Ho Sebelisa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa Maetong a ho Boela
1 Moapostola Pauluse o ne a tseba bohlokoa ba ho ba motho ea khothetseng ha ho tluoa tabeng ea ho hlokomela batho ba ileng ba bontša thahasello ’neteng. O ile a ba tšoantša le limela tse bonojoana, tse hlokang ho nosetsoa le ho hlaoleloa ka linako tsohle. (1 Ba-Kor. 3:6-9) Ka ho tšoanang, le kajeno batho ba thahasellang ba hloka tlhokomelo e bonolo eo re fanang ka eona ha re etsa maeto a ho boela ho hlaolela khōlō ea bona ea moea.
2 Ho molemo ho hopola hore hangata batho bao re eang ho bona ba hloka likhopotso tse tla ba thusa ho hopola lintlha tseo re buileng ka tsona puisanong ea nakong e fetileng. Ka hona, leetong le leng le le leng la ho boela, ho tla ba bohlale ho hlahloba hakhutšoaane seo le ileng la buisana ka sona ketelong e fetileng, u totobatse lintlha tseo mong’a ntlo a ileng a li rata ka ho khethehileng. Kenyelletsa mong’a ntlo puisanong ’me u lemohe thahasello ea hae le litlhoko tsa hae hang-hang.
3 Ha u etsa leeto la ho boela, ebang u tsamaisitse buka “Motho e Moholo ka ho Fetisisa” kapa che, u ka sebelisa katamelo ena e tobileng ea ho qalisa thuto:
◼U ka ’na ua botsa: “Ke eng se ileng sa etsa hore Jesu e be motho e moholo ka ho fetisisa lefatšeng?” U ka arabela ka ho supa ho tse ’maloa tsa likhaolo tse 133 tse buang ka bophelo ba hae, botho ba hae, thuto ea hae, le mesebetsi ea hae. Khaolo 24 e hlalosa morero oa hae oa ho tla lefatšeng. Khaolo 35 e re hopotsa Thuto ea hae e tummeng ea Thabeng. Khaolo 133 e fana ka tlhase ea mahlohonolo ao batho ba tla a thabela ha a phetha mosebetsi oa hae. Bontša mong’a ntlo kamoo lipotso le mangolo a qetellong ea khaolo ka ’ngoe a re thusang ka teng ho fumana lintlha tsa bohlokoa khaolong ka ’ngoe. Akaretsa lintlha tse ’maloa feela ebe u etsa litokisetso tse tiileng tsa ho khutlela.
4 Katamelo e ’ngoe e ka ba:
◼“Ka sebele ke ile ka thabela puisano ea rōna bekeng e fetileng. Batho ba bangata ba bontšitse kameho ka maemo a lefatše a ntseng a mpefala. Ke ile ka nahana hore khaolo 111 ea buka ena, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e tla u thahasellisa. [Lokisetsa ho bua ka likarolo tse khethiloeng ho khaolo 111 e le ho arabela potso e le ’ngoe kapa tse peli tsa tlhahlobo tse qetellong ea khaolo, ka mohlala: “Ke maemo afe a lefatše a tšoaeang boteng ba Kreste?” kapa “Jesu o fana ka setšoantšo sefe ho thusa barutuoa ba hae ba nakong e tlang ho lemoha ha bofelo bo se bo atametse?”] Motheong oa seo re se balang mona, u ka re tšepo ea rōna ke efe ka bokamoso bo haufi? [Emela karabo ebe u babatsa mong’a ntlo.] Re tlameha ho etsa joang haeba re tšepile ho pholoha bofelo ba tsamaiso ee e khopo?” Bala Johanne 17:3 ebe u buella thuto ea ka mehla ea lehae ea Bibele.
5 Ka mor’a ketelo e fetileng eo ho eona u ileng ua tsamaisa buka “Motho e Moholo ka ho Fetisisa,” u ka re:
◼“Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke u etetse, re ile ra buisana ka maemo a lefatše ao ho hlokahalang hore a fetoloe. Na u kile ua ipotsa hore na maemo a tla ba joang lefatšeng haeba bokhopo bo le sieo?” Emela karabo ebe u phetla ho khaolo 133, u hlokomele lipotso tse peli tse qalang tse leng qetellong ea khaolo. Bala ’me u hlalose lirapa tse arabelang lipotso tsena, u shebe a mang a mangolo a qetellong ea khaolo. U ka ekelletsa puisanong ka ho phetla setšoantšong se khaolong eo.
6 Moo U Siileng Pampitšana: Ka linako tse ling pampitšana ea sala ketelong ea pele. Ha u etsa maeto a ho boela, u ka bua ka serapa se le seng kapa tse peli ho tsoa pampitšaneng hammoho le mangolo ao ho sa qotsoang mantsoe a ’ona. Haeba motho eo a bontša thahasello, u ka buella buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ebe u etsa litokisetso tsa ho ntšetsa puisano ea lōna pele ketelong e tlang.
7 Haeba ka botšepehi re ntse re hlokomela ho nosetsa limela tse bonojoana tsa tumelo ea Bokreste tse leng tlhokomelong ea rōna, Molimo o tla etsa hore li hōle tlotlisong le khanyeng ea hae.—1 Ba-Kor. 3:7.