Liboka Tsa Tšebeletso Tsa July
Beke e Qalang ka July 6
10 mets: Litsebiso tse loketseng tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le litsebiso leha e le life tsa phutheho. Hape, totobatsa lintlha tse peli tse tobileng tsa bohlokoa tse ka sebelisoang ha ho nehelanoa ka Molula-Qhooa oa July 1, 1992. Khothalletsa mohoeletsi e mong le e mong hore a iketsetse pakane ea hore a kopanele ka mehla tšebeletsong beke ka ’ngoe le ho fana ka tlaleho hang ha khoeli e fela.
20 mets: “Buella Libukana Tse Lekanang le Makasine Hore U Arolele ba Bang Tšepo ea Hao ea ’Muso.” Puisano ea lipotso le likarabo; lipontšo. Tsebisa phutheho ka setoko se teng sa libukana tse lekanang le makasine, ’me u batle maikutlo a bamameli mabapi le libukana tse lekanang le makasine tseo e tla ba tse loketseng ka ho khetheha tšimong ea lōna. Ha le buisana ka serapa 9, etsa pontšo ea kamoo bukana e loketseng e lekanang le makasine e ka buelloang bopaking bo sa reroang bo etsoang ho moahisani, motsoalle mosebetsing, kapa sebakeng leha e le sefe. Haeba nako e lumela, e re bahoeletsi ba abetsoeng esale pele ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba buella libukana tse lekanang le makasine. Khothalletsa baena ka mafolo-folo hore ba kopanele ka botlalo ho buelleng libukana tse lekanang le makasine ka July.
15 mets: Kamoo ke Ileng ka Fumana ’Nete. Liphihlelo. Moholo o buisana le batho ba babeli kapa ba bararo. Totobatsa kamoo Lentsoe la Molimo le mokhatlo o hlophisitsoeng li ileng tsa ba susumelletsa hore ba inehele le ho kolobetsoa. Hatella melemo eo ba bang le eona ka baka la ho ba ’neteng.
Pina 165 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka July 13
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hopotsa phutheho ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa tšebeletso ea tšimo.
20 mets: “Ho Hokahanya Kenyelletso ea Rōna le Lingoliloeng.” Puo e khutšoaane le lipontšo. Etsa tokisetso ea hore mohoeletsi e monyenyane a etse pontšo ka nehelano ea Mangolo a sebelisa litlhahiso tse boletsoeng ho serapa 2. Ha a kenyelletsa Esaia 65:21-23, a sebelise katamelo e boletsoeng ho serapa 5. Mohoeletsi e mong a ka etsa pontšo a buella bukana e lekanang le makasine ea “Bonang,” a kopanye litlhahiso tse leng ho lirapa 3 le 4. Lipontšong tsena ka bobeli, molula-setulo o lokela ho hatella kamoo nehelano e ileng ea hokahanngoa ka teng le mpho ea buka. Pontšong e ’ngoe bontša kamoo mohoeletsi a tla sebetsa litaba ka teng haeba mong’a ntlo a sa bontše thahasello e itseng. Hopotsa phutheho hore e nke libukana tse lekanang le makasine le limakasine ka mor’a liboka.
15 mets: Lipotso ka Harmagedone. Puo e akaretsang boitsebiso bo tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 120-5.
Pina 137 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka July 20
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua ka tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo ka June, u fane ka pabatso hammoho le khothatso e hlokahalang ea ho ntlafatsa. Totobatsa kamoo ho nahana ka temana ea selemo hammoho le litemana tse e potolohileng ho tla re thusa ho fumana thabo ea ’nete ha re kopanela tšebeletsong ea tšimo le ha re kopanela le phutheho. (Ba-Roma 12:9-16) Bua ka litokisetso tsa ho qetela tse entsoeng mabapi le tšimo e sa abuoang haeba li le teng. Sebelisa lintlha tse kenyellelitsoeng lengolong la June 1, 1992. Khothalletsa bohle ka mofuthu hore ba tšehetse litokisetso tsa phutuho ka ho felletseng.
15 mets: “Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?” Puisano ea lipotso le likarabo e lateloe ke liphihlelo tse bontšang kamoo ho ka qalisoang lithuto tsa Bibele ketelong ea pele kapa leetong la ho boela.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e theiloeng sehloohong “‘Tsoelang Pele ho Lokisoa’” ho Molula-Qhooa oa November 1, 1990.
Pina 184 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka July 27
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lebokose la Lipotso. Molebeli oa tšebeletso a ka abeloa karolo ena.
20 mets: “Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso.” Ka mor’a kenyelletso e khutšoaane, etsa pontšo ho etsoa leeto la ho boela ho (1) motho ea ileng a amohela limakasine tsa morao-rao, (2) motho ea bontšitseng thahasello empa a sa amohela lingoliloeng, le (3) motho ea amohetseng bukana e lekanang le makasine ea “Bonang.” Pontšong e ’ngoe le e ’ngoe rala motheo bakeng sa leeto le leng la ho boela.
15 mets: “Ho Amohela Lentsoe la Molimo, ho le Sebelisa, le ho Rua Molemo ho Lona.” E re bahoeletsi ba lokiselitseng ba bolele ka bokhutšoaane kananelo eo ba nang le eona ka likopano tsa potoloho ka kakaretso. U ka lebisa tlhokomelo lintlheng tsa bohlokoa tse ithutiloeng kopanong e fetileng ea potoloho. Joale u be le puisano ea lipotso le likarabo ka sehlooho se leng ho leqephe 1. Tsebisa phutheho hore na kopano e latelang ea potoloho e tla ba neng, haeba letsatsi la eona le tsejoa, ’me u khothalletse bohle hore ba be teng.
Pina 157 le thapelo e koalang.