Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/03 leq. 1
  • Ho Paka re le Sehlopha ho Tlisa Thabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Paka re le Sehlopha ho Tlisa Thabo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Rua Molemo Joang Sehlopheng sa Hao sa Tšebeletso ea Tšimo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Liboka Tsa Tšebeletso ea Tšimo Tse re Tsoelang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Rua Molemo ka Botlalo Libokeng Tsa Tšebeletso ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 7/03 leq. 1

Ho Paka re le Sehlopha ho Tlisa Thabo

1 Ha a roma barutuoa ba 70 mosebetsing oa boboleli, Jesu o ile a ba laela seo ba tlamehang ho se bua, a ba roma ka bobeli ka bobeli ’me a lokolisa tšimo eo ba neng ba lokela ho e sebetsa. Sena se ile sa ba thabisa. (Luka 10:1-17) Ka ho tšoanang kajeno, ho paka re le sehlopha ho hlomella batho ba Molimo, ho etsa hore ba hlophisehe le ho khothala mosebetsing oa boboleli.

2 Baholo Ba Etella Pele: Baholo ba phetha karolo ea bohlokoa ea ho thusa bohle hore ba kopanele kamehla mosebetsing oa boboleli. Molebeli oa tšebeletso ke eena ea etellang pele ka ho etsa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo har’a beke. Ke boikarabelo ba molebeli e mong le e mong oa thuto ea buka ho hlophisa tšebetso ea sehlopha sa hae, haholo-holo ka mafelo-beke. Ka linako tse ling ha phutheho eohle e e-ba le seboka sa tšebeletso ea tšimo, mohlomong ka mor’a thuto ea Molula-Qhooa, molebeli e mong le e mong oa thuto ea buka o lokela ho hlophisa sehlopha sa hae.

3 “Ka Mokhoa o Hlomphehang le ka Tlhophiso”: Ea abetsoeng ho khanna seboka sa tšebeletso ea tšimo o lokela ho qala ka nako ’me a tiise hore seboka se nka metsotso e 10 kapa e 15. Ho ka ba molemo hore pele ho koaloa ka thapelo a abe lihlopha le ho li fa tšimo (ntle le haeba seo se tla etsoa ke molebeli oa thuto ea buka, joalokaha ho boletsoe pejana). Sena se fokotsa menyetla ea hore bahoeletsi ba bokane ka lihlotšoana tšimong, e leng ntho e ka tlosang mosebetsi oa rōna seriti. Hape se lumellana hantle le keletso ea Pauluse e reng: “Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:40) Kaofela ba bang teng libokeng tsena ba lokela ho etsa hore tokisetso ena e sebetse ka hore ba fihle ka nako, ba sebelisane hantle le ea etellang pele ’me ba ee tšimong hang-hang ha sehlopha se lokolloa.

4 Ho Sebeletsa Hammoho ka Kutloano: Litokisetso tsa ho paka re le sehlopha li re fa monyetla o motle oa ho tloaelana le ba bang ka phuthehong. Le hoja ho sa haneloe hore mohoeletsi e mong a kōpe esale pele ho sebetsa le e mong, e ka boela ea e-ba hantle hore re kopanele seboka sa tšebeletso ea tšimo re sa etsa litokisetso esale pele. Re ka ’na ra abeloa ho sebetsa le motho e mong eo re sa mo tloaelang hantle, ka ho etsa joalo re tla ba le monyetla oa ho ‘atolosa’ lerato la rōna.—2 Bakor. 6:11-13.

5 Ho paka re le sehlopha hoa re khothatsa ebile ho re kopanya hammoho re le “basebetsi-’moho ’neteng.” (3 Joh. 8) E se eka re ka ho tšehetsa ka botlalo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela