Maeto a ho Boela a Bonolo le a Atlehang
1 Na ka mehla u etsa maeto a ho boela, kapa hangata u ho fumana ho le thata hobane u sa tsebe seo u tla se bua? Ha ho lebaka la ho tšaba. Lintho tsena tse tharo li tla u thusa hore u atlehe: (1) ho lokisetsa hantle; (2) bokhoni ba ho bua ka ntlha e le ’ngoe kapa tse peli ka lihlooho tse ’maloa tse bonolo tsa Bibele; le (3) ho ikemisetsa ho mamela maikutlo a mong’a ntlo.
2 Ha u lokisetsa leeto la ho boela, nahana hore na ke taba efe e loketseng eo le tla buisana ka eona le mong’a ntlo. Na o kena sekolo? Batho ba bangata ba kenang sekolo ba tla ba le nako e eketsehileng ea ho buisana ka litaba tsa Bibele khoeling ena kaha likolo li tla be li koetsoe. Mohlomong u tla fumana ba bang ba ikemiselitseng ho mamela molaetsa oa ’Muso. Na u botsitse potso qetellong ea leeto la nakong e fetileng kapa mong’a ntlo o bontšitse thahasello tabeng e itseng? Ikhopotse lintlha ’me u sebelise buka ea Ho Bea Mabaka ho fumana boitsebiso boo u tla bo sebelisa ho etsa leeto la ho boela le atlehileng. Ha u khutlela, e ba le mofuthu le botsoalle. Lumelisa mong’a ntlo ka lebitso.
3 Haeba u tsamaisitse Molula-Qhooa le Tsoha!, leeto la hao la ho boela le ka theoa ntlheng e le ’ngoe kapa tse peli tse bonolo tseo u li khethileng makasineng. Haeba u siile pampitšana leetong la pele, mohlomong u ka bua ka pampitšana kapa oa ’montša ntlha e loketseng makasineng kapa bukaneng e lekanang le makasine.
4 Haeba u tsamaisitse pampitšana “Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso,” u ka re:
◼ “Nakong e fetileng ha ke le mona, re buile ka tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha la khotso. Joalokaha re ile ra buisana, ’Muso oa Molimo o tla tlisa maemo a molemo. U nahana hore ho hlokahala eng ho rōna ho ba karolo ea lefatše leo lecha la khotso?” Emela karabo ea mong’a ntlo, ebe u hlalosa khopolo e boletsoeng ho Pesaleme ea 37:9, 11, 29.
5 Haeba u tsamaisitse pampitšana “Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?,” litlhaloso tsena tse khutšoaane li ka qalisa puisano:
◼ “Qetellong ea puisano ea rōna ea nakong e fetileng, ke ile ka u siela pampitšana Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Serapa sa boraro se phahamisa lipotso tse ling tse thahasellisang: ‘Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Bafu ba kae? ’Me re ka kholiseha joang hore ba tla phela hape?’ Sehloohoana se latelang ‘Lefu, le se Etsahalang ha re E-shoa,’ se arabela potso ka ’ngoe. Ke na le kopi e ’ngoe ea pampitšana ena. Hlokomela seo e se bolelang serapeng sa bone.” Joale ha mong’a ntlo a ntse a bala le uena, bala serapa ho kopanyeletsa le mangolo a mabeli ebe u batla maikutlo a mong’a ntlo. Mamela ka hloko seo a se buang, ebe u arabela ka ho loketseng.
6 Nakong ea puisano, mong’a ntlo a ka fana ka maikutlo a mangata a fosahetseng. Ha ho hlokahale hore u hanyetse sohle seo a se buang. Ho e-na le hoo, khomarela taba eo le buisanang ka eona. Maikutlo leha e le afe ao e seng a mangolo ao mohlomong a nang le oona a ka lokisoa maetong a nakong e tlang.
7 Lokisetsang ka hohle ho latela thahasello leha e le efe ka ho etsa maeto a ho boela a bonolo le a atlehang ka April.