Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Thuto ea Buka ea Phutheho
1 Ka 1895, lihlopha tsa thuto tsa Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo, li ile tsa tsejoa e le Lihlopha Tsa Mantsiboea Tsa Thuto ea Bibele. Ho ne ho ithutoa libuka tsa Millennial Dawn. Hamorao, liboka tsena li ile tsa bitsoa Lihlopha Tsa Berea Tsa Thuto ea Bibele. (Lik. 17:11) Hangata sehlopha se senyenyane se ne se kopanela lehaeng la motho mantsiboeeng a loketseng sehlopha. Liboka tsena li ile tsa betla tsela bakeng sa Thuto ea Buka ea Phutheho.
2 Khothatso le Thuso: Kaha lihlopha tsa thuto ea buka li bolokoa li le nyenyane ka morero, ba leng teng ba ba le monyetla o eketsehileng oa hore ba bolele tumelo ea bona phatlalatsa. Phello e ba “ho khothatsana . . . , e mong le e mong ka tumelo ea e mong.”—Bar. 1:12.
3 Ho hlokomela tsela eo molebeli oa thuto ea buka a rutang ka eona ho ka re thusa ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15) Hlokomela kamoo a hatisang Mangolo a tšehetsang boitsebiso. Haeba ho loketse bakeng sa sengoliloeng se ithutoang, a ka ’na a totobatsa lintlha tsa sehlooho ka tlhahlobo e phethang, a sebelisa Bibele feela. Mohlala oa hae o motle o ka re thusa ho ntlafatsa ho ruta ha rōna tšebeletsong ea Bokreste.—1 Bakor. 11:1.
4 Ho phaella ho khanneng thuto ea beke le beke, molebeli oa thuto ea buka o etella pele ho boleleng evangeli. A sebelisana le molebeli oa tšebeletso, o etsa litokisetso tse loketseng tsa tšebeletso ea tšimo. O leka ho thusa bohle sehlopheng ho phetha boikarabelo ba bona ba Bokreste ba ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa.—Mat. 28:19, 20; 1 Bakor. 9:16.
5 Molebeli oa thuto ea buka o thahasella bomoea ba e mong le e mong sehlopheng. O bontša thahasello ena libokeng tsa phutheho le ha a ntse a sebetsa le ba bang tšebeletsong ea tšimo. Hape o sebelisa menyetla ea ho etela barab’abo malapeng a bona e le ho ba abela mpho ea moea. Bohle ba lokela ho ikutloa ba lokolohile ho atamela molebeli oa thuto ea buka hore ba fumane thuso ea moea neng le neng ha ho hlokahala.—Esa. 32:1, 2.
6 Matlafatsanang: Linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa batho ba Molimo o thibetsoeng, hangata barab’abo rōna ba bokana ka lihlopha tse nyenyane. Mora e mong oabo rōna oa hopola: “Le hoja mesebetsi ea rōna ea Bokreste e ne e thibetsoe, neng le neng ha ho khoneha re ne re tšoara liboka tsa rōna tsa beke le beke ka lihlopha tsa ba ka bang 10 ho ea ho 15. Liboka li ne li re matlafatsa moeeng, ka ho ithuta Bibele le ho thabela botsoalle ka mor’a thuto. Re ne re bapisa liphihlelo tsa rōna, ’me sena sa re thusa ho hlokomela hore e mong le e mong oa rōna o loana ntoa e tšoanang.” (1 Pet. 5:9) Ka ho tšoanang, e se eka re ka matlafatsana ka ho tšehetsa tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho ka botlalo.—Baef. 4:16.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho e qalile joang?
2. Re ka tlatsetsa joang ‘ho khothatsaneng’ thutong ea buka?
3, 4. Tokisetso ea thuto ea buka e re thusa joang ho phetha tšebeletso ea rōna?
5. Motho a ka fumana thuso efe ka tokisetso ea thuto ea buka?
6. (a) Barab’abo rōna linaheng tse ling ba matlafalitsoe joang ke ho bokana ka lihlopha tse nyenyane? (b) U ruile molemo joang tokisetsong ea thuto ea buka?