U ’Ne U Qobe Leraba la Meharo
“Itebeleng khahlanong le meharo ea mofuta ofe kapa ofe, hobane le ha motho a e-na le ho hongata, maruo a hae ha a mo fe bophelo.”—LUKA 12:15, The New English Bible.
1. Ke hobane’ng ha temoso ea Pauluse ka meharo e le nakong?
RE PHELA lefatšeng le rapelang katleho ea lintho tse bonahalang. Lithahasello tsa khoebo ha li khaotse ho ipiletsa meharong ea batho hore ba ithuise. Kamehla katleho e lekangoa ka moputso. Ke ka baka leo litemoso tse ngata tsa Bibele tse khahlanong le meharo le mokhoa o mobe oa takatso ea leruo e leng tse nakong. (Ba-Kolosse 3:5; 1 Timothea 6:10) Ho ea ka buka e hlalosang mantsoe, meharo le takatso ea leruo li arolelana taba ea “ho bontša kapa ho ba le takatso e matla ea thepa ’me haholo-holo ea lintho tse bonahalang.” Meharo e tebile joaloka bofebe kapa borapeli ba litšoantšo, hobane Pauluse o lemositse: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena.”—1 Ba-Korinthe 5:11; Ba-Efese 5:3, 5.
2. Jesu le Jehova ba re file litemoso life khahlanong le takatso ea leruo?
2 Jesu o lemositse balateli ba hae: ‘Itebeleng khahlanong le mofuta ofe kapa ofe oa takatso ea leruo.’ (Luka 12:15, NW) Le Jehova ka seqo har’a Melao e Shome a kenyelletsa molao o hananang le mokhoa ona o mobe: “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno; u se ke ua lakatsa mosali oa hae, leha e le mohlanka oa hae e motona, leha e le e motšehali, leha e le khomo ea hae, leha e le esele ea hae, leha e le ntho e ’ngoe e leng ea oa heno.”—Exoda 20:17; Ba-Roma 13:9.
Ha ho ea ka Khoehlisang
3. Meharo e ile ea hlōla Eva joang ’me hamorao, Baiseraele?
3 ’Nete ke hore, ha ho ea ka hlokomolohang ho itebela meharong le takatsong ea leruo. Ha Eva a etsa sebe tšimong ea Edene, e bile ka baka la meharo: ‘Mosali a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ’me se khahlisa mahlo, ’me se lakatseha ke ho hlalefisa.’ (Genese 3:6) Ka lekhetlo le leng Baiseraele ba ile ba bontša meharo e tšabehang lehoatateng. Ha Jehova a ba arabela lipelaelong tsa bona tsa hore ba ja manna feela, a ba fa likoekoe tse ngata, ba ja joaloka menyollo ’me ba otloa habohloko.—Numere 11:4-6, 31-33.
4. Ke mehlala efe e meng ea pale e bontšang likotsi tsa meharo?
4 Hamorao, ntoeng ea Jeriko, e bile meharo e susumellitseng Akane hore a utsoe silevera le gauda le seaparo se theko e boima ho tse hapiloeng motseng. (Joshua 7:20, 21) Meharo e ile ea etsa hore Gehazi, mohlanka oa Elisha, a leke ho fumana molemo oa chelete ka ho phekoloa ha lepera la Naamane ka mohlolo. (2 Marena 5:20-27) Morena Akabe e bile motho e mong ea meharo. A lumella Jezebele, mosali oa hae oa mohetene, ho rera lefu la Nabothe, mohahelani oa hae, e le hore a ka inkela tšimo ea Nabothe ea merara. (1 Marena 21:1-19) Qetellong, Judase Iskariota, setho sa sehlopha se haufi sa Jesu, ka meharo a sebelisa boemo ba hae ho utsoa lichelete tsa kopanelo. ’Me meharo ea mo etsa hore a eke Jesu ka lichelete tsa silevera tse 30.—Mattheu 26:14-16; Johanne 12:6.
5. Re ithuta eng ka liphihlelo tsa batho ba mefuta e fapaneng ba oetseng lerabeng la meharo?
5 Kaofela bana ba meharo ba ile ba ahloloa. Empa na u hlokometse batho ba mefuta e sa tšoaneng ba oetseng lerabeng la meharo? Eva e ne e le mosali ea phethahetseng ea phelang Paradeiseng. Akane le Baiseraele ba ne ba bone ka seqo mehlolo ea Jehova. Akabe e ne e le morena, mohlomong ea neng a ruile ho feta bohle naheng. Gehazi le Judase ba ne ba hlohonolofalitsoe ka kamano e enneng ea moea le litokelo tse phahameng tsa tšebeletso. Empa kaofela ba bile meharo. Kahoo mang le mang—hore na o ruile, hore na o phahame tokelong ea hae ea tšebeletso, ho sa tsotellehe hore na o na le phihlelo e kae—a ka oela sefing sena. Ha ho makatse hore e be Jesu o lemositse: ‘Itebeleng khahlanong le mofuta ofe kapa ofe oa takatso ea leruo!’—Luka 12:15.
6. Ho hlokahala eng hore re tie re qobe leraba la meharo?
6 Empa re ka etsa hoo joang? Ka boitšoaro le ho itlhahloba kamehla. Meharo e qala pelong. Ho qoba leraba la meharo, re lokela ho hlahloba lipelo tsa rōna kamehla ho bona haeba ho e-na le pontšo e melang ea meharo. Bibele e re thusa ho etsa joalo. Joang? E tlaleha seo Jesu le barutuoa ba hae ba se buileng ka meharo. Ha re hlahloba litlhaloso tseo, li hlahisa lipotso tse batlisisang tseo re lokelang ho ipotsa tsona ho bona hore na re eme hokae tabeng ea meharo.
Ho Hlahloba Maikutlo a Rōna
7. Karabelo ea Jesu ho monna ea neng a ameha tsekong ea lefa e re thusa ho itlhahloba joang?
7 Temoso ea Jesu khahlanong le takatso ea leruo e susumelitsoe ke kōpo ea e mong oa bamameli ba hae: “Moruti, bolella ngoan’eso hore a arolelane lefa le ’na.” Jesu a arabela: “Monna, ke mang ea mpeileng moahloli, leha e le moaroleli oa lōna?” (Luka 12:13, 14) Joale a tsoela pele ho lemosa ka takatso ea leruo. Jesu o ne a sa rate ho itšunya-tšunya tsekong ea lintho tse bonahalang, kahobane o ne a e-na le mosebetsi oa bohlokoa oa moea oo a neng a le mona ho tla o phetha. (Johanne 18:37) Empa puisano ena e hlahisa lipotso tse batlisisang tseo re ka ipotsang tsona. Ha re re mohlomong re ne re sa hloke letho ka ho khetheha, empa re ikutloa hore re na le tokelo ea ho loanela thepa e itseng kapa leruo, kapa ho loanela lefa. Tabeng ea rōna, re ka loanela ho atleha ho fihlela hokae? Re ne re tla tela ho hokae tšebeletsong ea rōna ho Jehova kapa kamanong ea rōna le baena ba rōna ho hapa seo re se talimang e le litokelo tsa rona?—Liproverbia 20:21; 1 Ba-Korinthe 6:7.
8. Re ka qoba ho tšoana le bangoli ba boletsoeng ke Jesu ho Luka 20:46, 47 joang?
8 Nahana ka tlhaloso e ’ngoe e entsoeng ke Jesu. O lemositse balateli ba hae: ‘Phemang bangoli, ba . . . metsang matlo a basali ba bahlolohali.’ (Luka 20:46, 47) Ke pontšo e sehlōhō hakaakang ea meharo! Ha e le hantle, Bakreste ba tlameha ho hlokomela bahlolohali, e seng ho phela ka bona. (Jakobo 1:27) Leha ho le joalo, ha re re mohlomong u tseba mohlolohali ea amohetseng chelete e ngata ea “insurance,” ’me u hloka chelete ka tšohanyetso. Na u ne u tla nahana ka ho atamela mohlolohali pele, u ikutloa hore ke eena eo u tla mo susumetsa habonolo, kapa hore o tlameha ho u thusa hobane ‘o na le chelete e ngata’? Kapa ha re re u se u alimile chelete, ’me joale u na le mathata a ho e lefa. Na u tla ikutloa ho se phoso ha u sa lefe mohlolohali, hobane a ‘ke ke a u bakela khathatso e khōlō,’ kapa mohlomong hobane u nahana hore ‘ha a hlile ha a hloke chelete’? Re lokela ho ba hlokolosi hore re se lumelle monahano oa rōna o sokamisoe ke ho tobana le mathata a lichelete.
9. Re ka oela lerabeng la ho “talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo” joang?
9 Juda le eena o hlalositse tsela eo meharo e ka ’nang ea re tšoasa ka eona. O buile ka batho ba silafalitseng phutheho ea Bokreste ’me ba ne ba e silafatsa ka meharo ea bona le boitšoaro ba bona bo hlephileng, “ba latolang Jesu Kreste eo e leng eena ’Musi a ’notši, le Morena oa rōna.” (Juda 4) Hape, ba ne “ba talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.” (Juda 16) Ha re batle ho ba joalo. Empa nahana: Na re iphumana re rata ho qeta nako le Bakreste ba ruileng ’me re hlokomoloha ba futsanehileng ka tlhophisong? Haeba ho joalo, na e be ke ka tšepo ea ho rua molemo ka tsela e itseng? (Bapisa Liketso 20:33; 1 Ba-Thessalonika 2:5.) Ha re amohela ba nang le boikarabelo ka tlhophisong, na re etsa joalo ka lebaka la lerato kapa ke hobane re tšepile ho buseletsoa ka litokelo tse itseng? Haeba e le ka baka la ho buseletsoa litokelo tse itseng, mohlomong le rōna, “re talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.”
10. Ke ka litsela life ho leng bonolo ho etsa phaello ka borapeli ba rōna ho Jehova? Haeba re etsa sena, re latela mohlala oa mang?
10 Pontšo e ’ngoe ea meharo e ileng ea khopisa Jesu haholo e bile ha “a fumana tempeleng batho ba bapatsang ka likhomo le ka linku le ka maeba, le ba ananyang lichelete ba lutse teng.” Ho chesehela ntlo ea Jehova ha mo etsa hore a ba phahle tempeleng, ’me a re: “Ntlo ea Ntate le se ke la e etsa ntlo ea ho rekela.” (Johanne 2:13-17) Na re na le cheseho e tšoanang? Joale ho tla ba hotle ho ipotsa: Na ke tla bua ka litaba tsa khoebo Holong ea ’Muso? Na ke phahamisa menyetla ea khoebo har’a Bakreste ’moho kahobane ke tseba hore ba tla thatafalloa ho hana? Na ke sebelisa metsoalle e mengata eo ke nang le eona ka phuthehong ho atolosa mecha ea khoebo ea ka? Ka sebele, ha rea lokela hore ka meharo re fumane lichelete ka ho tlatlapa kamano ea rōna le baena ba rōna.
11. Ke metheo efe ea Bokreste e re thusang ho boloka boikutlo bo nepahetseng ha re kopanetse khoebo?
11 Na hoo ho bolela hore Bakreste ba ke ke ba sebetsa hammoho khoebong? Che. Ke feela hore ho na le nako le sebaka sa khoebo, le nako e ’ngoe le sebaka bakeng sa borapeli. (Moeklesia 3:1) Leha ho le joalo, ha Bakreste ba e-ba le likamano tsa khoebo, ha baa lokela ho lebala metheo ea Bibele. Ha Mokreste a etsa tumellano ea khoebo, ha a lokela ho batla menyetla ea molao ho tsoa litlamong tsa hae. (Mattheu 5:37) Leha e le hore o tla hatella ka tsela e sa nahaneng kapa a iphetetse haeba khoebo ea hae e oa ’me a lahleheloa ke chelete. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe: “Athe e se e le molato ruri ho lōna, ha le e-na le litseko. Na ha le ikhethele ke’ng ho etsoa hampe? Na ha le ikhethele ke’ng ho senyeheloa?” (1 Ba-Korinthe 6:7) Molemong oa phutheho, na u ka khetha ho senyeheloa ho e-na le ho ea khotla?
12. Ke metheo efe ea Bibele e tla thusa ba tšoarehileng khoebong ho qoba leraba la meharo?
12 Mokreste ofe kapa ofe ea tšoarehileng khoebong o lokela ho ba hlokolosi haholo. Mekhoa e mengata ea khoebo kajeno ke e bolotsana empa Mokreste a ke ke a itšoara joalo. Le ka mohla a se lebale hore ke morutuoa oa Kreste. Ha a batle botumo ba bolotsana kapa ba ho sekamela mekhoeng e fosahetseng. (Bapisa Liproverbia 20:14; Esaia 33:15.) ’Me le kamohla a se lebale temoso ea Jesu ka ho etsa leruo molimo, kapa temoso ea Johanne khahlanong le “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo.” (1 Johanne 2:16; Mattheu 6:24) Joaloka monna kapa mosali oa Mokreste ea nang le khoebo, na u ka hanela teko ea ho ipiletsa meharong ea batho ba bang e le hore u ka rekisa haholo? Kapa na u tla sebelisa bosaoana ba bona kapa makōkō a bona ho ntšetsa khoebo ea hao pele? Na u tsamaisa mosebetsi oa hao oa boipheliso ka tsela eo u sa soabeleng ho bua le Jehova ka oona lithapelong tsa hao?—Mattheu 6:11; Ba-Filippi 4:6, 7.
13, 14. (a) Bakreste ba ruileng ba lokela ho boloka ho lekalekana hofe? ’Me ba sa ruang bona? (b) Thapelo e ho Liproverbia 30:8 e re thusa joang ho ba le kelello e pholileng ka leruo?
13 Qetellong, Pauluse a ngolla Timothea: “Ba ratang ho rua, ba oela melekong, le lerabeng, le litakatsong tse ngata, tse sa utloahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.” (1 Timothea 6:9) Ho rua ha se sebe, le hoja leruo le tlisa mathata a lona le liteko tsa lona. (Mattheu 19:24-26) Kotsi ke ‘ho rata ho rua.’ Ka mohlala, moholo e mong o itse: “Hangata bothata bo hlaha ha motho a talima moena oa hae ea ruileng oa Mokreste ’me a re: ‘Nka sitoa ke’ng ho tšoana le eena?’”
14 Bibele e ea khothatsa: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heberu 13:5) Haeba u ruile, na u talima hoo e le mpho, ntho eo u ka e sebelisang tšebeletsong ea Jehova? Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a bolella mohlankana e mong ea ruileng hore haeba a batla ho mo latela, o tlameha hore a fane ka leruo lohle la hae. Haeba Jesu a ne a buile joalo le uena, na u ka be u khethile ho ipolokela leruo la hao kapa ho latela Jesu? (Mattheu 19:20-23) Haeba u morui, na u ka khotsofalla hoo? Na u ka qoba sefi sa takatso ea leruo? Na u ikemiselitse ho tšepa pallo ea Jehova: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla”?—Bona le Liproverbia 30:8.
Ruela ho Molimo
15, 16. (a) Jesu o ile a sebelisa papiso efe ho matlafatsa keletso ea hae ka takatso ea leruo? (b) Bothata ba motheo ba monna ea setšoantšong sa Jesu e ne e le bofe?
15 Ha Jesu a lemosa bamameli ba hae hore ba ‘itebele khahlanong le mofuta ofe kapa ofe oa takatso ea leruo,’ a tsoela pele ho bolela ka molemi e mong eo masimo a hae a neng a beile haholo. Eaba monna eo “o nahana ka ho eena, a re: Ke tla etsa joang; hobane ha ke na moo nka bokellang lijo tsa ka teng? A re: Seo ke tla se etsa ke sena: Ke tla qhaqha meliko ea ka, ke hahe e meholo; ’me ke tla bokella teng lijo tsa ka kaofela le mesebetsi ea ka; ’me ke tla re ho moea oa ka: Moea, u na le mesebetsi e mengata e bokelletsoeng lilemo tse ngata; phomola, u je, u noe, u nyakalle.” Leha ho le joalo, hona bosiung boo, monna eo a shoa. Leruo leo lohle le bokelletsoeng ha lea mo thusa le hanyenyane. Jesu a qetella: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.”—Luka 12:16-21.
16 Na monna eo o ile a etsa sebe phatlalatsa, se kang sa ho tlatlapa kapa ho utsoa? Setšoantšo ha se rialo. Ho ntse ho le joalo, o ne a e-na le bothata. A itšetleha ka leruo la hae bakeng sa bokamoso bo sireletsehileng ’me a lebala ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta: ‘ho ruela ho Molimo.’ Ho nepahetse hobane Bakreste ba ’nete ba etsa kamano le Molimo ntho ea bohlokoahali bophelong ba bona e le hore ba ka qoba leraba la meharo ’me kahoo ea se be karolo ea lefatše.—Johanne 17:16.
17. Mokreste ea itekanetseng o talima bothata ba ho iphelisa joang?
17 Jesu o kile a eletsa: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? Hobane ntho tseo tsohle ke tse batloang ke bahedene.” (Mattheu 6:31, 32) Ke ’nete, bohle re tobane le mathata a mang a tobaneng le “bahedene.” Boholo ba rōna re lokela ho sebetsa ka thata bakeng sa ho phela ho reka lintho tse hlokahalang, lijo, lino, le liaparo. (2 Ba-Thessalonika 3:10-12) Empa re hana ho lumella kameho e joalo ho sira ho ‘ruela ha rōna ho Molimo.’
18. Ho tšepa Jehova ho tla re qobisa leraba la meharo joang?
18 Jehova ke mohloli oa maruo oohle. (Liketso 14:15, 17) O tšepisitse hore o tla hlokomela bahlanka ba hae ka ho khethehileng. Jesu o itse: “Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:32, 33; Pesaleme ea 37:25) Na u kholoa tšepiso eo? Na u tšepa hore Jehova o tla e boloka? Na u tla khotsofalla litokisetso tseo Jehova a tla li etsa? Haeba ho joalo, u tla khona ho qoba leraba la meharo. (Ba-Kolosse 3:5) Tšebeletso ea hao ho Jehova le kamano ea hao le eena kamehla e tla ba le sebaka sa pele, ’me tsela eohle eo u phelang ka eona e tla ba pontšo ea tumelo ea hao ho eena.
Na U-ua Hopola?
◻ Ke batho ba mofuta ofe ba angoang ke meharo?
◻ Re ka ikalosa meharong joang?
◻ Ka linako tse ling meharo e iponahatsa joang?
◻ Ke lipotso life tse re thusang ho bona haeba re qoba leraba la meharo kapa che?
◻ Tšireletso e kholo meharong ke efe?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 19]
Ha Bakreste ba kopanetse khoebo, le kamohla ba se lebale metheo ea Bibele