Ho Buella Libukana tse Lekanang le Makasine ho Batla ba Thahasellang
1 Libukana tse lekanang le makasine ke lisebelisoa tse matla. Ka maqephe a 32 feela, bukana e lekanang le makasine e ka theha linnete tsa Mangolo ka ho tiea ea ba ea heletsa mabaka a behoang le lithuto tse khahlanong le tsebo ea Molimo.—2 Ba-Kor. 10:5.
2 Ka mor’a ho bala bukana e lekanang le makasine Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara, monna e mong o ile a susumelletseha ho ngola: “Ha ke e-s’o bone mokhatlo o tjena. . . . Hoa babatseha ho fumana batho ba nkang thato ea Molimo ka ho teba hakana nakong ena ea boikaketsi bo bongata ba bolumeli.” Ngaka e ’ngoe ea litaola Afrika e ile ea ithuta bukana e lekanang le makasine Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! E bile le phello efe ho eona? E ile ea khaotsa ho sebelisa litaola ’me ea leleka basali bao e neng e lula le bona ha sala feela mosali oa eona e moholo. Eaba e mo nyala ka molao.
3 Bukana e lekanang le makasine Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? ke sesebelisoa se nang le boitsebiso bo pakiloeng hantle, bo utloahalang, le bo atlehang ba ’nete. Ha a bua ka eona, mongoli oa bolumeli ho The Sunday Gleaner Jamaica, West Indies, o itse: “Khatiso ena . . . ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa botsebi oa Lipaki ’me hona joale ha ho ea lumelang Boraro-bo-bong—kapa bobeli-bo-bong—ea sireletsehileng. Bukana ena e bokella mantsoe a mangata a qotsitsoeng mehloling ea histori le ea thuto ea bolumeli ho bontša hore thuto ea Boraro-bo-bong ha ea nkoa Bibeleng. . . . Ho thata ka ho fetisisa ho mongoli enoa oa bolumeli ho bona hore na setho feela se tloaelehileng—kapa esita le setho sa kereke se ka holimo ho se tloaelehileng—ke joang se ka arabelang litaba tse susumetsang le tse laolang tse hlophisitsoeng ke Lipaki khahlanong le pono ea hore Jesu ke Molimo.”
4 Li Sebelise Hamolemo: Re lokela ho leka ho tsamaisa lisebelisoa tsena tse atlehang, tse hohelang, le tse nang le matla ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang tšimong ea rōna. Kaha re na le libukana tse fapa-fapaneng tse lekanang le makasine, ’me ka ’ngoe e sebetsana le sehlooho se fapaneng, re lokela ho leka ka matla ho tsamaisa eo re nkang hore e loketse ka ho fetisisa ho motho eo re mo pakelang. Ho tseba libukana tsa rōna tse lekanang le makasine le ho ba le mefuta e sa tšoaneng ea tsona ho tla re nolofalletsa hore re li sebelise hamolemo, ebang ke tšebeletsong ea tšimo, lapeng, kapa leha e le kae.
5 Ka mohlala, ha u buisana le motho ea ferekantsoeng ke thuto ea Boraro-bo-bong ea Bokreste-’mōtōana kapa ea ka ’nang a nahana hore Jesu ke Molimo, u tla sebelisa bukana efe e lekanang le makasine? Haeba motho a botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a lumelletse ho utloa bohloko ho hokaale, ke bukana efe e lekanang le makasine e tla sebetsa boemong boo? Haeba motho a amehile ka hore re hloka ’muso o tla tsoela batho molemo, ke bukana efe e lekanang le makasine e ka mo lokelang?
6 Ho phaella ho tsebeng hore na u lokela ho sebelisa bukana efe e lekanang le makasine, leka ka matla ho etsa hore mong’a ntlo a lakatse ho tseba litaba tsa eona tse ka hare. Haeba maemo a lumela, ’montše ntlha kapa setšoantšo se ka ’nang sa tsosa thahasello ea hae hore a bale boitsebiso boo. Kapa u ka bala serapa se le seng kapa tse peli le eena, ua phetla litemana tse boletsoeng, ’me ua tšohla boitsebiso boo. Lithuto tse ngata tsa Bibele li ile tsa qalisoa ka tsela ena.
7 Libukana tsa rōna tse lekanang le makasine li fana ka likarabo tsa Mangolo ’me li kenya tšepo ho ba feheloang le ho bobola ka lebaka la manyala a etsoang lefatšeng. (Bapisa le Ezekiele 9:4.) Batho ba kang linku ba tla arabela molaetseng o tšoeroeng ke lingoliloeng tse joalo. Ke tokelo ea rōna ho sebelisa hamolemo libukana tse lekanang le makasine litšobotsing tsohle tsa tšebeletso ea rōna ha re ntse re batla batho ba thahasellang.