Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/13 leq. 1
  • Lentsoe la Molimo le Molemo Bakeng sa ho Ruta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lentsoe la Molimo le Molemo Bakeng sa ho Ruta
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano le Khethehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Thabela Melemo ea Thuto ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Sireletsa Kelello ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • ‘Thato ea Molimo e ke e Etsahale’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 8/13 leq. 1

Lentsoe la Molimo le Molemo Bakeng sa ho Ruta

1. Sehlooho sa kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2014 ke sefe ʼme lenaneong ho tla arajoa lipotso life?

1 ‘Morupeli oa rōna e Moholo,’ e leng Jehova, ke mosuoe ea hloahloa ka ho fetisisa bokahohleng. (Esa. 30:20, 21) Empa o re rupela joang? O re file buka e fetang libuka tsohle, e leng Lentsoe la hae, Bibele. Thuto ea Molimo e ka re tsoela molemo joang ʼmeleng, kelellong, maikutlong le moeeng? Karabo ea potso ena e tla tšohloa lenaneong la kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2014. Sehlooho sa lenaneo lena se reng, “Lentsoe la Molimo le Molemo Bakeng sa ho Ruta,” se thehiloe ho 2 Timothea 3:16.

2. Lintlha tsa sehlooho li tla totobatsoa ke likarabo tsa lipotso life?

2 Ela Hloko Lintlha Tsena Tsa Sehlooho: Lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo li tla totobatsoa ke likarabo tsa lipotso tse latelang:

• Thuto ea Molimo e ama bophelo ba rōna joang? (Esa. 48:17, 18)

• Re ka kholiseha ka eng haeba re batla ho fetola maemo a rōna e le hore re sebeletse Jehova ka nako e tletseng? (Mal. 3:10)

• Re lokela ho etsa’ng ha re thulana le “lithuto tse sa . . . tloaelehang”? (Baheb. 13:9)

• Re ka etsisa “tsela ea [Jesu] ea ho ruta” joang? (Mat. 7:28, 29)

• Ke hobane’ng ha mesuoe ea phutheho le eona e lokela ho ithuta? (Bar. 2:21)

• Lentsoe la Molimo le molemo bakeng sa eng? (2 Tim. 3:16)

• Ho ‘sisinngoa’ ha lichaba ho ama batho joang? (Hag. 2:6, 7)

• Jehova o kholisehile ka eng ka rōna? (Baef. 5:1)

• Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho lula thutong ea Jehova? (Luka 13:24)

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be teng re be re mamele ka hloko lenaneong lee le lokisitsoeng ka nako e nepahetseng?

3 Ho 2 Timothea khaolo ea  3, pele Pauluse a ngola mantsoe ao sehlooho sa lenaneo lena se thehiloeng ho ʼona, o hlalositse linako tse mahlonoko tse neng li tla khetholla matsatsi a ho qetela. O ile a ngola a re: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Tim. 3:13) E le hore re se ke ra khelosoa, ke habohlokoa hakaakang hore re mamele thuto ea Molimo re be re e sebelise! Kahoo, e se eka re ka ikemisetsa ho ba teng le ho mamela ka hloko lenaneong lena le lokisitsoeng ka nako e nepahetseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela