Ho Sebetsa ka Thata ho Etseng Thato ea Molimo
1 Mosebetsi o thata o nang le morero o hlahisang liphello tse lakatsehang o khotsofatsa ka ho fetisisa. (Moek. 3:13) Kajeno ke mosebetsi ofe o etsoang o nang le tebello e khōlōhali ea ho tlisa thabo hona joale le nakong e tlang e ke keng ea fela? Karabelo e ’ngoe feela—ho etsa thato ea Molimo. Mabaka a sena a tla hlahlobjoa ka botlalo ka lipuo, lipontšo, le liphihlelo lenaneong la rōna la letsatsi le khethehileng la kopano bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1992. Sehlooho sa lenaneo e tla ba “Ho Sebetsa ka Thata ho Etseng Thato ea Molimo.”—Ba-Ef. 6:6; 1 Tim. 4:10.
2 Kajeno ba bangata ha baa khotsofala ’me bophelo bo ba tšoentse ka ho teba, karolo e khōlō ea ho tšoenyeha e bakoa ke mosebetsi o sa ba thabiseng. Ho fapana le hoo, ho etsa thato ea Jehova ka ho etsisa Kreste ho tlatsa bophelo ba rōna ka morero ’me ho re nolofalletsa ho etsa mesebetsi ea boipheliso ka boikutlo bo botle. Ho sebetsa ka thata ho etsa thato ea Molimo ho akarelletsa eng? Tse ling tsa lintho tseo re tlamehang ho itebela khahlanong le tsona e le hore re ka tsoela pele re phelela thato ea Molimo ke life? Mabapi le mosebetsi oa boboleli le ho ruta, ke habohlokoa hakae ho latela litaelo le litlhahiso tse fanoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? Ke menyetla efe e ikhethang e teng bakeng sa bacha ba amehileng ka ho etsa thato ea Molimo?
3 Lenaneo le tla arabela lipotso tsena ka ho khotsofatsang, ’me le tla kopanyelletsa lipuo tse peli tsa sehlooho “Na Thato ea Molimo e Laola Bophelo ba Hao?” le “Morero oa Rōna Bophelong—Ke ho Etsa Thato ea Molimo.” Lokisetsa hona joale ho ba teng le ho thabela lenaneo lena le khethehileng ka botlalo.