Karolo ea 7: Ho Rapela Thutong
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1. (a) Ke hobane’ng ha ho loketse ho rapela ha ho qaloa le ha ho phethoa thuto ea Bibele? (b) Re ka kenyelletsa thapelo joang thutong ea Bibele?
1 E le hore liithuti tsa Bibele li tsoele pele moeeng, ho hlokahala tlhohonolofatso ea Jehova. (1 Bakor. 3:6) Ka lebaka leo, ho loketse ho rapela ha ho qaloa le ha ho phethoa thuto e tsitsitseng. Hangata re ka etsa sena ho tloha thutong ea pele ho batho ba sekametseng bolumeling. Ho ba bang, ho ka ’na ha hlokahala hore re hlokomele hore na nako e loketseng ke efe ea ho rapela thutong. U ka ’na ua sebelisa Pesaleme ea 25:4, 5 le 1 Johanne 5:14 ho thusa seithuti ho bona hore na ke hobane’ng ha thapelo e lokela ho etsoa ’me hape u sebelise Johanne 15:16 ho hlalosa bohlokoa ba ho rapela Jehova ka Jesu Kreste.
2. Haeba morali’abo rōna a ea thutong ea Bibele le mor’abo rōna ea kolobelitsoeng kapa mohoeletsi oa monna ea sa kolobetsoang, ke mang ea tla rapela?
2 Ke mang ea lokelang ho rapela thutong ea Bibele? Haeba morali’abo rōna a ea thutong le mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, mor’abo rōna o tla rapela, le hoja e le morali’abo rōna ea khannang thuto a roetse hloohong. (1 Bakor. 11:5, 10) Ka lehlakoreng le leng, haeba mohoeletsi oa ’Muso oa monna ea sa kolobetsoang a ea le morali’abo rōna thutong, morali’abo rōna o tla rapela. Boemong bo joalo, morali’abo rōna o lokela ho roala hloohong ha a rapela esita le ha a khanna thuto.
3. Ho ka akarelletsoa lintlha life tse loketseng lithapelong tse etsoang thutong ea Bibele?
3 Se ka Akarelletsoang Thapelong: Ha ho hlokahale hore lithapelo tse etsoang thutong ea Bibele li be telele, empa li lokela ho toba taba. Ntle le ho kōpa tlhohonolofatso ea Molimo thutong le ho leboha linnete tse ithutiloeng, ho loketse ho lebisa thoriso ho Jehova joaloka Mohloli oa thuto eo. (Esa. 54:13) Hape re ka akarelletsa lipolelo tse bontšang thahasello ea sebele eo re nang le eona seithuting le kananelo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oo Jehova a o sebelisang. (1 Bathes. 1:2, 3; 2:7, 8) Ho kōpa tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba seithuti ba ho sebelisa seo se ithutang sona ho ka se thusa ho bona bohlokoa ba ho ba ‘mophethi oa lentsoe.’—Jak. 1:22.
4. Ho rapela ha ho qaloa le ha ho phethoa thuto ea Bibele ho tlisa melemo efe e eketsehileng?
4 Thapelo e na le melemo e mengata. E tlisa tlhohonolofatso ea Molimo. (Luka 11:13) E hatisa hore ho ithuta Lentsoe la Molimo ke taba e tebileng. Ha seithuti se mamela lithapelo tsa rōna, se ithuta ho rapela. (Luka 6:40) Ho feta moo, lithapelo tse tlohang pelong e tletseng lerato bakeng sa Molimo le teboho bakeng sa litšoaneleho tsa hae tseo ho seng ea ka bang le tsona li ka thusa seithuti ho hlaolela kamano e haufi le Jehova.