Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
1 E le ha ba bontša kutlo mantsoeng a Jesu ho Mattheu 6:33, ka mehla Bakreste ba ’nete ba ’nile ba beha ’Muso pele bophelong ba bona. Kahoo, “Le ’Ne le Batle ’Muso Pele” ke sehlooho se loketseng bakeng sa lenaneo la kopano ea potoloho le tla qala ka September 1993.
2 Ho tloha sethathong lenaneo le tla totobatsa hore ’Muso ke ntho ea sebele, le hatella hore ke ’muso o sebetsang o nang le sebaka seo o se busang, babusi, bafo, le melao. Ha e le hantle, melao e mengata ea mebuso ea batho e tsoelang batho molemo kajeno e thehiloe melaong ea Bibele.
3 Ho tla buuoa ka tšireletso le litlhohonolofatso tseo re li fumanang ka lebaka la ho etelletsa ’Muso pele litšobotsing tsohle tsa bophelo ba rōna. Ho tla fanoa ka keletso e sebetsang ho bontša kamoo re ka qobang ho tšoenyeha ho sa hlokahaleng. Lipuo, lipontšo, le lipuisano li tla bontša hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hakana ho boloka leihlo la rōna le tsepame.
4 Ka Moqebelo kopanong, batho ba tšoanelehelang kolobetso ba tla khona ho etsa polelo ea phatlalatsa ea boinehelo ba bona ho Jehova. ’Me ka Sontaha, kaofela ha rōna re tla rata ho ba teng bakeng sa puo ea phatlalatsa, e nang le sehlooho “Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsetsa Batho.”
5 Tiisa hore o lokisetsa ho ba teng ka matsatsi a mabeli a kopano ea potoloho. Lenaneo la kopano, hammoho le botsoalle ba boena, le tla fana ka khothatso e hlasimollang le e khathollang eo ho seng lea mong ho rōna ea batlang ho fetoa ke eona.