Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/94 leq. 3
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Kopano ea Potoloho e Tla re Thusa Ho Sireletsa Kamano e Ntle le Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Ho Amohela Lentsoe la Molimo, ho le Sebelisa, le ho Rua Molemo ho Lona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 7/94 leq. 3

Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

1 Sehlooho se tla hōlisoa lenaneong le lecha la kopano ea potoloho le tla qala ka September ke “Lulang le Falimehile, Emang le Tiile, Ipheng Matla.” Le thehiloe mantsoeng a khothatso a moapostola Pauluse ho Bakreste ba lekholo la pele la lilemo a tlalehiloeng ho 1 Ba-Korinthe 16:13.—NW.

2 Lenaneo le tla qala ka ho totobatsa hore ho hlokahala hore kamehla re itlhahlobe moeeng. Ho tšoarella ka matla ho se lokileng ‘mehleng ena ea qetello’ ho hloka hore re hlahlobe ka mokhoa o seli kamano ea rōna le Jehova le boemo boo re nang le bona le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lefatšeng. (2 Tim. 3:1) Re tla hopotsoa ka kananelo ea Molimo bakeng sa mosebetsi oohle oa rōna o boima. Ho hlokahala hore re rutoe litsela tsa ho ntlafatsa litšoaneleho tsa rōna tsa Bokreste le ho ba le boitšoaro bo behang mohlala o motle.

3 Ho tla boela ho hatelloa tlhokahalo ea hore re bontše cheseho mosebetsing oa ho etsa barutuoa ha re ntse re hahamalla ho hatela pele moeeng le ho ba le boikarabelo. Litlhahiso tse sebetsang mabapi le hore na batho ka bomong le malapa ba ka lula ba na le lenaneo la kamehla la ho iphepa moeeng li tla bontšoa ka lipuo tse fapa-fapaneng, lipontšo, le lipuisano. Ho tla boela ho e-ba le seboka bakeng sa baena bohle ba masoha ba sebeletsang e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba thahasellang ho ea Sekolong sa Koetliso sa Bosebeletsi.

4 Ka Moqebelo ba tšoanelehang ba tla khona ho etsa polelo ea phatlalatsa ea boinehelo ba bona ka kolobetso ea metsing. Joale, ka Sontaha kaofela re tla batla ho ba teng bakeng sa puo ea phatlalatsa, e nang le sehlooho “Boemo ba Hao ke Bofe le Molimo?”

5 Lenaneo le tla phetha ka khothatso ea ho lula re tiile tumelong, kamehla re sebelisana le ba bang ka moea oa lerato le khotso. Kopano ea potoloho ke e ’ngoe ea menyetla e khethehileng eo Jehova a fanang ka eona bakeng sa hore re “isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle.” (Ba-Heb. 10:24, 25) Etsa litokisetso tse tobileng tsa ho ba teng bakeng sa lenaneo lohle ka matsatsi ao ka bobeli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela