Ho Amohela Lentsoe la Molimo, ho le Sebelisa, le ho Rua Molemo ho Lona
1 Le hoja batho ba limillione ba na le kopi ea Bibele, ba bangata ha ba e amohele e le Lentsoe la Molimo, ba bangata ha ba sebelise keletso ea eona e bohlale, ka hona ke ba ’maloa ba ruang molemo ho eona. Leha ho le joalo, ka sebele batho ba Jehova ba lumela hore ke Lentsoe la Molimo le hore e molemo linthong tsohle. (2 Tim. 3:16, 17) Ka hona, sehlooho sa lenaneo la kopano ea potoloho bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1993 e tla ba “Ho Amohela Lentsoe la Molimo, ho le Sebelisa, le ho Rua Molemo ho Lona.”
2 Ho tla ba le lipuo, lipontšo, litšoantšiso, liphihlelo, le lipuisano tse tla re khothatsa, tse tla tebisa kananelo ea rōna bakeng sa Lentsoe la Molimo, le tse tla re thusa ho le sebelisa ka ho felletseng haholoanyane litšobotsing tsohle tsa bophelo. Lenaneo la motšehare oa mantsiboea ka Moqebelo le tla bua ka keletso le taeo tikolohong ea lelapa mabapi le boithabiso, botsoalle, le lerato la lintho tse bonahalang. Le tla bontša kamoo re tlamehang ho ba ba fapaneng ka teng le lefatše le ho se nke mekhoa ea lona e mebe le lipuo tsa lona tse lihlong kapa tse litšila. Ho phaella moo, ho tla fanoa ka khothatso e tla tsoela batsoali ba se nang balekane le bana ba se nang bo-ntate molemo.
3 Hape, ka Moqebelo batho ba sa tsoa inehela ba tla ba le monyetla oa ho kolobetsoa ka mor’a ho mamela puo ea Mangolo e buang ka taba ena. Ba rerileng ho kolobetsoa kopanong ea potoloho ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang oa phutheho ka sena kapele kamoo ho ka khonehang e le hore a ka ba le nako e lekaneng ea ho etsa litokisetso bakeng sa baholo ba tla hlahloba lipotso le ba eang kolobetsong.
4 Lenaneo la Sontaha hoseng le tla hlahloba litsela tseo ka tsona re ka ikhethang lefatšeng ka ho iphaphatha le Lentsoe la Molimo. Har’a lihlooho tse ling ho tla hlahlobjoa bohlokoa ba ponahalo ea rōna le kamoo re ka qobang ho silafatsa likelello tsa rōna. Motšehareng oa mantsiboea, molebeli oa setereke o tla fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho “Ke Eng se Bontšang Hore Bibele e Nepahetse?” Re batla ho kholiseha hore re mema batho bohle ba thahasellang hore ba be teng lenaneong lena le letle.
5 Matsatsi le libaka tseo kopano ena ea potoloho e tla tšoareloa ho tsona li tla fanoa ke molebeli oa lōna oa potoloho, ’me re khothalletsa bohle hore ba be teng e le hore ba ka amohela keletso e tsoang Lentsoeng la Molimo, ba e sebelisa, ’me ba rua molemo ho eona.—Jak. 1:22-25.