Ho Sebelisa Libukana tse Lekanang le Makasine ka Katleho ka July
1 E le ho potlakisa mosebetsi oa ho etsa barutuoa, mokhatlo o hlophisitsoeng o fane ka lingoliloeng tse ngata tse fapa-fapaneng. Har’a tsona ho na le libukana tse lekanang le makasine tse buang ka lihlooho tse tobileng, tse kang morero oa Molimo ka lefatše, Boraro-bo-bong, lebitso la Molimo, puso ea ’Muso, le ho lumella ha Molimo bokhopo. Re ka sebelisa libukana tse lekanang le makasine joang ka katleho ho thusa batho ba leng tšimong ea rōna?
2 Bukana e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa re Tsotella? e hlalosa ka mokhoa o utloahalang hore lefatše le lecha le lokolohileng ho hlomoheng le haufi. Re ka e kenyeletsa joang? Litlhahiso li ka fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a sehlooho se seholo “Ho Hlomoha,” se qalang leqepheng 130, kapa u ka rata kenyeletso e leqepheng 12 sehloohong “Leeme/Ho Hlomoha.”
3 U ka ’na ua re:
◼ “Na u kile ua ipotsa: ‘Na ruri Molimo oa tsotella hore na batho ba tobana le ho hloka toka ’me ba utloa bohloko?’” Emela karabo. Bala Pesaleme ea 72:12-14. Joale u phetle leqephe 22 la bukana e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa re Tsotella? ebe u bua ka lihloohoana tse karolong ea 10, haesita le se boleloang ke setšoantšo se leqepheng 23. Haeba bukana e lekanang le makasine e sa amoheloe, ke hobane’ng ha u sa buelle pampitšana, e kang Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo kapa Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso?
4 Kajeno ho na le kameho e khōlō ka ’muso o molemo. Ba ngata ba ipotsa hore na ebe puso ea motho e tla kopanya lefatše. Boitsebiso bo thusang bo fumanoa tlas’a “Puso,” ho tloha leqepheng 376 bukeng ea Ho Bea Mabaka.
5 U ka ’na ua botsa:
◼ “Na ho ka etsahala hore batho ba thehe ’muso oo ka sebele o tla tlisa thabo e tšoarellang?” Emela karabo, ebe ua botsa: “Tlaleho ea histori ea batho e bontša eng?” Phetla Jeremia 10:23, kapa phetla leqepheng 376 bukeng ea Ho Bea Mabaka ebe u bala litemana tse loketseng le litlhaloso. Ka mor’a moo, phetla maqepheng 24 le 25 bukaneng e lekanang le makasine ea ’Muso ebe le buisana ka litšoantšo le mangolo. Hlalosa kamoo ’muso oa Molimo o tla kopanya batho ka teng lefatšeng lohle. Haeba mong’a ntlo a sa amohele bukana e lekanang le makasine, u ka ’na ua buella pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?
6 Haeba batho ba tšaba pefo sebakeng seo u lulang ho sona, kenyeletso e latelang e ka ba e ipiletsang.
7 U ka ’na ua re:
◼ “Batho ba bangata baa ipotsa, ‘Haeba Molimo ke lerato, ke hobane’ng ha a lumeletse bokhopo?’ Na le uena u kile ua ipotsa ka see?” Emela karabo, ebe u re: “Hlokomela hore Liproverbia 19:3 e re lemosa khahlanong le ho beha Molimo molato bakeng sa lintho tse mpe tseo batho ba li etsang.” Ka mor’a ho bala temana, lebisa tlhokomelo leqepheng 15 la bukana e lekanang le makasine “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” ebe u bala serapa 27. Sena se ka lebisa puisanong ea lirapa tse latelang.
8 Ho sebelisa libukana tse lekanang le makasine ho ruta batho ba kang linku litaba tse molemo ke ntho eo bohle re ka e etsang. Re ka thusa batho ba mekhoa eohle ea bophelo hore ba ikopanye le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Ke tokelo ea rōna ho kopanela mosebetsing oa boboleli ha ka katleho re sebelisa libukana tsa rōna tse lekanang le makasine tse nakong.