Buella Libukana Tse Lekanang le Makasine Hore U Arolele ba Bang Tšepo ea Hao ea ’Muso
1 Ha re ntse re hlokomela ho phethahala ha boprofeta ba Bibele, re ithabela tšepong ea rōna ea ’Muso, ’me re susumelletseha hore re bue ka eona ho mang le mang ea tla mamela. (Luka 6:45; Ba-Roma 12:12) Ho buella ha rōna libukana tse lekanang le makasine tšebeletsong ea tšimo ka July ke tsela e ’ngoe eo ka eona re arolelang ba bang tšepo ea rōna ea ’Muso joalokaha Jesu a laetse.—Matt. 24:14.
2 Kaha re na le libukana tse ’maloa tse lekanang le makasine tse mebala e metle le tse tletseng boitsebiso bo rutang tseo re ka khethang ho tsona, ke efe ho tsona e ka finyellang hamolemo litlhoko tsa batho ba leng tšimong ea rōna ’me ea tsosa thahasello ea bona? Hore re tle re sebelise libukana tse lekanang le makasine hamolemo, re tlameha ho tseba litaba tsa tsona tse ka hare. Ho hlahloba hakhutšoaane se tla latela ho tla re thusa tabeng ena.
3 ’Muso O Tla Tlisa Paradeise: Ha Jesu a le lefatšeng, ’Muso oa Molimo e ne e le sehlooho sa boboleli ba hae. Bukana ena e lekanang le makasine e bontša hore ’Muso ke puso ea sebele ’me e bontša kamoo o tla rarolla mathata a etsang hore bophelo bo be thata hakana kajeno.
4 Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!: E hlalosa lebaka leo ka lona Molimo o entseng motho le kamoo re ka thabelang bophelo lefatšeng ka ho sa feleng. Litšoantšo tse itlhalosang le taba e ngotsoeng ka bokhutšoaane tse leng bukaneng ena e lekanang le makasine li ipiletsa ho bacha le ho batho ba sa tsebeng ho bala hantle. E ka boetse ea sebelisoa ho fetisetsa lithuto tsa Bibele tsa motheo ho batho ba sa utloeng hantle litsebeng.
5 Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng: Bukana ena e lekanang le makasine e tšohla lebitso la Molimo ho tsoa ponong ea litaba ea Mangolo le ea histori, e bontša lebaka leo ka lona ho leng bohlokoa hore Bakreste ba tsebe lebitso lena le hore ba le sebelise borapeling ba bona.
6 “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha”: Bukana ena e lekanang le makasine e fana ka setšoantšo sa paradeise ’me e haha kananelo bakeng sa Bibele le ’Mōpi oa rōna. Ka mor’a ho bua ka lebaka leo ka lona Molimo o lumelletseng bobe, e totobatsa lithuto tse tharo tsa motheo tsa Bibele: thekollo, tsoho, le ’Muso. Bukana ena e lekanang le makasine e boetse e na le lipotso botlaaseng ba maqephe, tse etsang hore re nolofalloe ho khanna thuto ea Bibele ka eona.
7 Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong”: Batho ba ka ’na ba re ba lumela Boraro-bo-bong, empa kutloisiso ea bona e fapane mabapi le se boleloang ke bona. Bukana ena e lekanang le makasine e arabela lipotso tse kang: Boraro-bo-bong ke eng? Na bo rutoa ke Bibele? Na Jesu Kreste ke Molimo o matla ’ohle le karolo ea Boraro-bo-bong? Moea o halalelang ke eng, hona o sebetsa joang?
8 Hang ha re khethile libukana tse lekanang le makasine tseo re ratang ho li sebelisa tšebeletsong ea ntlo le ntlo kapa ha re etsa bopaki bo sa reroang, re lokela ho hlahloba hape lihlooho tse leqepheng la ho qetela tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Mono re tla fumana litlhahiso tsa ho buella lingoliloeng tsa rōna le ho etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho hōlisa thahasello le ho qalisa thuto ea Bibele.
9 Ka makhetlo a mangata, ebang re paka ka mokhoa o reriloeng kapa o sa reroang, re hloka feela bukana e itseng e lekanang le makasine bakeng sa ho fana ka bopaki bo botle. Leha ho le joalo, re tlameha ho lokisetsa, re be le lenane le lekaneng la libukana tse lekanang le makasine, re tsebe hore na li fupere eng, ’me re be le temoho. E se eka tlhohonolofatso ea Jehova tšebeletsong ea rōna e chesehang e ka fella ka hore batho ba bangata ba ithabele le rōna tšepong ea ’Muso!—Lik. 13:47, 48.