Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/08 leq. 1
  • Na Lelapa la Hao le Itokisetsa ho Pholoha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lelapa la Hao le Itokisetsa ho Pholoha?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Na u Ahlola Lefatše ka Tumelo ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 6/08 leq. 1

Na Lelapa la Hao le Itokisetsa ho Pholoha?

1 Boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse bo fana ka bopaki bo kholisang ba hore bofelo ba lefatše lena le khopo bo atamela ka potlako. Hona joale re phela linakong tse mahlonoko tse tšoanang haholo le tsa pele ho Moroallo. (Mat. 24:37-39) Noe o ile a pholoha timetso ea lefatše la boholo-holo hobane o ile a “tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Gen. 6:9) E tlameha ebe Noe o ile a ruta lelapa la hae litsela tsa Jehova kaha le lona le ile la pholoha. Re ka etsisa Noe joang e le hore re itokisetse ho pholoha bofelo ba tsamaiso ee ea lintho e khopo re le lelapa?

2 ’Moleli oa ho Loka: Noe o ile a mamella ka lilemo tse 40 ho ea ho tse 50 e le “’moleli oa ho loka.” (2 Pet. 2:5) E tlameha ebe baahelani ba hae, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba susumetsoa ke mangeloi a ikentseng batho kapa che, ba ne ba mo soma ha a etsa mosebetsi oa boboleli. Hangata batho ha ba thahaselle seo re ba bolellang sona ha re le tšimong ba bile baa re soma, e leng se bontšang hore bofelo ba tsamaiso ena bo atametse. (2 Pet. 3:3, 4) Leha ho le joalo, ho fapana le batho ba mehleng ea Noe, batho ba bangata baa re mamela ’me ba ‘phallela’ borapeling ba Jehova. (Esa. 2:2) Re tla ‘ipholosa ’me re pholose le ba re mamelang’ hafeela re mamella. (1 Tim. 4:16) Ke habohlokoa hakaakang hore batsoali ba rute bana ba bona ka mantsoe le ka liketso hore mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o lokela ho etsoa ka potlako!—2 Tim. 4:2.

3 “A Fela a Etsa Joalo”: Noe le lelapa la hae ba ne ba tla pholoha hafeela ba latela litaelo tsa Jehova ka hloko. (Gen. 6:22) Ke habohlokoa hore le rōna kajeno re ‘itokisetse ho mamela’ taelo ea Bibele le lekhoba le tšepahalang. (Jak. 3:17) Ntate e mong o ile a sebelisa likeletso tsa mokhatlo oa Jehova. Ka mohlala, beke le beke o ne a khanna thuto ea lelapa ’me a ea tšebeletsong ea tšimo le lelapa la hae joalokaha ho khothalelitsoe. O ne a leka ka matla hore beke e ’ngoe le e ’ngoe a ee tšimong le e mong oa bana ba hae. Kaha o ne a “fela a etsa joalo” ka botšepehi, sena se ile sa ba le phello e molemo baneng ba hae, ’me ka botšelela ba bona ba hōla e le bahlanka ba Jehova ba tšepahalang.

4 Bofelo ba tsamaiso ena bo tla fihla ka tšohanyetso. (Luka 12:40) Ha re etsisa Noe ’me re bontša tumelo, ka sebele rōna le malapa a rōna re tla be re itokiselitse ho pholoha!—Baheb. 11:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela