Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/92 leq. 4
  • Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 7/92 leq. 4

Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso

1 Ho se ho fetile nako e itseng—mohlomong letsatsi kapa a mabeli, mohlomong beke—ha u qetela ho buisana le motho ea ileng a bontša thahasello molaetseng oa ’Muso. Ebang o ile a amohela lingoliloeng tsa Bibele kapa che, ke habohlokoa ho hlaolela thahasello leha e le efe kapele kamoo ho ka khonehang.

2 Ikhopotse lintlha tseo u ileng ua li ngola ka hloko ka mor’a ketelo ea pele. Joale, nakong ea ha u hlopha mokotla oa hao oo u eang tšimong ka ’ona, tiisa hore u kenya le kopi ea sengoliloeng seo u ileng ua se tsamaisa e le hore u ka bua ka sona leetong la ho boela.

Haeba u tsamaisitse bukana e lekanang le makasine ea “Bonang,” u ka re:

◼ “Ke thabela ho u bona hape. Ha re ne re buisana khetlong le fetileng, ke ile ka u bontša sekoahelo sa bukana ena e lekanang le makasine, ’me re ile ra bala lengolo ho tsoa Bibeleng ho paka hore, ka ’Muso oa oona, Molimo o tla fa motho e mong le e mong ntlo le mosebetsi. Empa Molimo o boetse o tšepisa hore o tla felisa ho kula, botsofali, esita le lefu. Na u fumana see se le thata ho se lumela? [Emela karabo ea mong’a ntlo.] Hlokomela ntlha ena ho serapa 4 bukaneng e lekanang le makasine eo ke ileng ka u siela eona.” Bala serapa seo, ’me u bue ka lengolo le le leng kapa a mabeli a thathamisitsoeng botlaaseng ba leqephe. U se u qalile thuto ea Bibele!

3 E le ho betla tsela bakeng sa ketelo ea nakong e tlang, u ka khaotsa moqoqo ka ho re:

◼ “Ke ’nete hore, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re buileng ka eona e ka Bibeleng, empa batho ba bangata ba ipotsa hore na ruri ba ka lumela se boleloang ke Bibele. Ha ke e-tla khetlong le tlang, ke tla rata ho qeta metsotso e seng mekae ke bua ka taba ena le uena.” Ha u khutlela ho ea hlaolela thahasello, theha puisano sehloohoaneng “Buka e Hlalosang Paradeise,” u qale ka serapa 5 bukaneng e lekanang le makasine.

4 Masimong ao ho ’Ona ho Tsamaisoang Lingoliloeng tse Fokolang: Nehelano e tšoanang e akaretsang e ka sebelisoa ha re etetse batho ba bontšitseng thahasello e itseng empa ba sa amohela lingoliloeng. U ka bua ka bukana e lekanang le makasine eo u ileng ua e buella puisanong e fetileng. Ho ka ’na ha hlokahala hore u boele ka makhetlo a ’maloa u sebelisa Bibele le kopi ea hao ea botho ea bukana e lekanang le makasine pele mong’a ntlo a amohela bukana e lekanang le makasine. Haeba u ile ua tsamaisa tokollo ea Molula-Qhooa oa July 1 kapa July 15, bua ka lihlooho tse tsamaisanang le eona tse bukaneng e lekanang le makasine ea “Bonang” ha u khutlela ho ea hlaolela thahasello.

5 Ho ka lokisetsoa maeto a matle a ho boela a lebisang thutong ea Bibele ka bukana e lekanang le makasine ea ’Muso ka ho hlahloba boitsebiso bo leng ho maqephe 378-80 bukeng ea Ho Bea Mabaka. Kapa ho ka qalisoa thuto ea Bibele ka ho botsa potso: “Na u ne u tseba hore Bibele e bua ka tšepo ea mefuta e ’meli? E ’ngoe ke ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Bukana ena e lekanang le makasine e hlalosa hore na seo se ka etsahala joang.” Joale u phetle ho leqephe 15 bukaneng e lekanang le makasine, ebe u bala mangolo a boletsoeng serapeng.

6 Haeba u tsamaisitse limakasine tse peli, buka, kapa bukana e lekanang le makasine kapa u bile le puisano e thahasellisang ea Bibele le motho e mong, u na le boikarabelo ba ho hlaolela thahasello. Re le khothalletsa hore kaofela le behelle nako ka thōko ka July hore le kopanele mosebetsing ona o pholosang bophelo.—1 Tim. 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela