Ho Khutlela ka Morero oa ho Tsosa Thahasello Bibeleng
1 Ka linako tse ling tšebeletsong ea tšimo re teana le batho ba bontšang thahasello e itseng litabeng tse molemo empa ba tšoarehile haholo hore ba ka buisana le rōna nakong eo re ba etetseng ka eona. Na re leka ho khutlela ka nako e ’ngoe ho ea arolelana molaetsa oa ’Muso le bona? Kapa mohlomong re ba le puisano e thahasellisang le mong’a ntlo, empa ha a amohele lingoliloeng leha e le life. Na rea khutlela ho ea buisana le eena ka ho eketsehileng ka ’nete?
2 Ho bohlokoa ho koahela tšimo ea rōna ka ho feletseng le ho latella thahasello leha e ka ba efe eo re ka e fumanang. Na re etsa maeto a ho boela feela ho ba nkileng buka kapa limakasine? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba re hlokomoloha batho ba bang ba thahasellang. Ka sebele ha re batle ho etsa qeto ea hore motho ha a tšoanelehe bakeng sa ho fumana khothatso e eketsehileng ea moea hobane feela a sa amohela lingoliloeng. (Bapisa le Ba-Roma 14:4.) Mohlomong ka mor’a ketelo ea rōna, mong’a ntlo a ka nahana ka seo re se buileng kapa a ananela boiteko boo re bo entseng ba ho mo etela. Ho ka etsahala hore a arabele hamolemonyana ha re khutlela.
3 Ha u khutlela ho motho ea neng a tšoarehile, u ka ’na ua re:
◼ “Ke thabela ho u bona hape. Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke le mona, ha rea ka ra qoqa hobane u ne u se na nako. Kea bona hore u motho ea tšoarehileng, ka hona ke tla bua hakhutšoaane. Ho ka etsahala hore ebe u amehile ka bophelo bo botle bakeng sa hao le baratuoa ba hao. Na u ne u tseba hore Molimo o tšepisitse ho felisa ho kula hohle? Na seo hase thabise? [Emela karabo.] Hlokomela ntlha e serapeng 4 bukaneng ena e lekanang le makasine e reng ‘Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha.’” Haeba nako e lumela, bala serapa ebe u hlahloba le leng la mangolo a leng botlaaseng ba leqephe 4 a bontšang maemo a lefatšeng le lecha. Haeba mong’a ntlo a amohela molaetsa, u ka khona ho qalisa thuto ea lehae ea Bibele.
4 Ha u boela ho motho ea ileng a nka pampitšana, u ka ’na ua bua tjena:
◼ “Lekhetlong la ho qetela ha ke teana le uena, u ile ua amohela kopi ea pampitšana ena eo sehlooho sa eona se reng Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? Na ho bile thata ho amohela hore Satane o busa lefatše lee? [Emela karabo.] Hlokomela serapa sa pele leqepheng 6.” Bala serapa, ebe ua botsa: “Ke hobane’ng ha Satane a ka batla ho re thetsa?” Ka mor’a hore mong’a ntlo a arabe, buisanang hammoho ka serapa sa bone leqepheng 3. U ka tsoela pele ka ho bua ka mokhoa o batsi ka pampitšana, kapa u ka kenyeletsa bukana e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa re Tsotella? ebe u bua ka serapa 8 leqepheng 13.
5 Ho na le lebaka le letle la ho bontša boikutlo bo nepahetseng le ho latella thahasello eo re e fumanang mosebetsing oa rōna oa boboleli esita le haeba e bontšoa ka tsela e fokolang. Ke habohlokoa ho ameha ka batho ba bang, ho susumeletseha ho ba thusa hore ba ithute ’nete. Mokhatlo oa Jehova o fana ka lingoliloeng le linehelano tse ka re thusang ho etsa hore ba bang ba be seli ka tlhoko ea bona ea moea.—Matt. 5:3.
6 Haeba u bile le moqoqo o monate le motho e mong eo e ka ’nang eaba o thahasella hanyenyane, u se ke ua hlokomoloha ho khutlela ho ea hlaolela thahasello. Ho ka ’na ha fella ka hore u qalise thuto ea lehae ea Bibele le ho kenya motho e mong tseleng e isang bophelong. Re khothatsa bohle hore ba tsoele pele ho kopanela ka hloko mosebetsing ona o bolokang bophelo.—1 Tim. 4:16.