Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
“Ho Lula re Hopotse Hore Letsatsi la Jehova le Haufi” ke sehlooho sa lenaneo la kopano ea potoloho ea matsatsi a mabeli ho qala ka September. (2 Pet. 3:12) Le reretsoe ho tsosolosa boikutlo ba rōna ba ho potlaka. Haufinyane baahi ba lefatše ba tla latsoa likahlolo tsa Jehova. Ke mang ea tla pholoha “letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle”? Ke feela ba lulang ba falimehile moeeng le ba sebelisang ka tieo mokhoa oa ho phela ka ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo.’—Tšen. 16:14; 2 Pet. 3:11.
Kolobetso ke ea bohlokoa hore motho a pholohe letsatsi la Jehova. (1 Pet. 3:21) Bahoeletsi ba lakatsang ho kolobetsoa kopanong ena ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang, e leng eena ea tla etsa litokisetso tse hlokahalang.
Neheletsano ea likarolo tse ’nè, “Mofuta oa Batho oo re Tšoanelang ho ba Oona,” e tla bontša ka ho hlakileng mehato e amehang bakeng sa hore re lule re hopotse boteng ba letsatsi la Jehova. Puo ea phatlalatsa, “Sebetsa ka Bohlale ha Letsatsi la Jehova le Ntse le Atamela,” e tla hlalosa se boleloang ke ‘ho batla Jehova, ho loka le bonolo,’ hore motho e be mophonyohi.—Sof. 2:3.
Kopano ena ea potoloho e tla lihella likhala ka lipuo tse peli tse susumetsang tsa balebeli ba tsamaeang tse nang le lihlooho tse reng: “Na Bophelo ba Hao bo Likoloha ’Neteng?” le “Ho Etsa Litokisetso U Ntse U Hopotse Letsatsi la Jehova.” Lipuo tsena li tla re susumelletsa ho hlahloba bophelo ba rōna le ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ka ho hlakileng boprofeta ba Bibele le liketsahalo tsa lefatše li bontša hore letsatsi la Jehova le atametse. Lenaneo lena la kopano le tla re khothalletsa ho ‘lula re hlaphohetsoe likelellong re lebetse.’ (1 Pet. 5:8) Etsa litokisetso tse tiileng tsa ho ba teng matsatsing ao a mabeli.