Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/12 leq. 2
  • Sireletsa Kelello ea Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sireletsa Kelello ea Hao
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Ho Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Sireletsa Letsoalo la Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tokisetso e Etselitsoeng Bahlanka ba Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 8/12 leq. 2

Sireletsa Kelello ea Hao

1. Sehlooho sa kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2013 se re’ng, hona morero oa kopano eo ke ofe?

1 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba rate Jehova ka lipelo tsohle, moea oohle le likelello tsohle tsa bona. (Mat. 22:37, 38) Morero oa likopano tsa setereke, tsa potoloho le tse khethehileng tsa letsatsi selemong sena, ke ho re thusa hore re matlafatse seo re leng sona ka hare. Le tla hopola hore sehlooho sa kopano ea setereke ea 2012 se re “Sireletsa Pelo ea Hao!” Sehlooho sa kopano e khethehileng ea letsatsi ea selemo sa tšebeletso sa 2013 se re “Sireletsa Letsoalo la Hao.” Sehlooho sa likopano tsa potoloho tse tla qala khoeling e tlang se re “Sireletsa Kelello ea Hao,” ’me se thehiloe ho Matheu 22:37. Lenaneo la kopano ea potoloho le lokiselitsoe ho thusa e mong le e mong oa rōna hore a hlahlobe monahano oa hae e le hore o khahlise Jehova.

2. Re lokela ho ela hloko likarabo tsa lipotso life nakong ea lenaneo?

2 Lintlha Tse Tla Tšohloa: Ha re ntse re mametse lenaneo la kopano ea potoloho, re lokela ho ela hloko likarabo tsa lipotso tsena, kaha ke lintlha tse ka sehloohong:

• Re ka qoba ho nahana “menahano ea batho” joang?

• Re ka thusa joang ho tlosa lesira le foufatsang likelello tsa ba sa lumelang?

• Re batla ho ba le boikutlo bofe ba kelello?

• Ho thuisa ka lintho tse loketseng ho na le melemo efe?

• Re ka lumella Jehova joang hore a susumetse monahano oa rōna?

• Banna, basali, batsoali le bana ba ka kenya letsoho joang thabong ea lelapa?

• Re ka itokisetsa letsatsi la Jehova joang?

• Ho hlomella likelello tsa rōna bakeng sa tšebetso ho bolela eng?

• Ba sebelisang seo ba ithutang sona ba rua molemo ofe?

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be teng kopanong ea potoloho ka matsatsi ’ohle a mabeli, re mamelisise re be re sebelise seo re ithutang sona?

3 Satane o loanela ho senya likelello tsa rōna. (2Ko 11:3) Ka lebaka leo, re lokela ho sireletsa likelello tsa rōna le ho laola menahano ea rōna. Re lokela ho tsoela pele re bonahatsa kelello ea Kreste ’me re loantše litšusumetso tsa lefatše lena le se nang molao. (1Ko 2:16) Kahoo etsa litokisetso tsa ho ba teng kopanong ea potoloho ka matsatsi ’ohle a mabeli. Mamelisisa. Ho sebelisa boitsebiso ba bohlokoa bo fanoang ho tla re thusa ho hlomella likelello tsa rōna bakeng sa ho etsa tšebeletso ea ’Muso ka cheseho.—1 Pet. 1:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela