Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/96 leq. 4
  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 7/96 leq. 4

Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete

1 Jehova ke mohlala o moholohali oa ea bonahatsang ho tsotella ba bang e le kannete. joaloka ’musi oa bokahohleng, o ameha haholo ka litlhoko tsa pōpo ea hae e batho. (1 Pet. 5:7) Jesu o ile a khothaletsa balateli ba hae hore ba bonahatse litšobotsi tsa Ntate oa hae, ea chabisetsang batho letsatsi le ho ba nesetsa pula, ba lokileng le ba sa lokang. (mat. 5:45) U ka etsisa Jehova ka ho bontša kameho ea sebele ho ba bang—ka ho itokisetsa ho arolelana molaetsa oa ’Muso le e mong le e mong eo u kopanang le eena. Ka ho tloaelana hantle haholo le libukana tse tla beng li sebelisoa tšebeletsong ka July, u tla ba boemong bo botle ba ho fana ka thuso ea moea ho ba bang. Litlhahiso tse latelang li fana ka likhopolo mabapi le hore na u ka lokisetsa leeto la pele joang le ho latella thahasello ka maeto a ho boela a nakong.

2 Ha u fana ka bukana “Na Ruri Molimo oa re Tsotella?” u ka re:

◼ “Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba utloe bohloko haeba a hlile a ba tsotella? [Emela karabo.] Bukana ena ha e fane feela ka karabelo e khotsofatsang potsong ena empa e boetse e bontša hore Molimo o tšepisitse ho etsolla tšenyo eohle eo motho a itliselitseng eona le lehae la hae la lefatše.” Bala serapa sa 23 leqepheng la 27. Mo bontše setšoantšo se ka tlas’a sona, ’me u bale Pesaleme ea 145:16 serapeng sa 22. Nehelana ka bukana ka R1,00. Haeba e amoheloa, botsa potso e ka arabeloang leetong le hlahlamang, e kang: “Na u ne u ka rata ho tseba kamoo Molimo a tlang ho phethahatsa morero oa hae oa ho tlisa mahlohonolo molokong oa batho le ho fetola lefatše paradeise?”

3 Ha u khutlela ho bao u ba tsamaiselitseng bukana ea “Na Ruri Molimo oa re Tsotella?” u ka ’na ua qalisa puisano e ’ngoe ka tsela ena:

◼ “Ha ke ne ke u etetse nakong e fetileng, re ile ra hlahloba hore Molimo o fela a re tsotella le hore ke morero oa hae ho etsolla tšenyo eohle eo motho a itliselitseng eona le lehae la hae la lefatše.” Phetla bukana setšoantšong se leqepheng la 2-3 ’me u re: “Re ile ra qetella moqoqo oa rōna ka potso ena, Molimo o tla phethahatsa morero oa hae oa ho tlisa mahlohonolo molokong oa motho le ho fetola lefatše paradeise joang? U nahana’ng?” Emela karabo. Phetla leqepheng la 17, ’me u bale serapa sa 2 le Daniele 2:44. Ka morao ho moo, bala serapa sa 12 leqepheng la 18. Botsa mong’a ntlo hore na o ne a ka rata ho hlahloba karolo ea 9 ea bukana ena le uena na. Haeba ho le joalo, ithute eona le eena.

4 Katamelo e ka ’nang ea sebelisoa ke ena ha ho fanoa ka bukana “Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.” Mo bontše sekoahelo sa eona ’me u re:

◼ “Kajeno re arolelana bukana ena e tliselitseng batho ba limilione ba lahlehetsoeng ke baratuoa ba bona ka lefu matšeliso le tšepo. Na u kile ua ipotsa hore na ho na le tšepo efe bakeng sa bafu? [Emela karabo.] Ka ho hlakileng Bibele e bolela tšepiso ea Molimo ea tsoho.” Bala Johanne 5:28, 29. Phetla bukana ’me u hlalose lintlha tse hlahisitsoeng serapeng sa ho qetela leqepheng la 28 le serapeng sa pele leqepheng la 31. Bontša litšoantšo tse tsamaisanang le ’ona. Fana ka bukana ka R1,00. U ka lokisetsa tsela ea leeto la ho boela ka ho botsa, “Re ka kholiseha joang hore qetellong lefu le tla tlosoa ka ho feletseng?”

5 Moo u ileng ua tsamaisa bukana ea “Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa,” u ka ’na ua rata ho sebelisa nehelano ena leetong la ho boela:

◼ “Ha re ne re buisana pele, re ile ra buisana ka tšepo e babatsehang ea tsoho. Bukana eo ke ileng ka u siela eona e hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka tiisa hore qetellong lefu le tla tlosoa ka ho feletseng. Na ha ua fumana litšepiso tsa Molimo e le tse tšelisang le tse kholisang?” Emela karabo. Ebe u phetla leqepheng la 31 bukaneng ena, ’me u bale serapa sa bobeli le sa boraro, hammoho le Tšenolo 21:1-4. Totobatsa tebello eo re nang le eona ea ho thabela bophelo ho se mohla re shoang. Ho itšetlehile ka thahasello e bontšitsoeng le maemo ka nako eo, u ka ’na ua buella thuto ea Bibele bukeng ea Tsebo kapa u ka botsa potso e ’ngoe ho bula tsela ea leeto la ho boela le latelang.

6 U ka ’na ua bua se latelang ha u nehelana ka bukana “Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?”:

◼ “Batho ba bangata ba ile ba ipotsa hore na morero oa bophelo ke eng. Ba ’nile ba ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke le moo? Ke lebile hokae? Bokamoso bo ntšoaretse eng?’ U nahana hore re ka fumana likarabelo hokae? [Emela karabo.] Hlokomela seo Bibele e se bolelang. [Bala Pesaleme ea 36:9.] Na ha ho utloahale ho fihlela qeto ea hore ’Mōpi oa motho o boemong bo botle ba ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha re le moo? [Emela karabo.] Bukana ena e bontša morero o moholo oo Molimo a re boloketseng oona.” Phetla leqepheng la 20-1, bala tlhaloso ea setšoantšo, ’me u bue ka setšoantšo; ebe u fana ka bukana ka R1,00. Haeba e amoheloa, botsa: “Re ka tiisa joang hore e sa ntse e le morero oa Molimo bakeng sa batho hore ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng?” Beha nako ea ho khutlela.

7 Haeba ho ile ha tsamaisoa bukana “Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?” u ka bua ntho e kang ena ha u khutlela:

◼ “Leetong la ka la pele, ka sebele ke ile ka thabela ho buisana le uena ka pono ea Bibele ea hore bophelo ba motho bo hlile bo na le morero.” Hlahisa setšoantšo se leqepheng la 31 ebe ua botsa, “Re ka tiisa joang hore e sa ntse e le thato ea Molimo hore batho ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng?” Bala serapa sa 3 leqepheng la 20. Tšohla lintlha tse tlas’a sehloohoana, “E Ntse e le Morero oa Molimo,” leqepheng la 21. Khutlela sekoahelong se ka morao sa bukana, ebe u bala ka puello ea thuto e sa lefelloeng ea Bibele. Hlahisa buka ea Tsebo, ’me u buelle ho bontša mokhoa oa ho e sebelisa e le thuso ea ho ithuta Bibele.

8 Tšebeletso ea rōna e lokela ho bonahatsa thahasello e tiileng eo re nang le eona mabapi le ho thusa ba pelo li tšepahalang hore ba “fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ka hona, iphe nako kemisong ea hao ea tšebeletso hore u khutlele ho motho e mong le e mong eo u mo tsamaiselitseng bukana. Ho bontša ha hao kameho ea sebele ka bona ho ka ’na ha fella ka ho thusa ba feheloang le ba bobolang ka lintho tse manyala tse etsoang bolumeling ba bohata hore ba khetholloe le baphonyohi. (Ezek. 9:4, 6) U tla boetse u latsoa thabo le khotsofalo e hlahisoang ke ho tseba hore u etsisa Jehova ka ho tsotella ba bang e le kannete.—Bapisa le Bafilippi 2:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela