Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/09 leq. 1
  • Ba Tla Utloa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Tla Utloa Joang?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Khaotse ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsoelang Pele Le Bolela ka ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bolela U sa Khaotse
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 1/09 leq. 1

Ba Tla Utloa Joang?

1. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa boboleli e ka ba phephetso, hona ke hobane’ng ha re phehella?

1 Kaha letsatsi la Jehova le atamela ka potlako, ho hlokahala hore re thuse batho ba bang ba bangata hore ba be le tsebo e nepahetseng ka Molimo le morero oa hae ka batho. (Joh. 17:3; 2 Pet. 3:9, 10) Ka linako tse ling ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo, hobane batho ba bangata ha ba thahaselle kapa baa re soma ka lebaka la mosebetsi oa boboleli oo re o etsang. (2 Pet. 3:3, 4) Leha ho le joalo, re kholisehile hore tšimong ea rōna ho sa ntse ho e-na le batho ba tla amohela litaba tse molemo ha ba li utloa. Ba tla utloa joang ha ho se ea ba bolellang?—Bar. 10:14, 15.

2. Mohlala oa moapostola Pauluse o re khothatsa joang?

2 Ho Tobana le Khanyetso: Kaha ho sa ntse ho e-na le batho ba bangata ba lakatsang ho utloa molaetsa oa ’Muso, ha rea lokela ho nyahama. Filipi ke motse oa pele Europe oo batho ba oona ba ileng ba utloa molaetsa oa litaba tse molemo tse boleloang ke moapostola Pauluse. Eena le Silase ba ile ba otloa ka melamu ’me ba kenngoa chankaneng ka lebaka la liqoso tsa bohata. (Lik. 16:16-24) Leha ho le joalo, phihlelo eo e bohloko ha ea ka ea etsa hore Pauluse a chechele morao ka lebaka la tšabo. Ka mor’a moo ha a etetse motse oa Thesalonika, o ile a “iteta sebete ka Molimo.” (1 Bathes. 2:2) Ruri mohlala oa Pauluse o bontša lebaka le utloahalang la hore ‘re se ke ra khathala.’—Bagal. 6:9.

3. Ke eng se ka ’nang sa etsa hore batho ba bang ba neng ba sa thahaselle ba fetole maikutlo?

3 Batho ba bangata bao e neng e le lilemo-lemo ba sa batle ho mamela molaetsa oa rōna, ba ile ba fetola maikutlo. Ba ka fetoloa ke lintho tse kang mathata a lichelete, ho kula, ho hlokahalloa ke setho sa lelapa, kapa litlaleho tsa liketsahalo tse tšosang lefatšeng. (1 Bakor. 7:31) Ba bang bao batsoali ba bona ba neng ba hanyetsa ba se ba phuruselitse ’me ba rata ho mamela. Ha re tsoela pele ho bolela re fa batho bao monyetla oa ho ‘ipiletsa lebitsong la Jehova’ esere ba haha serobe phiri e se e jele.—Bar. 10:13.

4. Re susumetsoa ke’ng hore re tsoele pele ‘re sa khaotse’ tšebeletsong?

4 ‘Re sa Khaotse’: Lerato leo re ratang Molimo le moahelani ka lona le tla re susumelletsa ho tsoela pele ‘re sa khaotse’ mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa, joalokaha baapostola ba ile ba etsa lekholong la pele la lilemo. (Lik. 5:42) Kajeno ba bangata ‘baa feheloa ebile baa bobola ka lebaka la lintho tsohle tse manyala’ tse etsahalang. (Ezek. 9:4) Ha ba utloa litaba tse molemo ruri ba ba le tšepo ’me ba thaba haholo. Le hoja batho ba bangata ba sa batle ho mamela, Mangolo a re tiisetsa hore Jehova o ananela mosebetsi oa rōna.—Baheb. 13:15, 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela