Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
1 Ho qala ka September, sehlooho sa likopano tsa potoloho e tla ba “Mamela ’me U Ithute ho Phetha Lentsoe la Molimo.” Sehlooho sena, se thehiloeng ho Deuteronoma 31:12, 13, se fana ka motheo o loketseng oa hore lenaneo lohle le totobatse lithuto tseo ho hlokahalang hore re ithute tsona le ho li sebelisa.
2 Le hoja batho ba bangata kajeno ba mamela lipolelo tse khelosang tse bululetsoeng, ho na le tlhokahalo ea bohlokoa ea hore e mong le e mong oa rōna a mamele Lentsoe la Molimo ’me a ithute ho le phetha. (Luka 11:28; 1 Tim. 4:1) Ho nahanetsoe sena, lenaneo la kopano ea potoloho le etselitsoe ho fana ka khothatso le thuso ho bahoeletsi, malapa, baholo le bo-pula-maliboho. Ka Moqebelo, ho tla ba le puo ea neheletsano ea likarolo tse ’nè tlas’a sehlooho se reng “Ho Sebetsana le Mathata a Rōna ka Katleho—Ka ho Ela Hloko Lentsoe la Molimo.” ’Me ka Sontaha hoseng, ho tla ba le puo ea neheletsano e nang le sehlooho se reng “Kamoo Mangolo a Laeang ka ho Loka.” Lenaneo lohle le tla fana ka khothatso ea moea eo uena le lelapa la hao le sa lokelang ho fosoa ke eona.
3 Ka Moqebelo le ka Sontaha, ho tla fanoa ka litlhahiso tse sebetsang le lipontšo tsa tšebeletso ea tšimo. Ho tla boetse ho be le liphihlelo le lipuisano ka lipotso tse khothatsang le tse rutang. Ka hona, ka ho ba teng le ho mamela ka sepheo sa ho sebelisa seo u ithutang sona, u tla ba boemong bo molemo ba ho phetha ka ho feletseng litaelo tsa Lentsoe la Molimo.
4 E ’ngoe ea lintlha tse khōlō tsa kopano ea potoloho e tla ba ho kolobetsoa ha baena le bo-khaitseli ba sa tsoa inehela. Nako e telele pele ho polelo ena ea phatlalatsa ea boinehelo ba bona, ba eang kolobetsong ba lokela ho bolella molebeli ea okamelang hore ba lakatsa ho kolobetsoa e le hore a ka lokisetsa hore baholo ba teane le bona.
5 Puo ea phatlalatsa bakeng sa letoto lena la kopano ea potoloho e na le sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha U Tataisoa ke Bibele?” Memang batho ba thahasellang hore ba be teng. Kaha re lebelletse khothatso le thuso tse hlokahalang haholo tseo uena le lelapa la hao le tlang ho li fumana, etsang litokisetso tse tobileng tsa ho ba teng lenaneong lohle.