Pina ea 184
Balisa ba Lerato ba Hlokomela “Linku” tsa Molimo
1. U Molis’a rōna ’Mōpi,
Ke kahoo re’u lebohang.
U re hlokometse hantle.
Ha ho seo re se hlokang.
2. Jes’o fane ka balisa.
B’amehile ka rōna.
Ba thusa bohle ho’ithuta,
Linnete tsa Jehova.
3. Batlelang linku boiketlo
Lōna ba li alosang,
’Me le li thuseng ho hōla,
Ho ba tse tšepahalang.
4. Ruri ho a re khothatsa
Ho bolela ka ’Muso.
Re’a sebeletsa Jehova,
R’etse hoo ka cheseho.