Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/12 leq. 7
  • Litsela Tse Hlano Tsa ho Fumana Thuto ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tse Hlano Tsa ho Fumana Thuto ea Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Kōpa Liithuti ho U Fa Mabitso a ba Bang ba ka Ratang ho Ithuta?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Karolo ea 7: Ho Rapela Thutong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 10/12 leq. 7

Litsela Tse Hlano Tsa ho Fumana Thuto ea Bibele

1. Haeba re thatafalloa ke ho fumana thuto ea Bibele tšimong ea habo rōna, re lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

1 Na u ’nile ua thatafalloa ke ho fumana motho eo u ka ithutang Bibele le eena? U se ke ua tela. Jehova o hlohonolofatsa batho ba sa teleng ho etsa thato ea hae. (Bagal. 6:9) Ka tlaase mona ho na le litlhahiso tse hlano tse tla u thusa.

2. E le hore re qalise thuto ea Bibele, re ka e kōpa joang ka ho toba?

2 Kōpa Thuto ea Bibele ka ho Toba: Batho ba bangata baa tseba hore re fa batho Molula-Qhooa le Tsoha!, empa e ka ’na eaba ha ba tsebe hore re ruta batho Bibele. E ka ba hantle hore ha u etsa mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo, u kōpe thuto ea Bibele ka ho toba. U ka ’na ua boela ua botsa batho ba thahasellang molaetsa hore na ba ka rata ho ithuta Bibele. Haeba ba sa lumele, u ka ’na ua tsoela pele u ba fa lingoliloeng u ntse u loanela ho ba thusa hore ba thahaselle molaetsa. Mora e mong oabo rōna o ’nile a etela banyalani ba bang ka lilemo, a ba isetsa limakasine kamehla. Ka lekhetlo le leng ha a qeta ho ba siela limakasine tsa morao-rao o ile a reteleha a re oa tsamaea, empa a nahana hore a ke a ba botse: “Na le ka rata ho ithuta Bibele?” O ile a makala ha ba bolela hore ba ka rata. Hona joale ba kolobelitsoe.

3. Na re lokela ho nahana hore batho ba tlang libokeng ba se ba ntse ba ithuta Bibele le motho e mong? Hlalosa.

3 Batho ba Tlang Libokeng: U se ke ua nahana hore batho ba thahasellang ba tlang libokeng tsa phutheho ba se ba ntse ba ithuta Bibele. Mora e mong oabo rōna o re: “Batho ba bangata bao ke ’nileng ka ithuta Bibele le bona, ke bao ke ileng ka bua le bona ha ba tlile libokeng.” Morali e mong oabo rōna o ile a etsa qeto ea ho buisana le ’mè e mong ea lihlong eo barali ba hae ba kolobelitsoeng ba neng ba le phuthehong ea habo. ’Mè eo o ne a ’nile a ba teng libokeng tsa phutheho ka lilemo tse ka bang 15 ’me kamehla o ne a fihla Holong ea ’Muso ha liboka li se li tlil’o qala, a tsamaea hang-hang ha li fela. ’Mè eo o ile a lumela ho ithuta Bibele ’me hamorao o ile a kolobetsoa. Morali eo oabo rōna o ile a ngola a re: “Ke masoabi hore ebe ke ile ka ema ho fihlela ho fetile lilemo tse 15 pele nka mo botsa hore na a ka rata ho ithuta!”

4. Re ka fumana lithuto joang ka hore re botse ba bang?

4 Botsa Batho ba Bang: Morali e mong oabo rōna o etsa boiteko ba ho tsamaea le batho ba bang ha ba e-ea lithutong tsa bona tsa Bibele. Ha motho eo a tsamaeang le eena a mo lumella, qetellong ea thuto o botsa motho ea ithutang hore na o tseba batho ba bang ba ka ’nang ba thabela hore le bona ba ithute Bibele. Ha u fa motho eo u ’nileng ua mo etela buka ea Seo Bibele e se Rutang, u ka ’na ua mo botsa: “Na ho na le motho e mong eo u mo tsebang ea ka ’nang a thabela ho ba le buka ee?” Ka linako tse ling, ka lebaka la maemo bahoeletsi ba bang hammoho le bo-pula-maliboho ha ba khone ho khannela batho bao ba kopanang le bona tšimong thuto. Kahoo, bolella ba bang hore u ntse u batla lithuto tsa Bibele.

5. Ke hobane’ng ha e ka ba hantle hore re botse balekane bao e seng Bakreste ba batho bao re nang le bona phuthehong hore na ba ka rata ho ithuta Bibele?

5 Balekane Bao e Seng Bakreste: Na phuthehong ea heno ho na le bahoeletsi bao balekane ba bona e seng Bakreste? Batho ba bang bao e seng Bakreste ha ba batle ho bua ka Bibele le balekane ba bona bao e leng Bakreste empa ba ka lumela ho ithuta Bibele le motho e mong eo e seng setho sa lelapa la bona. Hangata e ka ba hantle hore u buisane le molekane eo e leng Mokreste pele, e le hore a u bolelle hore na tsela e molemo ea ho buisana le molekane oa hae e ka ba efe.

6. Thapelo ke ea bohlokoa hakae haeba re batla ho fumana thuto ea Bibele?

6 Thapelo: U se ke ua halala thapelo. (Jak. 5:16) Jehova o re tšepisa hore o tla mamela likōpo tsa rōna haeba li le tumellanong le thato ea hae. (1 Joh. 5:14) Mora e mong oabo rōna ea neng a le maphathaphathe haholo o ile a rapella hore a be le thuto ea Bibele. Mosali oa hae o ne a ipotsa hore na a ka hla a khona ho hlokomela motho eo a ithutang le eena, haholo-holo haeba a e-na le mathata a mangata. Kahoo, mosali eo o ile a bua le Jehova ka taba ena e neng e mo tšoenya ha a ntse a rapella hore monna oa hae a fumane thuto. Lithapelo tsa bona li ile tsa arajoa hoo e ka bang libeke tse peli hamorao ha pula-maliboho e mong a ne a fumana monna e mong ea neng a batla ho ithuta Bibele ’me a kōpa hore mora eo oabo rōna a ithute le eena. Morali’abo rōna o re: “Ho motho e mong le e mong ea nahanang hore a ka imeloa ke ho khanna thuto ea Bibele, ke re: Toba taba ha u rapela ’me u se ke ua khaotsa ho rapela ka taba eo. Re thabile ka tsela eo ke neng ke sa nahane hore re ka thaba ka eona.” Haeba u mamella, le uena u ka ’na ua khona ho fumana thuto ea Bibele ’me ua fumana thabo e tlisoang ke ho thusa motho e mong hore a kene ‘tseleng e isang bophelong.’—Mat. 7:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela