Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
Bukana e Ncha e Reretsoeng ho re Thusa ho Etsa Maeto a ho Boela le ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele
1. Ke bukana efe e ncha e ileng ea lokolloa Kopanong ea Setereke ea “Sireletsa Pelo ea Hao” e reretsoeng ho re thusa ho etsa maeto a ho boela le ho qalisa lithuto tsa Bibele?
1 Kopanong ea Setereke ea “Sireletsa Pelo ea Hao” re ile ra thabela ho fumana bukana e ncha e tla re thusa ho etsa maeto a ho boela le ho qalisa lithuto tsa Bibele. Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! e nkang sebaka sa bukana ea Seo a se Hlokang, e tšoana le eona ka hore ka bobeli li na le lihloohoana tse khutšoanyane. Bukana ena e tla re thusa ho khanna lithuto tsa Bibele re eme monyako. Bukana ea Seo a se Hlokang e ne e tšohla seo Molimo a se hlokang ho Bakreste—’me tse ling tsa lintho tseo ho ka ba thata hore liithuti tse ncha li li amohele—athe bukana ena e ncha eona e tšohla litaba tse molemo tse fumanoang ka Bibeleng.—Liketso 15:35.
2. Ke hobane’ng ha bukana ea Litaba Tse Molemo e hatisitsoe?
2 Ke hobane’ng ha bukana ee e hatisitsoe? Lefatšeng ka bophara, barab’abo rōna ba ʼnile ba kōpa bukana e bonolo e ka hulelang batho ’neteng le ho ba fetisetsa bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, e leng thulusi ea mantlha eo re khannang lithuto tsa Bibele ka eona. Hangata batho ba tšabang ho bala buka, ba ka fumana ho le bonolo ho ithuta Bibele ba sebelisa bukana. Ho feta moo, ho bonolo haholoanyane hore bukana e fetoleloe ka lipuo tse ngata.
3. Bukana ee e fapane joang le lingoliloeng tse ling tse ithutoang?
3 Kamoo e Hlophitsitsoeng Kateng: Boholo ba lingoliloeng tsa rōna li ngotsoe ka tsela eo motho a ka ipallang tsona a ba a utloisisa ’nete le ka ntle ho thuso. Empa bukana ena eona e fapane. Ke tataiso bakeng sa thuto ea Bibele e khannoang ke morupeli. Kahoo ha u fana ka bukana ena ho motho, ho molemo haholo ho tšohla serapa kapa tse peli le eena. Lirapa tsa teng li khutšoanyane, kahoo li ka tšohloa le motho le eme monyako kapa sebakeng sa hae sa khoebo. Le hoja ho le molemo ho qala thutong ea 1, re ntse re ka qala ka thuto leha e le efe.
4. Bukana ee e re thusa joang hore re rute batho Bibele ka ho toba?
4 Ho boholo ba lingoliloeng tsa rōna, likarabo tsa lipotso li ka fumanoa lirapeng. Empa bukaneng ena likarabo tse ngata li fumanoa Bibeleng. Boholo ba batho bo batla ho ithuta Bibele eseng lingoliloeng tsa rōna. Kahoo, e batla e le mangolo ʼohle a bontšitsoeng empa a sa qotsoa. Mangolo ao a lokela ho baloa Bibeleng ka ho toba. Sena se thusa liithuti hore li hlokomele hore seo li ithutang sona se tsoa ho Molimo.—Esa. 54:13.
5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore morupeli a lokisetse hantle pele ho thuto ka ’ngoe?
5 Bukana ena ha e hlalose mangolo ʼohle. Hobane’ng? E reretsoe hore seithuti se botse lipotso le hore morupeli a sebelise tsebo ea hae ea ho ruta. Ka hona ke habohlokoa hore u lokisetse thuto ka ’ngoe hantle esale pele. Hlokomela hore u se ka ua bua haholo. Re rata ho hlalosa Mangolo. Empa re finyella se molemo haholoanyane ha re kōpa seithuti hore se hlalose hore na se nahana hore lengolo le bolela’ng. Ha re sebelisa lipotso ka bohlale re ka se thusa hore se utloisise se boleloang ke temana ka ’ngoe.—Lik. 17:2.
6. Re ka sebelisa bukana ee joang: (a) moo batho ba belaellang Molimo le Bibele? (b) ha re le mosebetsing oa ntlo le ntlo? (c) ha re qalisa lithuto ka ho kōpa thuto ea Bibele ka ho toba? (d) ha re etsa maeto a ho boela?
6 Ho fapana le lingoliloeng tse ling, bukana ena e ka tsamaisoa neng le neng, ho sa tsotellehe hore na khoeling eo ho tsamaisoa eng. Ba bangata ba tla thabela ho e sebelisa ha ba kōpa thuto ea Bibele ka ho toba ba eme monyako. Ho feta moo, joalokaha ho boletsoe kopanong ea setereke, haeba u e sebelisa ha u khutlela ho batho ba bontšitseng thahasello “e ka etsa hore mosebetsi oa ho etsa maeto a ho boela e be o thabisang haholo!”—Bona mabokose a leqepheng la 5-7.
7. U ka khanna thuto ea Bibele joang u sebelisa bukana ee?
7 Kamoo U ka Khannang Thuto Kateng: Re ka qalisa puisano ka ho bala potso e ngotsoeng ka mongolo o motenya e nang le nomoro. Ka mor’a moo, bala serapa le lengolo kapa mangolo a ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng. Sebelisa lipotso ka bohlale ho thusa mong’a ntlo ho utloisisa seo mangolo a se bolelang. Joale, pele u fetela karolong e hlahlamang kōpa mong’a ntlo hore a arabe potso e mongolo o motenya, e le ho tiisa hore o hlaketsoe. Ka makhetlo a ’maloa a qalang, e ka ba hantle haholo hore le tšohle potso e le ’ngoe ho tse ngotsoeng ka mongolo o motenya. Ha nako e ntse e ea le ka ’na le khona ho lelefatsa puisano ea lōna hore e akarelletse thuto eohle.
8. Re lokela ho kenyelletsa mangolo joang hona hobane’ng?
8 Litemana tsa Bibele tse etelloang pele ke lentsoe “bala” ke tsona tseo ka ho toba li arabang potso e ngotsoeng ka mongolo o motenya. Ha u kenyelletsa lengolo qoba lipolelo tse kang, “Moapostola Pauluse o ngotse a re” kapa, “Hlokomela seo Jeremia a se boletseng esale pele.” Mong’a ntlo a ka ’na a nahana hore re mpa re bala mantsoe a itsoelang ho batho feela tjee. Ho ka ba molemo hore re re, “Lentsoe la Molimo le re” kapa, “Hlokomela seo Bibele e se boletseng esale pele.”
9. Nakong ea thuto, na re lokela ho bala mangolo ʼohle a bontšitsoeng?
9 Na re lokela ho bala mangolo ʼohle a bontšitsoeng kapa ho bala feela ao ho boletsoeng hore re a bale? Sena se tla itšetleha ka maemo. Mangolo ʼohle a bontšitsoeng moo a na le morero. Le leng le leng le na le boitsebiso bo molemo boo ho ka buuoang ka bona. Empa maemong a mang, ho hloka nako le thahasello ha seithuti, kapa bokhoni ba sona ba ho bala li ka etsa hore re bale feela mangolo ao ho boletsoeng hore re a bale.
10. Re ka fetela bukeng ea Seo Bibele e se Rutang neng?
10 Nako ea ho Fetela Bukeng ea Seo Bibele e se Rutang: Ka mor’a ho tšoara thuto ea Bibele ka makhetlo a ʼmaloa ’me seithuti se se se tšoere morethetho, re ka fetela bukeng ea Seo Bibele e se Rutang kapa ra tsoela pele ka eona bukana ea Litaba Tse Molemo ho fihlela re e qeta. Bahoeletsi ba ka sebelisa bohlale ho etsa qeto ea hore na ba ka fetela bukeng e ’ngoe neng. Ha re fetela bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, na re lokela ho e qala qalong? Ha ho na melao tabeng ena, kaha batho baa fapana. Leha ho le joalo, liithuti tse ngata li tla rua molemo ka ho boela li bala ka botebo lihlooho tse tšoanang, bukeng ea Seo Bibele e se Rutang.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa bukana ee e ncha ka tsela e molemo?
11 Lefatšeng lena leo ho lona ho se nang litaba tse ngata tse molemo, re na le tokelo e khōlō ea ho bolela litaba tse molemo ka ho fetisisa, tsa hore ’Muso oa Molimo oa busa le hore haufinyane o tla tlisa lefatše le lecha moo ho loka ho tla aha teng! (Mat. 24:14; 2 Pet. 3:13) Re na le tšepo e tiileng ea hore bohle ba tla utloa molaetsa ona ba tla lumellana le mantsoe ana a bululetsoeng a reng: “A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso, ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo, ea phatlalatsang poloko, ea reng ho Sione: ‘Molimo oa hao ke morena!’” (Esa. 52:7) E se eka re ka sebelisa bukana ena e ncha ho isetsa batho ba nyoriloeng, ba tšimong ea rōna, litaba tse molemo tse tsoang ho Molimo!
[Lebokose le leqepheng la 5]
Moo Batho ba Belaellang Molimo le Bibele:
● Libakeng tse ling, bahoeletsi ba fumana hore mantsoe “Molimo” le “Bibele” a etsa hore batho ba khaotse ho buisana le rōna. Maemong a joalo, ka lekhetlo la pele ho ka ’na ha e-ba molemo hore u bue ka lintho tseo batho ba moo ba amehileng ka tsona, tse kang ho hlokahala ha puso e molemo, moo re ka fumanang thuso bakeng sa malapa le hore na bokamoso ba rōna bo tla ba joang. Mohlomong bukana ea Litaba Tse Molemo e ka kenyelletsoa ka mor’a hore re buisane le motho ka makhetlo a ʼmaloa, ho mo bontša hore na re tseba joang hore Molimo o teng le hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa Bibele.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Nakong eo re Eang ka Ntlo le Ntlo:
● “Re u fapohetse ho tla u bontša kamoo ho ka bang bonolo kateng ho fumana hore na morero oa Molimo ka bokamoso ba batho ke ofe. Na u kile ua ipotsa hore na Molimo o tla ke a re lokolle mahlomoleng? [Emela karabo.] Bukana ena e bontša hore na u ka fumana karabo ea potso eo hokae ka Bibeleng. [Mo fe bukana ebe u bala serapa sa pele thutong ea 1 le Jeremia 29:11.] Ho ea kamoo re sa tsoa bala, na ke ho utloahalang ho uena hore Molimo o batla hore re be le bokamoso bo molemo? [Emela karabo.] Haeba u rata, nka u siela bukana ena. Nakong e tlang re ka tšohla serapa sa bobeli e le hore re fumane karabo ea Bibele potsong ena, ‘Molimo o tla lokolla batho joang linthong tse bakang mahlomola?’” Lekhetlong la pele, haeba ho bonahala mong’a ntlo a e-na le nako e eketsehileng u ka ’na ua bala serapa sa bobeli, la ba la tšohla litemana tsa sona tse tharo. Etsa litokisetso tsa ho khutlela e le hore le tšohle serapa sa bobeli sa thuto eo.
● “Batho ba bangata baa rapela, haholo ha ba e-na le mathata. Na uena ua rapela ka linako tse ling? [Emela karabo.] Na u nahana hore Molimo o mamela lithapelo tsohle, kapa tse ling ha li mo thabise? [Emela karabo.] Ke na le bukana mona e bontšang hore na ke joang re ka fumanang likarabo tse tsoang ka Bibeleng mabapi le lipotso tseo. [Mo fe bukana ebe le hlahloba serapa sa pele thutong ea 12 le mangolo a ngotsoeng “bala.”] Na hase ntho e babatsehang hore ebe Molimo o ikemiselitse ho re mamela? Empa, e le hore re fumane molemo o feletseng oa thapelo, re lokela ho tseba Molimo hantle. [Phetla thutong ea 2 ’me u mo bontše lihloohoana.] Haeba u thabela, nka rata ho u siela bukana ena ’me nakong e tlang re ka bala likarabo tsa Bibele mabapi le lipotso tsena tse thahasellisang.”
● “Re mona hobane batho ba amehile ka hore na lefatše lena le lebile hokae. Na u nahana hore maemo a tla ke a ntlafale? [Emela karabo.] Batho ba bangata baa makala ho tseba hore Bibele e na le litaba tse molemo tse ka fanang ka tšepo. Tse ling tsa lipotso tseo Bibele e li arabang ke tsena.” Mo fe bukana, ebe u mo kōpa hore a khethe potso eo a e thahasellang, leqepheng le ka morao. E-ea thutong eo, ebe u mo bontša kamoo thuto e khannoang kateng. Etsa litokisetso tsa ho khutlela le hore le tšohle potso e latelang thutong eo.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Kōpa Thuto ea Bibele ka ho Toba:
● “Re fapohetse mona ho u tsebisa ka lenaneo le lecha la ho ithuta Bibele. Bukana ena e na le lithuto tse 15 tse bontšang hore na u ka fumana likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa hokae ka Bibeleng ea hao. [Mo bontše sekoahelo le bokamorao ba bukana.] Na u kile ua leka ho utloisisa Bibele? [Emela karabo.] E-re ke u bontše kamoo lithuto tsena li leng bonolo kateng. [Hlahlobang serapa sa pele sa potso ea 3 thutong ea 3, ebe u bala Tšenolo 21:4, 5. Ha maemo a lumela tšohlang serapa se latelang le mangolo a ngotsoeng “bala.”] Haeba u thabela, nka u siela bukana ena. Re u khothalletsa hore u ke u leke, bonyane ka lekhetlo le le leng, ho ithuta Bibele ka tsela ena. Haeba u utloa u e rata, re ka khutla hape ho tsoela pela ka eona. Nakong e tlang re ka tšohla thuto ea pele. Hlokomela hore e bolelele ba leqephe feela.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
E Buelle ha U Etsa Leeto la ho Boela:
● Ha u khutlela ho motho ea bontšitseng thahasello u ka ’na ua re: “Ke thabela ho u bona hape. Ke u tliselitse bukana ena e fanang ka likarabo tsa Bibele mabapi le lipotso tse ngata tse thahasellisang. [Mo fe bukana ’me u mo kōpe hore a shebe bokamorao ba eona.] Ebe ke sehlooho sefe seo u se thahasellang haholo ho tsee? [Emela karabo ebe u phetla thuto eo a e khethileng.] E-re ke u bontše hore na bukana ena e ka sebelisoa joang hore u fumane likarabo tsa Bibele.” Bontša hore na thuto e khannoa joang ka ho tšohla serapa kapa tse peli le mangolo a ngotsoeng “bala.” Ka ho etsa joalo feela u se u qalile thuto ea Bibele! Siela mong’a ntlo bukana ʼme u etse litokisetso tsa ho khutla. Ha le qetile thuto e itseng le ka tšohla e ’ngoe eo mong’a ntlo a e khethang, kapa la qala bukana qalong.