Na Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha Ho ba Basebeletsi?
“Tsohle li tsoa ho Molimo, o re boelantseng le oona ka Jesu Kreste, e leng oona hape o re neileng tšebeletso ea poelano.”—2 BA-KORINTHE 5:18.
1. Boemo e ne e le bofe mabapi le sehlopha sa baruti ka phuthehong mehleng ea Pauluse?
“HO NE ho se khethollo [mehleng ea moapostola Pauluse] pakeng tsa baruti le phutheho kaha ho ne ho se baruti.” Polelo eo e makatsang, e ileng ea hlaha ho London Times, e hlalosa ’nete ea motheo e mabapi le Bokreste ba pele. Bo ne bo sa aroloa ka baruti le phutheho. Na hoo ho bolela hore phutheho ea Bokreste e ne e se na boeta-pele bo bonahalang? Hona na ho ne ho se basebeletsi ka kutloisiso efe kapa efe?
2. Phutheho ea pele e ne e-na le boetapele bofe? (Ba-Filippi 1:1)
2 Nakoana kamorao ho Pentekonta, 33 C.E., ha palo ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ntse e eketseha ka likete, ho ile ha hlokahala hore ho khethoe banna ba tšoanelehang phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ho sebeletsa e le balebeli le bahlanka ba sebeletsang. Empa ba ne ba sa etse sehlopha sa baruti. Ho khethoa ha bona ho ne ho sa itšetleha ka lengolo la univesithi kapa la seminare. Ba ne ba sa lefuoe moputso bakeng sa litšebeletso tsa bona. E ne e le banna ba baikokobetsi ba nang le litšoaneleho tsa moea, ba khethiloeng ke moea o halalelang ho hlokomela mohlape. Leha ho le joalo, na e ne e le bona feela ba neng ba bolela ‘litaba tse molemo tsa ’Muso’? Na e ne e le bona “basebeletsi” feela ka phuthehong?—Mattheu 24:14; Liketso 20:17, 28; 1 Petrose 5:1-3; 1 Timothea 3:1-10.
3, 4. Ho ea ka Pauluse, ke bo-mang ba neng ba e-na le kabelo tšebeletsong ea Bokreste?
3 Lipotso tsena li arabeloa ke keletso ea Pauluse mangolong a hae a eang ho Bakreste ba Korinthe. Hlokomela kenyeletso ea lengolo la hae la bobeli: “Ke le Pauluse, . . . ke ngolla kereke ea Molimo e Korinthe, le bahalaleli bohle naheng eohle ea Akaia.” Ha ho pelaelo—o ile a ngolla sehlopha sohle sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba Korinthe le Akaia, e seng ba etelletseng pele feela. Kahoo lipolelo tsa hae tse buang ka tšebeletso ea Bokreste li loketse “bahalaleli bohle.” Motheong oa liketso tsa hae le tsa Timothea, a re: “Ka baka leo, ha re ntse re e-na le tšebeletso eo ka mohau o re hlahetseng, ha re tepelle.” “Tsohle li tsoa ho Molimo, o re boelantseng le oona ka Jesu Kreste, e leng oona hape o re neileng tšebeletso ea poelano; . . . Re manģosa a Kreste ke hona, ’me ho ka thoe, ke Molimo o le khothatsang ka rōna.” O tsoela pele: “Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebeletso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa. Re mpa re iketsetsa ka hohle kemelo e loketseng bahlanka [“basebeletsi,” NW] ba Molimo, ka tiisetso e khōlō.”—2 Ba-Korinthe 1:1; 4:1; 5:18-20; 6:3, 4.
4 Mantsoe ana a bolela hore Mokreste e mong le e mong ea tlotsitsoeng o lokela ho ba mosebeletsi kapa lenģosa la Kreste. Ka lebaka lefe? Hobane lefatše, ka sebe sa lona, le “hole le bophelo ba Molimo” ’me le hloka tšebeletso ea poelano e le hore batho ba ikokobelitseng le ba tšepahalang ba tsoang lichabeng tsohle ba ka ba le kamano le Morena ’Musi Jehova ka Kreste.—Ba-Efese 4:18; Ba-Roma 5:1, 2.
5, 6. Pauluse o tiisitse pono ee joang lengolong la hae le eang ho Baroma?
5 Pauluse a ngolla phutheho ea Roma: ‘Empa le re’ng [Lentsoe la Molimo]? Le re: Polelo e haufi le uena, e molemong oa hao, e ka pelong ea hao; ke eona polelo ea tumelo eo re le bolellang eona, e reng: Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ’me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha. Hobane motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.’—Ba-Roma 10:8-10.
6 Na Pauluse o ne a tobisitse mantsoe ao ho bakhethoa ba ’maloa feela? Kenyelletso ea hae ha e bontše joalo, hobane o ngotse: “Lōna bohle bao le leng Roma, baratuoa, ba Molimo.” A eketsa: “Ke simolla ka ho leboha Molimo oa ka ka Jesu Kreste ka baka la lōna bohle, kahobane tumelo ea lōna e rorisoa lefatšeng lohle.” Ho hlakile hore keletso le khothatso tsa Pauluse, ho akarelletsa khaolo ea 10, li ne li tobisitsoe ho phutheho kaofela. Tokelo ea ho bolela pontšeng e ne e bulehetse bohle. Ha e le hantle, o matlafalitse khang ea hae ka ho re: “Empa ba tla rapela joang eo ba sa kang ba lumela ho eena? ’Me ba tla lumela joang eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae? ’Me ba tla utloa joang, ha ’moleli a le sieo? ’Me ba tla bolela joang, ha ba sa rongoe? Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Maoto a ba bolelang Evangeli ea khotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ea taba tse molemo.”—Ba-Roma 1:7, 8; 10:14, 15.
7. Bokreste ba ’nete bo fapane joang le malumeli a mang? (Luka 19:36-40)
7 Hoo ke ho khothatsang hakaakang bakeng sa Mokreste e mong le e mong ea tlotsitsoeng! Ho bolela hore kaofela ba lokela ho ba le thabo ea ho jala ho ba bang molaetsa oa ’Muso oa poloko. E, mahlong a Molimo, maoto a bona a lokela ho ba “matle” ’me a ka ba matle ka kutloisiso e tšoantšetsang. Hobane’ng? Hobane Bokreste ba ’nete hase bolumeli ba boikhabi bo isang boikhotsofatsong, bo ikarolang ho ba bang le likanong tsa boikhutso. Ho fapana le moo, bo hōlisa tšebeletso ea Bokreste e mafolo-folo e bontšoang ka polelo le ketso! Hore na Pauluse o ne a falimehetse seo hakae ho bonoa ka polelo ea hae: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!”—1 Ba-Korinthe 9:16; Esaia 52:7.
8. Ke lipotso life tsa bohlokoa tse amang ba bangata joale?
8 Empa ho thoe’ng ka Bakreste ba ’nete ba limillione ba sa tlotsoang ka moea o halalelang hobane tšepo ea bona e le bophelo bo sa feleng lefatšeng, e seng leholimong? Na le bona e lokela ho ba basebeletsi?—Pesaleme ea 37:29; 2 Petrose 3:13.
Na ba “Bongata bo Boholo” ke Basebeletsi?
9. Ba “bongata bo boholo” ba kopanela ketsong efe?
9 Buka ea Tšenolo e fana ka karolo ea karabelo lipotsong tsena. Ka mohlala, hoba Johanne a bone ponong phutheho e tlotsitsoeng ea ba 144 000, o re: “Ka mor’a tseo, ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Ka sebele bana ba bokelleloang ho pholoha mahlomola a maholo ha ba ikhakanye hore na ba eme kae Bokresteng. Ba bolela ka “mantsoe a phahamileng” hore na poloko ea bona e tsoa hokae. Hoo ba ho etsa joang kajeno? Har’a lintho tse ling, ke ka ho thusa sehlotsoana sa masala a batlotsuoa phethahatsong ea boprofeta bo bong le litaelo tse ling tsa bohlokoa tsa tšebeletso.—Tšenolo 7:9, 10, 14.
10, 11. (a) Jesu o neile balateli ba hae taelo efe pele a nyolohela leholimong? (b) Ke boprofeta bofe bo lokelang ho phethahatsoa mehleng ea rōna?
10 Ka mohlala, bongata bona bo boholo bo se nang palo bo phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatsoeng ha taelo ea Jesu ea ho bolela le ho ruta, eo a ileng a e nea barutuoa ba hae ba khabane Galilea. Ka lekhetlo leo Jesu a re: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Taelo eo e ne e neiloe Bakreste bohle, e seng sehlotsoana sa baruti feela.—Mattheu 28:18-20; 1 Ba-Korinthe 15:6.
11 Taelo ea Jesu e boetse e amana haufi le boprofeta boo a faneng ka bona mabapi le “ho fela ha lefatše.” O itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Phephetso ee ea ho bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle molokong o le mong e phethahalitsoe joang? Ka sebele Bakreste ba tlotsitsoeng ba likete tse seng kae tse ntseng li qepha ba ne ba ke ke ba etsa mosebetsi ona o phelisang ba le bang. Ekabe e bile mosebetsi o thata!—Mattheu 24:3, 14; Luka 21:32.
12. Batlotsuoa kajeno ba hlokomela eng ka thabo?
12 “Majalefa hammoho le Kreste” a tlotsitsoeng a thabela ho hlokomela karolo e phethoang ke basebeletsi ba fetang limillione tse peli ba “bongata bo boholo” ba jetseng molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle ka nako e khutšoaane hakana. Esita le khale ka bo-1930 Bakreste ba bangata ba ’nete ba ile ba amohela boikarabelo ba tšebeletso linaheng tse ling le ho itlhahisa bakeng sa ho ea sebeletsa moo tlhoko e leng kholoanyane. Re leboha mohlala oa boitelo oa baena bana le bo-khaitseli e-bang ke ba sehlopha sa batlotsuoa kapa sa “linku tse ling,” mosebetsi oa ’Muso oa tiea matla linaheng tse ngata Europa, Afrika, Asia le Amerika.—Ba-Roma 8:17.
13. (a) Jehova o potlakisitse mosebetsi joang ho tloha ka 1943? (Esaia 60:22) (b) Ba “bongata bo boholo” ba nkile karolo efe mosebetsing oa boromuoa?
13 Pele ho 1943 sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” sa Bakreste ba tlotsitsoeng sa bona tlhoko ea ho thea sekolo sa boromuoa e le hore basebeletsi ba Bakreste ba ka amohela koetliso e eketsehileng le tokiso ka maikutlo a ho qalisa le ho potlakisa mosebetsi oa ho bolela linaheng tse ling tse ngata. Hoba se theoe ka 1943, le ho tla fihlela ka la 4 Tlhakubele, 1984, Sekolo seo sa Gileade (“Gileade” eo ka Seheberu e bolelang “qubu ea bopaki”) se koetlisitse barutuoa ba ka bang 6 100, bao boholo ba bona ba rometsoeng likabelong linaheng lisele lefatšeng lohle. Ke ba 292 (4,8%) feela ho barutuoa bana ba Gileade ba neng ba ipolela hore ke ba sehlopha sa batlotsuoa, ka hona boholo ba basebeletsi bana ba koetlisitsoeng ka ho khethehileng ke ba “bongata bo boholo.” Ho tšoana le ba bang bohle ho Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle ha ba inehela ho Jehova ka Kreste Jesu, ba amohetse tšebeletso ea Bokreste e le karolo e setsing ea bophelo ba Bokreste.—Mattheu 24:45-47; Ba-Heberu 10:7.
Pitso e Theiloeng ho Eng?
14, 15. Ho biletsoa ha Mokreste tšebeletsong ho theiloe ho eng? (Mattheu 22:37-40)
14 Na hoo ho bolela hore Bakreste ba na le “pitso” ea botho kapa e tsoang ho Molimo bakeng sa tšebeletso? Ke ’nete hore ba bang Bojakaneng ba bontšitse “pitso” ea bona ka maikutlo a matla, joalokaha eka Molimo o ba bilelitse ka ho toba tšebeletsong ea oona. Empa na tšebeletso ea Bokreste e theiloe haholo-holo holim’a ntho ea nakoana e kang maikutlo?
15 Ha moapostola Pauluse a ne a bua ka tšebeletso e halalelang ho Molimo, o bontšitse hore motheo oa eona ke ofe? A ngola: “Ka baka leo, banab’eso, ke ea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng [“tšebeletso e halalelang ka matla a likelello tsa lōna,” NW; “e le ketso ea borapeli bo etsoang ka bohlale,” Phillips; “joaloka libōpuoa tse nang le kutloisiso,” The New English Bible, tlase ho leqephe].” E, tšebeletso e halalelang ho Molimo e theiloe mabakeng. Joang? Hobane boinehelo ba motho le kamano ea hae le Jehova li theiloe tsebong ea Molimo oa ’nete . Ka hona ho biletsoa ha Mokreste tšebeletsong, le hoja e le phihlelo e thabisang, hase feela phello ea boikutlo ba botho. Ho na le tšusumetso e tiileng—ho rata Molimo le ho rata eo ho ahisanoeng le eena.—Ba-Roma 12:1; Johanne 17:3.
16. Na mosebetsi oa boipheliso oa nako eohle o thibela motho hore e ka ba mosebeletsi? (Liketso 18:1-5)
16 Empa u ka ’na ua botsa, Na Bakreste bao ba pele le bona e ne e le basebeletsi leha ba ne ba etsa mosebetsi oa boipheliso ka nako eohle kapa e le basali ba malapa? E, e ne e le bona. Mohlomong ba ne ba nka nako e khutšoaane feela tšebeletsong ea Bokreste, ba bolela le ho ruta, empa seo e le sepheo se seholo bophelong ba bona. Ba ne ba tseba hore ba lokela ho lumella ‘hore leseli la bona le khanye’ ho ba paka e le barutuoa ba ’nete ba Kreste. Ebile basebeletsi ba neng ba etsa mosebetsi oa boipheliso khale pele Bojakane bo ba le mokhatlo oa bona oa baprista ba neng ba sebetsa hore ba iphelise.—Mattheu 5:16; 1 Petrose 2:9.
Bopaki ba Tšebeletso ea Bona
17, 18. (a) Ke motheo ofe o akaretsang oo Kreste a ileng a o bea ka Bakreste ba ’nete? (b) Ke eng e buellang mosebeletsi ka ’nete?
17 Lipaki tsa Jehova li paka joang hore ke basebeletsi haeba li se na lengolo la thuto la univesithi? E be Bakreste ba pele ba ile ba paka joang hore ke basebeletsi? Ke Kreste ea faneng ka temohisiso ena: “Sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate.” Basebeletsi ba Bakreste ba lokela ho “bea litholoana tse monate,” tse akarelletsang ho kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa.—Mattheu 7:17.
18 Moapostola Pauluse o ho hlalositse ka tsela ena: “Hleka re boela re qala ho ikemela na? Kapa a re tšoanela ho batla, joale ka ba bang, mangolo a re emelang pel’a lōna, leha e le a ka tsoang ho lōna ho re emela pel’a ba bang? Ke lōna le leng lengolo la rōna, le ngoliloeng ka lipelong tsa rōna, le tsejoang, le baloang ke batho bohle. Lea bonahala hoba le lengolo la Kreste, le lokisitsoeng ke tšebetso ea rōna, le ngoliloeng, e seng ka enke, empa e le ka Moea oa Molimo o phelang; ha lea ngoloa matlapeng a lejoe, empa e le matlapeng a nama, a lipelo tsa lōna.” Ho ngola lipelo ho ile ha finyelloa joang? Ka ho bolela lentsoe le kang peō la tumelo le ileng la mela pelong. Eaba peō ena e susumetsa moamoheli hore le eena a bolelle ba bang molaetsa oona oo oa poloko.—2 Ba-Korinthe 3:1-3.
19. Ke puello efe e tiileng eo basebeletsi Lipaki tsa Jehova ba nang le eona?
19 Na Lipaki tsa Jehova li na le bopaki ba ‘lengolo la Kreste le ngotsoeng ke bona e le basebeletsi’? Linnete lia ipuella. Ka 1931, ha li qala ho amohela lebitso la tsona le ikhethang, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 50 000 tse bolelang lefatšeng lohle. Tlaleho ea 1984 e bontša tlhoro ea basebeletsi ba fetang 2 842 000 ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ba kopanelang le liphutheho tse 47 869. E, ho na le liphutheho tse batlang li le ngata joaloka palo ea Lipaki tse neng li le teng ka 1931! Ruri ’nete e ngotsoe lipelong tsa ba limillione ka lilemo tse mashome a seng makae tse fetileng—’me hoo ke bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10-12.
20. Joaloka basebeletsi ba Bakreste, re hloka eng kajeno? Ke lipotso life tse saletseng hore li ka arabeloa?
20 Kajeno ho hlokahala ka potlako basebeletsi ba Bakreste ho feta neng kapa neng. Nako e khutšoaane ’me kotulo e khōlō. Ke lebaka le leholo haholo, bakeng sa rōna hore re be basebeletsi ba tšoanelehang, ba nang le tsebo ba bolelang le ho ruta ka tsela e beang. Hona re ho ka ho etsa joang? Re ka ba basebeletsi ba beang haholoanyane joang? Na mehlala ea Kreste le baapostola ke ea bohlokoa hoo re ka e sebelisang kajeno?—Ba-Efese 5:15, 16; Mattheu 9:37, 38.
Lintlha tsa TIhahlobo
◻ Re tseba joang hore balateli bohle ba tlotsitsoeng ba Kreste e ne e lokela ho ba basebeletsi?
◻ “Bongata bo boholo” bo phethile karolo efe tšebeletsong ea kajeno?
◻ Ho biletsoa tšebeletsong ea Bokreste ho theiloe ho eng?
◻ Lipaki tsa Jehova li na le bopaki bofe ba tšebeletso ea tsona?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Na ho ne ho e-na le sehlopha sa baruti mehleng ea baapostola?
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ka 1943 Sekolo sa Gileade sa buloa South Lansing, New York. Ka 1961 Sekolo sa fallela Brooklyn, New York
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Mehahong e mecha pel’a Brooklyn Bridge, Sekolo sa Gileade se ntse se rupela basebeletsi bakeng sa tšebeletso linaheng lisele