Bolela U sa Khaotse
1 Ka linako tse ling re ka ’na ra ba le maikutlo a hore tšimo e itseng e sebelitsoe khafetsa ’me ho entsoe sohle se ka khonehang empa batho ba bangata ha ba thahaselle. Leha ho le joalo, re na le mabaka a utloahalang a hore re tsoele pele ho bolela.—Mat. 28:19, 20.
2 Hore e be Bopaki: Jesu o boletse esale pele hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso e ne e tla ba e ’ngoe ea lipontšo tsa “qetello ea tsamaiso ea lintho” ’me e ne e tla ba “bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:3, 14) Ha batho ba re bona re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, seo se fana ka bopaki bo matla. Ha re tloha sebakeng seo, batho ba bang ba ka ’na ba qeta nako e telele kapa matsatsi a mangata ba bua ka rōna, le haeba ba sa ka ba mamela molaetsa. Kaha rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha re etsa mosebetsi ona, re khona ho mamella. Re thabisa Jehova ha re etsa mosebetsi o phethahatsang boprofeta ba Bibele oa ho pakela batho le ho ba lemosa.—2 Bathes. 1:6-9.
3 Ho Hlokahala re be le Mamello: Kaha ho na le litšitiso le lintho tse ngata tseo ho hlokahalang hore batho ba li etse, ho hlokahala hore re mamelle ha re leka ho etsa hore ba thahaselle molaetsa. Mosali e mong o ile a eteloa beke le beke selemo sohle pele a etsa qeto ea ho lumella Lipaki hore li kene ka tlung ea hae li mo bolelle molaetsa oa Bibele. O ile a thabela molaetsa oa tsona hoo a ileng a lumela ho ithuta Bibele, a qala ho ea libokeng, ’me ka mor’a nakoana a bolela hore o batla ho kolobetsoa.
4 Maemo a lefatše le a batho a fetoha ka potlako. Batho ba bangata ba sa kang ba amohela molaetsa oa rōna nakong e fetileng, hona joale ba ka thabela ho utloa molaetsa o ba fang tšepo oo re ba bolellang oona. Haeba e le motho a le mong feela ea mamelang molaetsa oa ’Muso, mamello ea rōna e tla be e tsoetse katleho.
5 Lefatšeng lohle ho na le batho ba bangata ba “feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa.” (Ezek. 9:4) Litholoana tsa mosebetsi oa rōna li bontša hore ba ratang ho loka ba mamela molaetsa oa ’Muso. (Esa. 2:2, 3) Ka lebaka leo, a re tsoeleng pele ho bolela re sa khaotse ka hore ka lerato re phehelle ho “[tlisa] litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.”—Esa. 52:7; Lik. 5:42.