Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Oct. 15
“Ho ne ho tla hlokahala hore ho etsoe eng hore lefatše le be molemo, le be le thabe haholoanyane? [Emela karabo.] Motho o lekile ’muso o mong ka mor’a o mong bakeng sa ho ntlafatsa lintho. Empa hlokomela maikutlo a Molimo ka sena. [Bala Jeremia 10:23.] Sehlooho sena se senola ‘Senotlolo se Isang Lefatšeng le Thabileng,’ se bontša hore na sena se tla etsahala joang haufinyane.”
Molula-Qhooa Nov. 1
Ha u qeta ho bua ka litaba tse tšoenyang, botsa: “Ke hobane’ng ha batho ba etsa bokhopo bo bokaale? Kaofela re tseba se nepahetseng le se fosahetseng, empa batho ba ntse ba etsa lintho tse mpe. Hobane’ng? [Ha a qeta ho araba, bala Tšenolo 12:9.] Makasine ena e hlalosa tsela eo re ka itšireletsang ka eona ka ho sireletsa matsoalo a rōna.”
Tsoha! Nov. 8
“Mohlomong ua lumela hore re phela linakong tse mabifi. [Ha a qeta ho araba, bala 2 Timothea 3:3.] Hangata liketso tse bontšang ‘bohale’ li etsoa le ka har’a malapa. Sehlooho sena se reng, ‘Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang,’ se na le molaetsa o fanang ka tšepo. E ka ’na eaba u tseba motho e mong eo u ka mo bolellang ka sona.”
Nehelano e ’ngoe: “Na ua lumela hore kajeno batho ba phela tlas’a khatello e ngata ho feta leha e le neng pele? [Emela karabo.] Bibele e boletse sena esale pele. [Bala 2 Timothea 3:1.] Batho ba bangata ba utloa bophelo bo le thata hoo ba telang. Sehlooho se reng ‘U ka Fumana Thuso’ se hlahang makasineng ena se fana ka khothatso ea sebele. Se bontša tsela ea ho loantša ho tela le ea ho etsa hore bophelo bo be le morero.”