fetoha le maemo ho sa tsotellehe hore ebe ka linako tse ling o ne a e-ba le maikutlo a matla?

8 Ho hlakile hore Pauluse o ne a sa phethahala ’me ka linako tse ling o ne a e-ba le maikutlo a matla litabeng tse itseng. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha ba ne ba mo hlasela ka mokhoa o tlotlollang le o leeme, o ile a tjolietsa Mojuda ea bitsoang Ananiase. Empa ha Pauluse a bolelloa hore o ne a hlapaotse moprista ea phahameng a sa tsebe, kapele-pele o ile a kōpa tšoarelo. (Liketso 23:1-5) Ha a le Athene, qalong o ile a “halefa ha a bona hore motse oo o ne o tletse litšoantšo tse rapeloang.” Leha ho le joalo, ha Pauluse a ne a fana ka puo Leralleng la Mars, ha aa ka a bontša khalefo e joalo. Ho e-na le hoo, o ile a buisana le Baathene a le ’marakeng oa bona, a ba behela mabaka ka lintho tseo a lumellanang le bona ka tsona ka hore a bue ka aletare ea bona e ngotsoeng “Ho Molimo ea sa Tsejoeng” le ka hore a qotse e mong oa liroki tsa bona.—Liketso 17:16-28.

9. Pauluse o ile a bontša joang hore o khona ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng ha a buisana le batho ba sa tšoaneng?

9 Pauluse o ne a khona ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng ha a buisana le batho ba sa tšoaneng. O ne a nahanela mokhoa oa bophelo le tikoloho tse neng li susumetsa tsela eo batho bao a buisanang le bona ba nahanang ka eona. Ha a ne a ngolla Bakreste ba Roma, o ne a tseba hantle hore ba lula motse-moholo oa ’muso o matla ka ho fetisisa oa mehleng eo. Moko-taba oa lengolo la Pauluse le eang ho Bakreste ba Roma e ne e le hore matla a lopollang a Kreste a hlōla matla a senyang a sebe sa Adama. O ile a bua le Bakreste ba Roma le ba neng ba le haufi le bona a sebelisa puo e neng e tla ipiletsa lipelong tsa bona.—Baroma 1:4; 5:14, 15.

10, 11. Pauluse o ile a etsa hore lipapiso tsa hae li tšoanele batho bao a buisanang le bona joang? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

10 Pauluse o ile a etsa joang ha a ne a batla ho hlalosetsa batho bao a buisanang le bona linnete tse tebileng tsa Bibele? Moapostola eo o ne a ipabola tabeng ea ho sebelisa lipapiso tse tloaelehileng, tse utloisisoang habonolo hore a hlakise likhopolo tse tebileng tsa Mangolo. Ka mohlala, Pauluse o ne a tseba hore batho ba Roma ba ne ba tloaetse mokhoa oa bokhoba o neng o atile ’Musong oohle oa Roma. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe boholo ba batho bao a neng a ba ngolla e ne e le makhoba. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a etsa papiso ka bokhoba ha a tšehetsa tsela e matla eo a neng a beha mabaka ka eona mabapi le ntho eo motho a khethang ho ikokobeletsa eona, ebang o khetha ho ikokobeletsa sebe kapa ho loka.—Baroma 6:16-20.

11 Buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso e re: “Har’a Baroma, mong’a lekhoba o ne a ka le lokolla ka ho feletseng, kapa lekhoba le ne le ka ithekela tokoloho ka ho lefa mong’a lona. Hape tokoloho e ne e e-ba teng haeba lekhoba le ne le neheloa ho molimo o itseng.” Lekhoba le lokolohileng le ne le ka tsoela pele le sebeletsa mong’a lona empa a le lefa. Mohlomong Pauluse o ne a bua ka tloaelo ena ha a ne a ngola ka hore na motho o khetha ho ikokobeletsa monghali ofe—ebang ke sebe kapa ke ho loka. Bakreste ba Roma ba ne ba lokolotsoe sebeng ’me joale ba ruiloe ke Molimo. Ba ne ba lokolohile hore ba sebeletse Molimo, empa ba ne ba ntse ba ka khetha ho sebeletsa sebe—e leng monghali oa bona oa pele—haeba ba rata. Papiso eo e bonolo empa e le e tloaelehileng e ne e tla susumetsa Bakreste bao ba Roma hore ba ipotse, ‘Ebe ’na ke sebeletsa monghali ofe?’b

Ho Ithuta Mohlaleng oa Pauluse

12, 13. (a) Kajeno ho hlokahala boiteko bofe hore re finyelle lipelo tsa bamameli ba rōna ba sa tšoaneng? (b) Ke mokhoa ofe oo u boneng o atleha ha u pakela batho ba limelo tse sa tšoaneng?

12 Joaloka Pauluse, re lokela ho ela lintho hloko, re feto-fetohe le maemo ’me re khone ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng e le hore re finyelle lipelo tsa batho ba sa tšoaneng bao re buisanang le bona. E le ho thusa batho ba re mamelang hore ba utloisise litaba tse molemo, ha rea lokela ho ba etela feela ka tloaelo, re ba tlisetsa molaetsa o lokiselitsoeng, kapa re ba siela lingoliloeng tsa Bibele. Re leka ka matla ho lemoha litlhoko tsa bona le lintho tseo ba amehileng ka tsona, lintho tseo ba li ratang le tseo ba sa li rateng le lintho tseo ba li tšabang le tsela eo ba khetholloang ka eona. Le hoja sena se hloka hore motho a nahane haholo ’me a etse boiteko bo matla, bahoeletsi ba ’Muso lefatšeng lohle ba etsa seo ka cheseho. Ka mohlala, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Hungary ea tlaleha: “Barab’abo rōna ba hlompha litloaelo le mekhoa eo batho ba lichaba tse ling ba phelang ka eona ’me ha ba lebelle hore ba fetole litloaelo tsa bona hore li lumellane le tsa sebakeng seo.” Lipaki li leka ho etsa se tšoanang le libakeng tse ling.

13 Naheng e ’ngoe ea Bochabela bo Hōle, batho ba bangata ba amehile ka bophelo bo botle, khōliso ea bana le thuto. Bahoeletsi ba ’Muso ba moo ba leka ho bua ka litaba tsena ho e-na le ho tšohla litaba tse kang maemo a ntseng a senyeha a lefatše kapa mathata a tebileng sechabeng. Ka ho tšoanang, motseng o mong o moholo oa United States, bahoeletsi ba ile ba lemoha hore batho ba lulang sebakeng se itseng tšimong ea bona ba amehile ka lintho tse kang bobolu, tšubuhlellano ea sephethephethe le bonokoane. Lipaki li sebelisa litaba tsena ka katleho ha li buisana le batho ka Bibele. Ho sa tsotellehe hore na e khetha ho bua ka sehlooho sefe, mesuoe ea Bibele e atlehang e etsa bonnete ba hore e lula e tšepile hore e tla atleha ebile e fana ka khothatso, e hatisa kamoo ho leng molemo kateng ho sebelisa melao-motheo ea Bibele hona joale ebile e hatisa lintho tse babatsehang tseo Molimo a tla fana ka tsona nakong e tlang.—Esaia 48:17, 18; 52:7.

14. Hlalosa litsela tseo re ka tenyetsehang ka tsona ho ea ka litlhoko tse sa tšoaneng tsa batho le maemo a bona.

14 Ho boetse ho molemo ho feto-fetola mokhoa oo re buang le batho ka oona tšebeletsong, kaha limelo tsa batho li fapana haholo ho ea ka meetlo ea bona, thuto ea bona le bolumeli ba bona. Tsela eo ka eona re buisanang le batho ba lumelang ho ’Mōpi empa ba sa lumele Bibeleng e tla fapana le tsela eo re buisanang le batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng. Ho motho ea nahanang hore lingoliloeng tsohle tsa bolumeli li reretsoe ho foqa batho maikutlo a itseng, re tla sebelisa nehelano e sa tšoaneng le eo re e sebelisang ha re bua le motho ea lumelang seo Bibele e se rutang. Hape ho hlokahala hore re feto-fetohe le maemo ha re buisana le batho bao maemo a bona a thuto a fapaneng haholo. Mesuoe e ipabolang e tla beha mabaka le ho sebelisa lipapiso tse loketseng maemo ao e thulanang le ’ona.—1 Johanne 5:20.

Ho Thusa Basebeletsi ba Bacha

15, 16. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re koetlise basebeletsi ba bacha?

15 Pauluse o ne a sa ameha ka ho ntlafatsa mekhoa ea hae a le mong feela ea ho ruta. O ile a bona ho hlokahala hore a koetlise le ho hlomella ba bang ba moloko o mocha, ba kang Timothea le Tite, hore e be basebeletsi ba atlehang. (2 Timothea 2:2; 3:10, 14; Tite 1:4) Ka ho tšoanang, kajeno ho potlakile hore ho koetlisoe batho ba bang ’me le bona ba koetlise ba bang.

16 Ka 1914, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 5 000 lefatšeng ka bophara; empa kajeno, beke le beke ho kolobetsoa bahoeletsi ba bacha ba ka bang 5 000! (Esaia 54:2, 3; Liketso 11:21) Ha batho ba bacha ba qala ho kopanela le phutheho ea Bokreste ’me ba lakatsa ho kopanela tšebeletsong, ba lokela ho koetlisoa le ho tataisoa. (Bagalata 6:6) Ke habohlokoa hore re sebelise mekhoa ea Monghali oa rōna, Jesu, ha re ruta barutuoa le ho ba koetlisa.c

17, 18. Re ka thusa ba bacha joang hore ba be sebete ha ba le tšebeletsong?

