Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 4/15 maq. 25-29
  • Tšebeletso e Beang e Isang Keketsehong ea Barutuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeletso e Beang e Isang Keketsehong ea Barutuoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motheo ke Ofe? Le Molaetsa?
  • Na U-ua Hlasela kapa U-ua Hohela?
  • Mokhoa oa ho Fihla Pelong
  • Barutuoa ba Mang?
  • Kamoo re ka Bang Basebeletsi ba Beang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha Ho ba Basebeletsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho ba Basebeletsi ba Khemang le Linako le ba Tenyetsehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Basebeletsi ba Molimo ke Bo-mang Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 4/15 maq. 25-29

Tšebeletso e Beang e Isang Keketsehong ea Barutuoa

“Bana ke limpho tsa hae: ba bang ho ba . . . baboleli ba evangeli, ba bang balisa le baruti, ho hlomella batho ba Molimo tšebeletsong ea oona”—BA-EFESE 4:11, 12. The New English Bible.

1. Kreste o ne a ikutloa joang ka batho?

KRESTE JESU O ne a sa Iule boinotšing. Tšebeletso ea hae e ne e likoloha bathong ka ho feletseng. Litlalehong tse ’ne tsa Molaetsa oa Jesu o batla a amehile le batho bohle. Maetong a hae o bone boemo ba bona ba ’nete ’me a ba utloela bohloko haholo. Haeba u mosebeletsi oa Mokreste, na u utloela batho bao u kopanang le bona bohloko?—Mattheu 9:35, 36.

2. Lipaki tsa Jehova li etsisa mohlala oa Jesu joang?

2 Tšebeletso ea Bokreste e ntse e tlameha ho akarelletsa batho le kajeno. Lipaki tsa Jehova li falimehetse ntlha eo, li atamela tšebeletso ea tsona ho Molimo ka mokhoa o tenyetsehang. Hohle lefatšeng li ka bonoa li buisanoa le batho—literateng, matlung, libakeng tse phetheselang tsa thekiso, libeseng, litseleng tse ka tlase le liteisheneng tsa literene, lifemeng, liofising le libakeng tsa mesebetsi ea khoebo. Kae le kae moo batho ba leng teng Lipaki li hona teng li sebeletsa e le baboleli ba evangeli. Hobane’ng? Hobane lentsoe “evangeli” le tsoa lentsoeng la Segerike euaggelion, le bolelang “litaba tse molemo.” Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Mokreste ea Jehova, joaloka Kreste, e tlameha ho ba mosebeletsi oa litaba tse molemo, ’moleli oa evangeli. Ka baka leo paki e ’ngoe le e ’ngoe e tlameha ho amana le batho.—2 Timothea 4:5; Ba-Efese 4:11, 12.

3. Mokhoa o beang haholo oa tšebeletso ea Bokreste ke ofe?

3 Mosebetsi ona oa ho bolela evangeli o lokela ho etsoa joang ka mokhoa o beang? Na ho o hlaha ka sea-le-moeeng le ka TV ho sebelisoang ke malumeli a mangata ke eona karabo ea sebele? Ak’u ipotse, Na sea-le-moea le TV li ka arabela lipotso tsa hao tse tlang ka tšohanyetso? Che—eo ke mekhoa e sa pheleng ea puisano. Tšebeletso e beang haholo e ntse e le e neng e sebelisoa ke Jesu le barutuoa ba hae, ho shebana ka lifahleho le ba batlang ’nete. Empa ho hloka nako le boiteko, tseo Pauluse a li bontšitseng ka papiso e bonolo: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng. Ha ho le joalo, ea nang le taba hase ea hlomang, leha e le ea nosetsang, empa e le Molimo o melisang.”—1 Ba-Korinthe 3:5-7.

4. Ke mehato efe e meraro e amehang tšebeletsong e beang?

4 Mantsoe ana a ama mehato e meraro tšebeletsong ea Bokreste—ho lema, ho hlaola le ho kotula. Joang? Ho qaloa ka ho “lema,” ho kopana ka lekhetlo la pele le litaba tse molemo tsa ’Muso. Joale ho latela ho hlaola, ho akarelletsang le ho nosetsa se lemiloeng. Hoo ho etsoa joang? Ka lipuisano tse tsoelang pele ho arabela lipotso le lipelaelo. Hona hangata ho isa thutong ea kamehla ea Bibele e hlomang ka metso ’nete ea Bibele kelellong le pelong ea motho; ka tlhohonolofatso ea Molimo, khōlo e ba teng. Phello ke morutuoa e mong ea mafolo-folo oa Kreste Jesu, mosebeletsi e mong. Joale ke joang rōna kaofela re le basebeletsi re ka bang le tlhohonolofatso e thabileng ea ho kotula morutuoa?

5. Ke eng e tla re thusa ho ba basebeletsi ba beang?

5 Jesu o rutile barutuoa ba hae tsela e sebetsang ea ho etsa tšebeletso ea bona. ’Me Pauluse o buile ka ‘mekhoa ea hae mabapi le Kreste Jesu.’ (1 Ba-Korinthe 4:17, NW) Letoto la liphutheho tseo a ileng a thusa ho li hloma Asia Minor le Greece ke bopaki bo matla ba katleho ea hae. Re se re buisane ka mekhoa e meng ea hae (le ea Jesu), empa na ho sa le na le e meng e ka sebelisoang hamolemo kajeno?

Motheo ke Ofe? Le Molaetsa?

6. Tšiea ea tšebeletso ea rōna e lokela ho ba eng?

6 Molaetsa oa Bokreste o lokela ho theoa ho eng? Bohlaleng ba motho le botsebi? Lengolo la Pauluse le eang ho Timothea le fana ka karabelo e hlakileng: ‘Uena, u eme ho tseo u ithutileng tsona, tseo u li tiiselitsoeng, u ntse u tseba . . . hore le bonyenyaneng ba hao u hlile ua tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho lumela ho Jesu Kreste. Lengolo lohle le bululetsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta.’ Ka ho hlakileng, Bibele, Lentsoe la Molimo, e lokela ho ba tšiea ea tšebeletso ea rōna.—2 Timothea 3:14-17.

7, 8. Jesu le Pauluse ba beile mohlala joang ka tšebeliso ea mangolo?

7 Kreste Jesu o ile a etella pele ntlheng ena—o ne a qotsa Mangolo khafetsa; ho joalo le ka moapostola Pauluse. Ka mohlala, na o ile a qetella a rutile bohlale ba Bagerike Thessalonika? Che, hobane joalokaha tlaleho e re bolella: “Pauluse, ka temalo ea hae, a kena ho bona, ’me ka lisabbatha tse tharo a fetolana le bona ka Mangolo, a ntse a ba hlalosetsa le ho ba bontša hore Kreste o na a tšoanetse ho utloisoa bohloko, le ho tsoha bafung.”—Liketso 17:1-3.

8 Phello e bile efe? “Ba bang har’a bona ba lumela.” Ka baka leo, ha re latela mokhoa oa Pauluse, boboleli ba rōna kajeno bo tlameha ho theoa Lentsoeng la Molimo. Ke ka lebaka leo re nang le lihlooho tsa Bibele tsa puisano tseo re li khothalletsoang tšebeletsong ea rōna. Ka tsela eo ’nete ea Lentsoe la Molimo e ka tsosa karabelo ho ba falimehetseng litlhoko tsa bona tsa moea.—Liketso 17:4.

9, 10. (a) Taba ea boboleli ba rōna e lokela ho ba efe kajeno? (b) Fana ka mehlala tšebeletsong ea Pauluse.

9 Joale ho latela potso ena, Re lokela ho bolela molaetsa ofe? Hana sehlooho sa tšebeletso ea Kreste e ne e le sefe? Jesu o ne a lemohile thomo ea hae hantle hobane o itse: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” Ha a bua ka mehla ea qetello ea tsamaiso ea rōna ea hona joale o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Luka 3:43; Mattheu 24:14.

10 Khatiso e joalo e fumaneha boboleling ba Pauluse. Ka mohlala, a “bua a sa tšabe” a arabana le Bajode “ka likhoeli tse tharo, a ba kholisa tabeng tsa ’muso oa Molimo.” Ho ba Roma, “a paka tsa ’muso oa Molimo ho bona a leka ho ba kholisa.” Ka baka leo, “’muso oa Molimo” o tlameha ho ba tšusumetso ea tšebeletso ea rōna ea Bokreste kajeno.—Liketso 19:8; 28:23, 31.

Na U-ua Hlasela kapa U-ua Hohela?

11. Hangata batho ba itšoara joang ha ba talimana le Paki, ’me re ka hlōla hoo joang? (Liketso 17:17, 18)

11 Le lekholong la pele la lilemo, batho ba ne ba ikarotse ka bolumeli, morabe le bosechaba feela joalokaha ba le joalo kajeno. (Liketso 2:7-11) Hoo ho bolela hore batho ba bangata ba na le maikutlo a bona ha ho fihloa litabeng tsa bolumeli. Hangata ba ikutloa ba tšohile ’me baa itšireletsa ha ba kopana le Paki. Hoo re ka ho fetola joang? Ka ho ba mosa, le ho ba bohlale le ho ikamahanya le maemo.

12, 13. Pauluse o buile joang le barapeli ba litšoantšo ba Athene? Ba itšoara joang?

12 Hlokomela kamoo Pauluse a sebelitseng boemo bo joalo Athene e rapelang litšoantšo. O ile a khopeha ha a qala ho bona litšoantšo tse ngata hakaalo. Ha a qala ho ema a bua Areopago, na o ile a potlakela ho hlasela borapeli ba bona ba litšoantšo? Kenyeletso ea hae e bile hore: “Banna ba Athene, ke hlokomela hore ka mekhoa eohle le hlompha melimo ea lōna haholo. Ha ke ntse ke itsamaela, ’me ke hlahloba moo le rapellang teng, ke ile ka fumana le aletare eo ho ngotsoeng ho eona: Ho Molimo ea sa Tsejoeng. Sena seo le se rapelang le sa se tsebe, ke le tsebisa sona.”—Liketso 17:16-23, Phetolelo e Ncha ea Sesotho.

13 Na Pauluse o ile a hlokofatsa bamameli ba hae ka mantsoe ao a qalang? Le hanyenyane. O ba atametse ka mokhoa o bohlale, e seng oa bompoli. Ha a ka a ba nyatsa, le hoja mahlong a Molimo borapeli ba bona bo ne bo se na thuso. O ne a le moo ho ea bolela molaetsa oa ’Muso, e seng ho ba hlasela. A hlokomela boikutlo ba bona bo matla ba bolumeli ’me a bo sebelisa e le motheo oa ho kena tabeng ea hae ea Molimo oa ’nete le moemeli oa Hae, Jesu ea tsositsoeng. Katamelo ee e bohlale ea fella ka eng? Le hoja ba bang ba ile ba soma, “ba bang ba re: Re sa tla boela re utloe hape holim’a taba eo.” E, a memeloa leeto la ho boela!—Liketso 17:22-32.

14. Re ka sebelisa mohlala oa Pauluse joang tšebeletsong ea rōna?

14 Re ka sebelisa mokhoa ona joang tšebeletsong ea rōna kajeno? Taba ea pele re falimehele ho lemoha matšoao a bontšang hore na motho o na le maikutlo afe ka bolumeli—mohlomong ntho e ’ngoe ea bolumeli eo a e roetseng kapa e bonahalang monyako kapa tselaneng ea ntlo. Kahoo, joaloka Pauluse, hangata re ka ba le maikutlo a matle ka pono ea bolumeli ea motho eo. Hona ho re bulela menyetla kenyelletsong e botsoalle, e tsosang khahleho empa e sa bake likhang. Hopola hore re etela motho ka sepheo sa ho buisana le eena ka ’Muso oa Molimo—e seng ho kena kapele puisanong ea lithuto tsa bolumeli. Re batla ho hapa batho, e seng ho hlōla likhang.—Bapisa 2 Timothea 2:23-26.

15. Re ka ithuta eng hape e molemo tšebeletsong ea Jesu? (Luka 10:38-42)

15 Ke eng hape eo re ka ithutang eona ka mohlala oa Kreste? Ha re hlahloba tšebeletso ea hae re tlameha ho hlokomela kholiseho ea hae le bonolo ba hae. O ne a sa tsietsoe ke boemo bofe kapa bofe, empa o ne a bua ka sebete molemong oa ’Muso oa Molimo maemong ’ohle, a tšoanelehang le a sa tšoaneleheng. O ne a bolela ka lapeng kapa a ema ka pel’a bongata a bua le bona—a sa nka se ngotsoeng, Bibele kapa ntho e hōlisang lentsoe! Hape o ne a amana le batho habonolo. Bafumanehi ba ne ba ikutloa hore ba ka mo atamela. O ne a bua ka puo ea bona ea masimo le lijalo, ea matlooa le lihlapi. Lipapiso tsa hae li ne li le bonolo le hoja li ne li bolela ho tebileng. Na re bonahatsa litšoaneleho tsona tseo tse ntle tšebeletsong ea rōna?—Mattheu 4:18-25; 13:1-33; Luka 5:1-3.

Mokhoa oa ho Fihla Pelong

16. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba matichere a tšoanelehang?

16 Hangata ho hloka nako le boithuto bo seli hore motho a kholisehe ka molaetsa oa Bibele o buang ka ’Muso oa Molimo. Ke ka lebaka leo re nang le tokisetso ea thuto ea kamehla ea Bibele, e sa lefelloeng kapa e sa tlameng, le motho mang kapa mang ea batlang ho hlahlobisisa litšepiso tsa Molimo ka Kreste. Lithuto tse joalo li nka nako ’me li akarelletsa litaba le lipotso tse ngata. Hona ka sebele ho bolela hore re lokela ho ba matichere a tšoanelehang. Empa hantle-ntle mokhoa oa ho ruta ke ofe?—1 Timothea 4:16.

17. Mokhoa o mong oo Jesu a neng a o sebelisa ho fihla pelong ke ofe?

17 Hang hape re boela ho Jesu bakeng sa karabelo. O ne a ruta joang? Ak’u hlahlobe litemana tse latelang ’me u bone haeba u ka hlokomela mokhoa o bonolo oa Jesu oa ho ruta ba bang: Luka 6:9, 32-34, 39-42. E ne e le ofe? O ne a botsa lipotso tse bohlale. Hobane’ng? Ho thusa bamameli ba hae ho bea mabaka le ho itlhahloba leseling la lithuto tsa hae. O ne a fihla lipelong tsa bona ka bohlale ka lipotso tsa hae. Ba ne ba tlameha ho bontša hore na ka ’nete ba batla ho ba balateli ba hae kapa hore ba ne ba mamela ka sepheo sa bohata.—Mattheu 13:10-17; Mareka 8:34-38.

18. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sebelisa lipotso hangata hakana libukeng tsa tsona? (b) Ke mokhoa ofe oo re sa lokelang ho o sebelisa haholo ha re ruta ba bang?

18 Hoo e ka bang lithuso tsohle tsa ho ithuta Bibele tse sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea tsona li na le lipotso bakeng sa serapa se seng le se seng se hlalosang temana. Ena ke thuso ea ho ruta e thusang ba ithutang Bibele ho itlhalosa ka mantsoe a bona. Joale hoa hlaka hore na motho o utloisisa taba kapa che. Leha ho le joalo, le hoja Jesu a ne a botsa lipotso ka makhetlo a mangata, o ne a sa ho fetola papali ea ho noha feela tjee ka hore a bolele lentsoe la pele kapa litlhaku tse qalang tsa karabelo. Na ka linako tse ling u ee u ikutloe u etsa joalo ho liithuti tse ling tsa Bibele? Ke hohane’ng ha e se mokhoa o motle o ka sebelisoeng kamehla? Hobane tsebo ea Molimo le Kreste e isang polokong e lokela ho theoa mabakeng le kutloisisong, e seng ho noheng ho sa reng letho.—Johanne 17:3; 1 Johanne 5:20.

Barutuoa ba Mang?

19, 20. Ke tlhokomeliso efe e hlokahalang mona? Hobane’ng?

19 Tlhokomeliso e loketse ntlheng ena. Haeba re bolela le ho ruta ka mokhoa o molemo tšimong e beang, qetellong re hlahisa barutuoa. Empa ke barutuoa ba mang? Na re lokela ho nahana hore ke “linku tsa ka”? ’Me na joaloka basebeletsi re lokela ho lumella hore re beoe tlhorong ea hlompho? Hlokomela kamoo Pauluse le Barnabase ba ileng ba etsa ha batho ba Lystra ba batla ho ba tšoara joaloka melimo. Ba bua ka lentsoe le phahamileng le bongata: “Banna, le etsetsa’ng joalo na? Athe le rōna, re batho ba fokolang joale ka lōna; re le bolella hore le lese mekhoa eo ea bosaoana, le hore le sokolohele ho Molimo o phelang.”—Liketso 14:14, 15.

20 Pauluse le Barnabase ba ne ba sa leke ho ikhapela tlhokomelo. Le hoja Pauluse a elelitse Bakreste hore ba mo etsise joalokaha a etsisitse Kreste, o ne a sa batle hore e be balateli ba hae. Tšebeletso eo re e etsang e tlameha hore kamehla e be tlotlisong ea Molimo, e seng batho.—1 Ba-Korinthe 3:6, 7; 11:1.

21. Ke hobane’ng ha barutuoa ba qetella e le basebeletsi?

21 Kamorao ho nako barutuoa ba fetoha basebeletsi. Hoo ho tla joang? Ho ee ho etsahale joang ha re e-na le litaba tse monate ka sebele hore re li bolele? Na re ipolokela tsona? Ho fapana le moo, re li bolella e mong ka cheseho. Joalokaha Jesu a itse: “Motho ea molemo o ntša litaba tse molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, . . . hobane molomo oa motho o bolela seo pelo e tletseng sona.” Ho joalo ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Morutuoa eo pelo ea hae e amehileng o batla ho ruta ba bang le ho kopanela tšebeletsong kamehla le ka boithaopo. Ho latele boinehelo ho Molimo le kolobetso. Letoto le iphetang la basebeletsi le tsoela pele joalo, tumellanong le motheo oa keletso ea Pauluse ho Timothea: “Litaba tseo u li utloileng ho ’na pel’a lipaki tse ngata, u li bee ho batho ba tšepahalang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.”—Luka 6:45; 2 Timothea 2:2.

22. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a hlahisitse tlhophiso ea baruti le baboleli ba evangeli? (b) Ke mosebetsi ofe oa kamoso o sa ntsaneng o tla phethoa?

22 Kajeno, lefatšeng lohle, Jehova o na le tlhophiso e koetlisitsoeng hamolemo haholo ea baruti, baboleli ba evangeli le basebeletsi ea lekholo la lilemo la bo20. Ba fetang 2 600 000 ho bona ba kopanela bopaking ba ho qetela bo fanoang pele bofelo bo tlela tsamaiso ena e mpe. Empa lebotho lena le hōlang le lokisetsoa phephetso e khōloanyane—thuto ea libillione tse tla khutla ka tsoho. Na u loketse hore u ka kopanela tokelong e babatsehang joalo? Na tšebeletso ea hao e-ea bea hona joale? Thapelo ea rōna e ke e be hore leseli la rōna le khanye tlotlisong ea Molimo, ha re sebetsa joaloka basebeletsi ba beang.—Mattheu 5:16; Johanne 5:28, 29.

Lintlha Tseo u li Koahetseng

◻ Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho bolela litaba tse molemo ke efe?

◻ Ho ruta ha rōna ho lokela ho theoa ho eng? Molaetsa ke ofe?

◻ Ho hlokahala litšoaneleho life ho etsa hore batho ba re mamele?

◻ Jesu o ne a fihla lipelong tsa bamameli ba hae joang?

◻ Ho hlokahala re hlokomele eng ha re ruta ba bang?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lipaki tsa Jehova li bolela kae le kae moo batho ba leng teng

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ha re paka, re lemohe matšoao a bolumeli ba motho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela