Thusa Molebeli oa Hao oa Thuto ea Buka ea Phutheho
1 E mong le e mong oa rōna o rua melemo e mengata Thutong ea Buka ea Phutheho. Khoeling e fetileng re tšohlile kamoo molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho a phethang mosebetsi oa hae kateng. Empa re ka etsa’ng ho mo thusa ’me kahoo ra itsoela molemo le ho tsoela ba bang molemo?
2 E-ba Teng Beke e ’Ngoe le e ’Ngoe: Kaha lihlopha tsa thuto ea buka li bolokoa li le nyenyane, ho ba teng ha hao ke habohlokoa. Iketsetse pakane ea ho ba teng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Hape u ka thusa ka ho fihla ka nako, kaha sena se thusa molebeli ho qalisa seboka ka mokhoa o hlophisehileng.—1 Bakor. 14:40.
3 Litlhaloso Tse Hahang: Tsela e ’ngoe eo u ka thusang ka eona ke ka ho lokisetsa hantle le ka ho fana ka litlhaloso tse hahang. Litlhaloso tse tobisitsoeng ntlheng e le ’ngoe hangata ke tsona tse molemohali, ’me sena se boetse se khothalletsa ba bang ho fana ka litlhaloso. Qoba ho akaretsa serapa kaofela. Haeba ntlha e itseng e u ama pelo, entša puisano ka ho fana ka tlhaloso e hlahisang maikutlo a hao.—1 Pet. 4:10.
4 Haeba u e-na le tokelo ea ho bala lirapa molemong oa sehlopha, phethahatsa kabelo eo ka khothalo. Ho bala hantle ho etsa hore thuto e be e atlehileng.—1 Tim. 4:13.
5 Ho Paka Joaloka Sehlopha: Libakeng tse ngata tsa thuto ea buka ho tšoaroa liboka tsa tšebeletso ea tšimo, ’me ho tšehetsa ha hao litokisetso tsena ho thusa molebeli ha a ntse a etella pele mosebetsing oa ho bolela evangeli. Tiisa hore u kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla. Talima litokisetso tsena e le menyetla ea hore u atamele haufi le barab’eno le ho ba khothatsa.
6 Litlaleho Tsa Tšebeletso ea Tšimo: Tsela e ’ngoe eo u ka thusang molebeli ka eona ke ka ho fana ka tlaleho ea hao ea tšebeletso ea tšimo hang-hang bofelong ba khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Isa tlaleho ea hao ho eena ka ho toba. Mongoli o tla bokella litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tse bokeletsoeng ke balebeli ba thuto ea buka.
7 Ho sebelisana ha hao le molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho ho tla ananeloa. Ka holim’a tsohle, u ka kholiseha hore Jehova o tla ‘ba le moea oo u o bontšang.’—Bafil. 4:23.