U ka Rua Molemo Joang Sehlopheng sa Hao sa Tšebeletso ea Tšimo?
1. Ke melemo efe ea Thuto ea Buka ea Phutheho eo re ntseng re ka e fumana sehlopheng sa rōna sa tšebeletso ea tšimo?
1 Na u hloloheloa lintho tse ling tseo re neng re li thabela Thutong ea Buka ea Phutheho? Lihlopha li ne li le nyenyane ’me batho ba ne ba phutholoha. Sena se ne se etsa hore ho be bonolo hore re be le metsoalle e neng e re thusa hore tumelo ea rōna e lule e le matla. (Liprov. 18:24) Molebeli oa thuto ea buka o ne a tseba maemo a rōna ka ho khetheha ’me o ne a khona ho re khothatsa. (Liprov. 27:23; 1 Pet. 5:2, 3) Re ntse re ka fumana melemo ena lihlopheng tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo.
2. Re ka nka bohato bofe e le hore re be le metsoalle sehlopheng sa rōna sa tšebeletso ea tšimo e ka re thusang hore tumelo ea rōna e lule e le matla?
2 Nka Bohato: Hangata lihlopha tsa tšebeletso ea tšimo li lekana le lihlopha tsa thuto ea buka. Ha re sebetsa re “bapile ka mahlakore” le ba bang tšebeletsong ea tšimo, seo se ka etsa hore ho be le setsoalle se matla pakeng tsa rōna. (Bafil. 1:27) Ke batho ba bakae bao u kileng ua sebetsa le bona sehlopheng sa heno? Na e ke ke ea e-ba hantle hore u “atolohe” ka hore u sebetse le bona? (2 Bakor. 6:13) Ho phaella moo, ka linako tse ling re ka ’na ra mema e mong sehlopheng sa rōna hore a kopanele le rōna Borapeling ba Lelapa ba mantsiboea kapa re mo memele lijong. Liphuthehong tse ling, lihlopha tsa tšebeletso ea tšimo li chenchana ka ho lokisetsa sebui sa moeti lijo. Bekeng eo sehlopha se abetsoeng ho lokisetsa sebui sa moeti lijo, sea kopana ebe se ja hammoho le ho khothatsana esita le haeba sebui se hlōleha ho tla lijong.
3. Ke menyetla efe eo re nang le eona ea ho etsetsoa maeto a bolisa lihlopheng tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo?
3 Le hoja hona joale phutheho e se e kopana habeli feela ka beke, sena ha se bolele hore ho lokela ho fokotsoe maeto a bolisa ao bahoeletsi ba a etsetsoang. Sehlopheng se seng le se seng balebeli ba lihlopha ba abetsoe hore ba khothatse motho e mong le e mong ho latela litlhoko tsa hae le hore ba mo koetlise tšebeletsong ea tšimo. Haeba molebeli oa sehlopha sa lōna ha a e-s’o lokisetse ho sebetsa le uena tšebeletsong ea tšimo, e ka ba hantle hore u kōpe ho sebetsa le eena. Ho phaella moo, molebeli oa tšebeletso o sebetsa le lihlopha tse fapa-fapaneng tšebeletsong ea tšimo beke e le ’ngoe khoeli le khoeli. Liphuthehong tse nyenyane moo ho se nang lihlopha tse ngata tsa tšebeletso ea tšimo, a ka ’na a lokisetsa hore a etele sehlopha se seng le se seng habeli ka selemo. Na u hlophisa kemiso ea hao e le hore u be teng tšebeletsong ea tšimo ha molebeli oa tšebeletso a etetse sehlopha seo u leng ho sona?
4. (a) Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li hlophisoa joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka taba ea ho bula matlo a rōna hore a sebelisetsoe seboka sa tšebeletso ea tšimo?
4 Hangata ho molemo hore mafelong a beke, sehlopha se seng le se seng se tšoare seboka sa tšebeletso ea tšimo se le seng. Ha le e-na le libaka tse ’maloa tseo le kopanang ho tsona bakeng sa seboka sa tšebeletso ea tšimo mohlomong le bile le kopana ka nako e batlang e tšoana, seo se tla etsa hore bahoeletsi ba nolofalloe ho ea sebokeng sa tšebeletso ea tšimo hammoho le tšimong. Bahoeletsi ba tla hlophisoa kapele ’me ba ee moo tšimo e sebetsoang teng ka potlako. Hape ho tla ba bonolo hore molebeli oa sehlopha a behe batho ba sehlopheng sa hae leihlo. Leha ho le joalo, ka lebaka la maemo a itseng lihlopha tse peli kapa tse fetang moo li ka ’na tsa kopanngoa. Haeba phutheho e kopana kaofela ha e e-ea tšebeletsong ea tšimo Moqebelong oa pele oa khoeli kapa ka mor’a Thuto ea Molula-Qhooa, hangata ho molemo hore sehlopha se seng le se seng se lule hammoho ’me molebeli oa sehlopha a fuoe metsotso e seng mekae hore a hlophise sehlopha sa hae pele ho etsoa thapelo e koalang.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Na U ka Bula Ntlo ea Hao Hore e Sebelisetsoe Seboka sa Tšimo?”
5. Le hoja re se re se na Thuto ea Buka ea Phutheho, re ka kholiseha ka eng?
5 Le hoja re se re se na Thuto ea Buka ea Phutheho, Jehova o ntse a tsoela pele ho re fa lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re etse thato ea hae. (Baheb. 13:20, 21) Kaha Jehova oa re hlokomela, ha re hloke letho. (Pes. 23:1) Re fumana mahlohonolo a mangata ha re kopanela mosebetsing oa boboleli lihlopheng tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo. Haeba re nka bohato ’me re ‘jala haholo,’ re tla ‘kotula haholo.’—2 Bakor. 9:6.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Na U ka Bula Ntlo ea Hao Hore e Sebelisetsoe Seboka sa Tšimo?
Liphutheho tse ling li kopanya lihlopha ha li etsa tšebeletso ea tšimo mafelong a beke hobane libaka tsa ho tšoarela liboka tsa tšebeletso ea tšimo li haella. Liboka tsa tšebeletso ea tšimo ke tokisetso ea phutheho, kahoo, ke tlotla hore motho a bule ntlo ea hae hore ho tšoareloe liboka tsena. Na u ka bula ntlo ea hao? U se ke ua ba leqe hobane ntlo ea hao e le ea boemo bo tlaase. Baholo ba tla nahana ka taba ea hore na ntlo ea hao e sebakeng sefe le ka lintho tse ling tse tšoanang le tseo ba neng ba nahana ka tsona ha ba ne ba khetha litsi tsa thuto ea buka. Haeba u batla ho bula ntlo ea hao, tsebisa molebeli oa sehlopha sa lōna.