17 Ha ea ka ea re li sa tloha feela, Jesu a laela baapostola ba hae hore ba qalelle ho bua le letšoele. O ile a qala ka ho totobatsa kamoo mosebetsi oa boboleli o leng bohlokoa kateng ’me a khothalletsa balateli ba hae hore ba phehelle ho rapela ha ba etsa tšebeletso ea bona. Eaba o etsa litokisetso tse tharo tsa mantlha: a ba abela bao ba ka sebetsang le bona, a ba fa kabelo ea tšimo le molaetsa oo ba lokelang ho o bolela. (Matheu 9:35-38; 10:5-7; Mareka 6:7; Luka 9:2, 6) Re ka etsa se tšoanang. Ebang re thusa ngoana oa rōna, seithuti se secha kapa motho eo e seng e le khale a sa kopanele mosebetsing oa boboleli, re tšoanetse ho leka ho mo koetlisa ka tsela ena.

18 Ho hlokahala nako e ngata ho thusa bahoeletsi ba bacha hore ba be sebete ha ba bolela molaetsa oa ’Muso. Na u ka ba thusa hore ba lokisetse nehelano e bonolo, e ipiletsang le ho itlhakisetsa eona? Ha le le tšimong, e-re ba ithute mohlaleng oa hao ha u buisana le batho matlong a seng makae a qalang. U ka latela mohlala oa Gideone, ea ileng a re ho bahlabani-’moho le eena: “Le lokela ho ithuta ka ho ntalima, ’me ke kamoo le lokelang ho etsa kateng.” (Baahloli 7:17) Ebe u fa mohoeletsi e mocha monyetla oa hore le eena a bue. Babatsa batho ba bacha ka mofuthu ka boiteko boo ba bo etsang, ’me ha ho hlokahala, u ba fe litlhahiso tse khutšoanyane tsa hore ba ntlafatse.

19. U ikemiselitse ho etsa’ng ha u ntse u leka ka matla ho ‘phetha bosebeletsi ba hao ka botlalo’?

19 Hore re ‘phethe bosebeletsi ba rōna ka botlalo,’ re ikemiselitse ho ba ba feto-fetohang haholoanyane mokhoeng oo re buang ka oona, ’me re batla ho koetlisa basebeletsi ba bacha hore ba etse se tšoanang. Ha re nahana kamoo pakane ea rōna e leng ea bohlokoa kateng—e leng ho fana ka tsebo ea Molimo e isang polokong—re kholisehile hore ke habohlokoa ho etsa sohle se hlokahalang hore re be “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele [re ka] pholosa ba bang.”—2 Timothea 4:5; 1 Bakorinthe 9:22.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho bona mehlala ea litšobotsi tse joalo tšebeletsong ea Pauluse, hlahloba Liketso 13:9, 16-42; 17:2-4; 18:1-4; 19:11-20; 20:34; Baroma 10:11-15; 2 Bakorinthe 6:11-13.

b Ka ho tšoanang, ha Pauluse a hlalosa kamano e ncha e teng pakeng tsa Molimo le “bara” ba hae ba tlotsitsoeng ka moea, o ile a sebelisa mantsoe a senolang khopolo ea molao eo babali ba hae ba neng ba e tloaetse ’Musong oa Roma. (Baroma 8:14-17) Buka e bitsoang St. Paul at Rome e re: “Ha e le hantle, ho nkela ngoana ka lapeng e ne e le moetlo oa Baroma, ’me o ne o amana haufi-ufi le likhopolo tseo Baroma ba neng ba e-na le tsona ka lelapa.”

c Hona joale, ho na le lenaneo la Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang liphuthehong tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova. Lenaneong leo, ho sebelisoa basebeletsi ba nako e tletseng ba nang le phihlelo le ba koetlisitsoeng hore ba thuse bahoeletsi ba batlang ba se na phihlelo.

Na U sa Hopola?

• Re ka etsisa Pauluse ka litsela life tšebeletsong ea rōna?

• Ke liphetoho life tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore re li etse mokhoeng oo re nahanang ka oona?

• Re ka etsa joang hore molaetsa oa rōna e be o hahang?

• Ho hlokahala hore basebeletsi ba bacha ba etse’ng hore ba be sebete?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Moapostola Pauluse o ne a ela lintho hloko, a feto-fetoha le maemo a bile a khona ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng ha a bolela le ha a ruta litaba tse molemo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]

Jesu o ile a etsetsa barutuoa ba hae litokisetso tse tharo tsa mantlha: a ba abela bao ba ka sebetsang le bona, a ba fa kabelo ea tšimo le molaetsa oo ba lokelang ho o bolela

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Pauluse o ile a atleha ho finyella batho ba sa tšoaneng bao a neng a bua le bona ka hore a tenyetsehe

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Basebeletsi ba atlehang ba nahana ka semelo sa batho bao ba buisanang le bona

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Basebeletsi ba khemang le linako ba thusa ba bacha hore ba itokisetse tšebeletso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela