Lulang le Falimehile ˈme le Ipoloke le Hlaphohetsoe Likelellong
1 Ka baka la boemo ba lefatše bo ntseng bo fetoha khafetsa, ke ho loketseng hakaakang hore ebe sehlooho sa kopano ea potoloho bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1991 ke se reng “Lulang le Falimehile ˈme le Ipoloke le Hlaphohetsoe Likelellong.“ (1 Ba-Thess. 5:6, NW) Letoto lena le tla qala ka September. Kaofela ha rōna re lokela ho etsa litokisetso tsa ho ba teng hang feela ha molebeli oa rōna oa potoloho a re tsebisa matsatsi ao.
2 Tse ling tsa lintlha tse ikhethang tsa lenaneo li tla akarelletsa neheletsano e nang le likarolo tse ‘nè e etselitsoeng ho re thusa’ ˈho ipoloka re hlaphohetsoe likelellong linthong tsohle.’ (2 Tim. 4:5, NW) Ho sa tsotellehe nako e fetileng eo e ka ˈnang eaba re ne re sa hlaphoheloa likelellong ka eona, hona joale re ka atleha joang ho qoba maraba a Satane le ho hanela moea oa lefatše? Tiiseha hore ha u fosoe ke boitsebiso bona ba bohlokoa. Kopanong eohle ea matsatsi a mabeli, re tla boetse re hlokomelisoa keletso e sebetsang e f uperoeng ke khatiso Lipotso Bacha Baa Botsa−Likarabo tse Sebetsang. U ka ˈna ua lakatsa ho tla le kopi ea hao. Bacha ka ho khetheha ba tla batla ho lebisa tlhokomelo e khethehileng. boitsebisong bo lebisoang ho bona ke molebeli oa potoloho ka Moqebelo. Joaloka mehleng, ho tla ba le litokisetso tsa kolobetso ka Moqebelo, kahoo ba lakatsang ho tšoantšetsa boinehelo ba bona kopanong ea potoloho ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang esale pele kapele kamoo ho ka khonehang.
3 Sontaha hoseng ho tla hlakisoa lithuto tsa bohlokoa ka letoto la lipontšo tse bontšang kamoo re ka ruang molemo litlokotsing, ho akarelletsa le liphoso tsa rōna ka borōna. Thapama molebeli oa setereke o tla nehelana ka puo ea phatla-latsa e buang ka “Ho Itšoara ka Bohlale Lefatšeng le sa Hlaphoheloang Kelellong.“ Bahoeletsi ba ˈMuso kaofela le batho ba thahasellang ba lokela ho etsa boiteko bohle hore ba be teng.
4 Kaha likhatello tsa bophelo li ntse li tsoela pele ho phaellana, re lumela hore bohle ba tla fumana molemo le khatholoho boitsebisong bona bo lokiselitsoeng ho re khothatsa. Re tla bona litsela tseo ka tsona re ka elang seli haholoanyane li-tlhoko tsa rōna tsa botho tsa moea le tsa malapa a rōna le tsa ba bang ka phuthehong. Ikemisetse ho ba teng kopanong eohle ea potoloho ˈme u ipoloke u mametse ka hloko lenaneong lohle, “hobane ha e le kajeno, poloko e haufi le rōna ho fetisa mohla re lumetseng.“−Ba-Roma 13:11.