Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
1 Kajeno batho ba thahasella litaba tse fapa-fapaneng. Ha u le tšebeletsong ea tšimo ka July, u ka nka libukana tse lekanang le makasine tse ’maloa tse fapaneng, u sebelise bukana e lekanang le makasine eo ka ho khethehileng e tlang ho ipiletsa ho batho ba leng tšimong. Mohlomong u tla rata ho leka e ’ngoe ea linehelano tsena:
2 Ha u nehelana ka bukana e lekanang le makasine ea “’Muso O Tla Tlisa Paradeise,” u ka botsa:
◼ “U nahana hore lefatše le ka be le le joang haeba ho ne ho busa Molimo feela? [Emela karabo.] Seo re se kōpang ha re etsa Thapelo ea Morena, kapa Ntat’a Rōna, eo Jesu Kreste a re rutileng eona ke hore Molimo a buse lefatše. [Phetla leqepheng la 3, ’me u bale serapa sa pele, se qotsang Mattheu 6:10.] Haeba u ka thabela ho phela lefatšeng le joalo, u lokela ho bala bukana ena e lekanang le makasine.” Nehelana ka eona ka monehelo oa R1,00.
3 “Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa” e ka buelloa ka tsela ena:
◼ “Na u nahana hore ho tla ke ho tle letsatsi leo ka lona ho seng le ea mong oa rōna ea tla lahleheloa ke moratuoa lefung? [Emela karabo.] Bukana ena e lekanang le makasine e ngotsoeng hantle e tšelisitse ba limilione ka tšepiso e tiileng ea Bibele ea hore letsatsi le joalo lea tla nakong e haufi. [Phetla leqepheng la 5, ebe u bala serapa sa bohlano, ho akarelletsa le 1 Ba-Korinthe 15:21, 22. Joale phetla setšoantšong se leng leqepheng la 30.] Mona motšoantši o bontšitse thabo eo re ka ’nang ra ba le eona ha re amohela ka tsoho baratuoa ba rōna ba shoeleng. Empa ketsahalo ena e thabisang e tla etsahala hokae? Bukana ena e lekanang le makasine e tla u bontša karabo ea Bibele potsong ena.” Haeba a amohela bukana e lekanang le makasine, u ka ’na ua eketsa ka ho re: “Ke tla rata ho khutla hamorao ho tla bua ka taba ena ka ho eketsehileng.”
4 U ka ’na ua buella bukana e lekanang le makasine ea “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” u sebelisa katamelo ena e tobileng ea ho qala thuto ea Bibele:
◼ “Batho ba bangata ba na le lipotso mabapi le Bibele. E ka ’na eaba u ’nile ua ipotsa hore na karabo ea e ’ngoe ea tsena ke efe. [Phetla leqepheng la 30.] Potso ena ea ho qetela e tsositse thahasello ea batho ba bangata: ‘U ka lokisetsa bophelo bo sa feleng Paradeiseng joang?’” Haeba u bua ka lirapa tsa 57-8 maqepheng a 29-30 le ho bala Tšenolo 21:3, 4, u tla be u ralile motheo oa ho qalisa thuto ea Bibele. Phetha ka ho siea bukana e lekanang le makasine le ho lokisetsa leeto la ho boela leo ka lona u tlang ho tšohla lipotso tse ling.
5 U ka ’na ua rata ho leka nehelano ena e bonolo ka bukana e lekanang le makasine ea “Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng”:
◼ “E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ke ithutileng tsona Bibeleng ke lebitso la Molimo. Na ua le tseba? [Emela karabo.] E re ke u bontše. Le mona Bibeleng ho Pesaleme ea 83:18. [E bale.] Bukana ena e lekanang le makasine e bontša kamoo lebitso la Molimo, Jehova, le hlahang ka lipuo tse ngata tse fapaneng. [Bontša lebokose le leqepheng la 8.] Haeba u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova le merero ea hae, u lokela ho bala bukana ena e lekanang le makasine.” Neha mong’a ntlo bukana e lekanang le makasine.
6 Kaha re e-na le libukana tse lekanang le makasine tse sa tšoaneng tse ntle tseo re ka li sebelisang, ka sebele re hlomelletsoe hantle ho “bolella baikokobetsi litaba tse molemo.”—Esa. 61:1, NW.