Ho se Khaotse ho Bolela Litaba Tse Molemo
1 Bakreste ba pele ba ne ba nka tšebeletso ea bona ka ho teba haholo. Luka o ile a tlaleha: “Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” (Lik. 5:42) Ha ho letho, esita le mahloriso, le neng le ka ba thibela! (Lik. 8:4) Ba ile ba bua le ba bang ka ’nete letsatsi le leng le le leng.
2 Ho thoe’ng ka rōna? Ipotse: ‘Na ke utloisisa ho potlaka ha linako? Na ke sekametse ho tsoela pele ke bolela litaba tse molemo ke sa khaotse?’
3 Mehlala ea Kajeno ea ho Bolela ho sa Khaotsoe: Morali e mong oabo rōna, ea tšoeroeng ke pholio, o ile a lokela ho lula a le mochining oa matšoafo a tšepe. O ne a sa khone ho ea Holong ea ’Muso kapa ho ba teng kopanong. Empa o ne a tšoarehile haholo ka ho bolela litaba tse molemo. Nakong ea lilemo tsa hae tse 37 a thibeletsoe, o ile a khona ho thusa batho ba 17 ho ithuta ’nete! O ile a ho etsa joang? Le hoja a ne a sa khone ho ea ka ntlo le ntlo, o ile a fumana tsela letsatsi le leng le le leng ea ho pakela ka tsela e sa reroang ba tlileng ho tla mo bona.
4 Barab’abo rōna Bosnia ba ile ba tlameha ho sebetsana ka katleho le ntoa le tahlehelo. Leha ho le joalo, kamehla ba ile ba tsoela pele ho bolella ba bang. Sarajevo bahoeletsi ka karolelano ba ’nile ba etsa lihora tse 20 khoeli le khoeli ba bua le ba bang ka litaba tse molemo, ’me e mong le e mong ka karolelano o khanna lithuto tsa Bibele tse peli. Ho sa tsotellehe maemo a bona a mabe, baa bolela le ho ruta ba sa khaotse.
5 Ba bacha le bona ba bonahatsa cheseho tšebeletsong. Lelapa le leng la Lipaki Rwanda le ile la kenngoa ka kamoreng eo masole a neng a itokiselitse ho ea le bolaela ka ho eona. Lelapa leo le ile la kōpa tumello ea ho rapela pele. Le ile la fuoa tumello eo, ’me morali e monyenyane, Deborah, o ile a rapela ka lentsoe le phahameng: “Jehova, bekeng ena ’na le Ntate re ile ra tsamaisa limakasine tse hlano. Re tla khutlela ho batho baa joang ho ea ba ruta ’nete le ho ba thusa ho fumana bophelo?” Ka lebaka la tumelo ea hae e matla le lerato la hae bakeng sa tšebeletso, lelapa lohle le ile la tloheloa.
6 Kajeno, ho hlokahala ho sheba menyetla ea ho pakela ba bang le ho batla ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” (Lik. 13:48) Tumellanong le maemo a sebaka ka seng, baholo ba phutheho ba etsa litokisetso bakeng sa ho paka ka sehlopha ka linako tse loketseng, ebang ke hoseng, thapama kapa ka shoalane. Lihlooho tse ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le likarolo Libokeng tsa Tšebeletso, likopano tsa potoloho le likopano tsa setereke li fana ka litlhahiso tse nakong le khothatso ea ho kopanela mekhoeng e sa tšoaneng ea ho paka ka ’Muso. Ho phaella ho sena, balebeli ba potoloho le ba setereke ba koetlisa bahoeletsi bopaking ba seterateng, ba ba bontša mokhoa oa ho sebetsa tšimo ea khoebo, le ho totobatsa litsela tse ling tsa ho fana ka bopaki hohle moo batho ba leng teng. Sena sohle se hatisa ho se khaotse ho bolela litaba tse molemo!
7 Baapostola ba Jesu ka sebete ba ile ba bolela: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Ba ile ba tiisetsa joang ho sa tsotellehe litšitiso tsohle? Ba ile ba kōpa Jehova ho ba thusa, e leng seo a ileng a se etsa, eaba “kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba ne ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.” (Lik. 4:20, 29, 31) Hase e mong le e mong ea ka hlohonolofatsoang ka liphihlelo tse ikhethang tšebeletsong, empa haeba kannete re lakatsa ho bolela litaba tse molemo re sa khaotse hape haeba re etsa boiteko ba ho etsa joalo esita le motheong oa letsatsi le letsatsi, Jehova o tla re thusa.