‘Thato ea Molimo e ke e Etsahale’
1. Sehlooho sa lenaneo la kopano e khethehileng ea letsatsi ea selemo sa tšebeletso sa 2012 se re’ng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore re se tšohle?
1 Re ile ra bōptjoa hobane e le thato ea Jehova. (Tšen. 4:11) Kahoo, re ke ke ra phetha morero oa ho ba teng ha rōna haeba re sa ithute thato ea Molimo re bile re sa e etse. Sena hase bonolo hakaalo, hobane re lokela ho loana le tšekamelo e ka likelellong le lipelong tsa rōna ea ho etsa “lintho tse ratoang ke nama le ke menahano” kapa ea ho etsa “thato ea lichaba.” (Baef. 2:3; 1 Pet. 4:3; 2 Pet. 2:10) Haeba Molimo a sa re thuse, re ka ba ra kena bothateng ba ho ‘tšoasoa ke [Diabolose] re phela bakeng sa thato ea hae.’ (2 Tim. 2:26) Lenaneo la kopano ea rōna e khethehileng ea letsatsi ea selemo sa tšebeletso sa 2012 le tla re thusa e mong le e mong oa rōna hore a iphaphathe le e ’ngoe ea lintho tse tharo tse ka sehloohong tseo Jesu a re rutileng ho li rapella, ha a re, “thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng.”—Mat. 6:9, 10.
2. Ke lipotso life tse tla arajoa nakong ea lenaneo?
2 Lipotso Tse Tla Arajoa: Ha u ntse u mametse lenaneo, leka ho fumana likarabo tsa lipotso tsena: Ke eng ea bohlokoa joaloka ho utloa Lentsoe la Molimo? Re ka etsa joang hore re tsoele pele ho lemoha seo thato ea Molimo e leng sona ka rōna? Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho finyella batho ba mefuta eohle? Re ka fumana bophelo bo enneng le bo khotsofatsang joang? Bacha, ke eng eo le lokelang ho e bontša Jehova? Re tla fumana melemo efe ha re etsa thato ea Molimo? Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re matlafatse ba bang re be re ba khothatse?
3. Re ka rua molemo ka botlalo joang lenaneong la kopano e khethehileng ea letsatsi?
3 Tiisa hore u ba teng ’me u mamela lenaneo ka tsebe e lethoethoe. Mohlomong moemeli oa lelapa la Bethele kapa molebeli ea tsamaeang e tla be e le eena sebui sa moeti. Ikutloe u lokolohile hore pele ho lenaneo le ka mor’a lenaneo, u buisane le eena le mofumahali oa hae haeba a nyetse. Ha u khutlela lapeng, u se ke ua ba “moutloi ea lebalang,” empa ikhopotse lintlha tsa lenaneo hammoho le litho tsa lelapa ’me le buisane ka tsela eo ka eona le ka iphaphathang le thato ea Molimo ka botlalo.—Jak. 1:25.
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etelletse pele ho etsoa ha thato ea Molimo?
4 Haufinyane ba phehellang litakatso tsa bona le ba hanang ho ikokobelletsa thato ea Jehova ba tla felisoa. (1 Joh. 2:17) Ka lebaka leo, rea leboha hore ebe Jehova o lokiselitse boitsebiso bona bo nakong ho re thusa hore re etelletse pele ho etsoa ha thato ea hae!