Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Le le Lelapa
1 Lelapa le inehetseng le tšoarehileng ka botlalo tšebeletsong e halalelang−ntate, ˈmè, le bana ba sebeletsa Moli-mo ka pelo eohle−ke thoriso lebitsong le leholo la Jehova. Rea thaba hore ebe malapa a mangata a joalo aa fumaneha ka harˈa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara.
2 Ha e le hantle, ntate o na le boikarabelo ba pele ba hore a hlokomele litlhoko tsa moea tsa lelapa la hae. (1 Ba-Kor. 11:3) Ka tšebelisano-ˈmoho ea mosali oa hae le bana, lelapa la hae le ka kenya tšusumetso e matla ho ba bang. (Matt. 5:16) Likarolo tse ling tseo tšebelisano-ˈmoho ee e ka bonahatsoang ho tsona ke life?
BATSOALI ETELLANG PELE
3 Maemong a mangata, ntate e ka ˈna eaba ke moholo kapa mohlanka ea sebe-letsang. Hona ho bolela hore ho phaella lithahasellong tsa lelapa la hae, nako e ˈngoe ea hae le tlhokomelo li tlameha ho lebisoa litabeng tsa phutheho. Boikarabelo ba ntate ke ho bona hore nako e fumanehang ea aroloa e le hore lelapa la hae le se ke la hlokomolohuoa. Hona ho ka ˈna ha se ke ha e-ba bonolo ka mehla ka baka la lintho tseo a lokelang ho li etsa ka nako ea hae e lekanyelitsoeng. Empa kaha lelapa la hae ke boi-karabelo ba hae bo ka sehloohong, ka mehla o lokela hore a hlophise e ˈngoe ea nako ea hae ea bohlokoa hore a be le lelapa la hae thutong, tšebeletsong ea tšimo, libokeng, le boikhathollong bo tšoanelehang. Maemo le boikarabelo bo bong li ka ˈna tsa f etola kemiso ea ntate ka nako e itseng, empa ke ho putsang hakaakang ha a sebelisa nako e itseng khoeli e ˈngoe le e ˈngoe tšebeletsong ea tšimo le litho tsa lelapa!
4 Tšebelisano ˈmoho e tsoang ho mosali ke ea bohlokoa. A ka tšehetsa monna oa hae ka tsela ea bohlokoahali ka ho thusa ho koetlisa bana tšebeletsong. Cheseho ea hae e behang mohlala o mo-tle le boinehelo li tla etsa ho hongata ho susumetsa bana hore ba hōle kanane-long ea bona ea tšebeletso.−2 Tim. 3: 14, 15.
5 Ho na le mehlala e mengata e metle ea maemoao ho ˈona motsoali a le mong a ileng a jara moroalo oa boikarabelo ˈme ka katleho a koetlisa bana tšebeletsong. Ka baka la mohlala o motle oa ntate oa bona kapa ˈmè oa bona, bacha ba bangata ba nkile khato e tiileng bakeng sa ˈnete, esita le ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng.
BOIKARABELO BA BANA
6 Ho thoeˈng ka boikarabelo ba bana? Esita le Mora ea phethahetseng oa Molimo, Jesu, ha e sa le ngoana e monye-nyane, o ne a ikokobeletsa tataiso le thupelo ea batsoali ba hae. (Luka 2:51) Ka hona, ha ntate le ˈmè ba lokisetsa hore lelapa le sebelise nako le le hammoho tšebeletsong, ke tlameho ea bana hore ba bontše boinehelo ba bona ba bomolimo ka ho sebelisana ˈmoho le batsoali ba bona.−Ba-Ef. 6:1-3.
7 Ho rapela hammoho le le lelapa−ho ithuta, ho kopanela tšebeietsong ea tšimo, le ho ba teng libokeng−ho matla-fatsa tlamo ea lerato le bonngoe tikolohong ea lelapa. Batsoali le bana ba na le boikarabelo bo tšoanang ntlheng ena.