Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng
1 Ho tloha ha ho lokolloa buka Phela ka ho sa Feleng, ho se ho hatisitsoe likopi tse fetang limillione tse 65 ka lipuo tse 115. Ba bangata bao hona joale e leng bahlanka ba Jehova ba ithutile linnete tsa motheo tsa Bibele ka thuso ea sesebelisoa sena se molemo. Khoeling ena le e tlang, re na le monyetla oa ho tsamaisa thuso ena ea ho ithuta Bibele, kapa re ka kopana le batho tšimong ba seng ba ntse ba e-na le eona.
2 Ho Khutlela ho ba Nang le Buka: Bahoeletsi ba bang ba bile le liphello tse ntle ka ho lebisa tlhokomelo lethathamong la tse ka hare le ho botsa motho ea thahasellang hore na o fumana sehlooho sefe se thahasellisa ka ho khethehileng. Ha mong’a ntlo a khethile sehlooho, etsa tlhahiso ea hore a bale khaolo eohle ka bukeng pele ho ketelo e latelang.
3 Neng le neng ha ho khoneha, re lokela ho etsa tumellano e tobileng ea ho khutlela. Pele re khutlela re tla itokisetsa ho tšohla lirapa tse seng kae khaolong e khethiloeng ke mong’a ntlo. Haeba a sa khetha sehlooho, re ka qala ho tšohla khaolo 1. Ka mor’a ho bua ka lirapa tse seng kae, re lokela ho botsa potso e tla tšohloa lirapeng tse ’maloa tse latelang. Sena e tla ba mohato o lebisang leetong le leng la ho boela, e leng moo re tla ntšetsa pele ho ithuta buka Phela ka ho sa Feleng.
4 Haeba mong’a ntlo a na le lipotso, ho molemo ho bua ka tsona pele. Mohlomong lipotso tsa hae li ka arabeloa ka bukeng. Ka ho tloaelana le litaba tse ka hare tsa buka, re ka khona ho phetla lirapeng tse loketseng ’me ra sebelisa boitsebiso boo ho araba lipotso tse botsitsoeng.
5 Ho Khutlela ho Bao re ba Sietseng Pampitšana: Mohlomong re ile ra siela mong’a ntlo kopi ea pampitšana Lefatše le Lecha la Khotso. Ha re khutlela, re ka buisana ka lirapa tse qalang tsa pampitšana.
Ha re fihla qetellong ea serapa sa pele leqepheng la 3, moo ho qotsitsoeng Pesaleme ea 37:29, re ka re:
◼ “Mantsoe ao a totobatsa seo ho buuoang ka sona khatisong ena, U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Hlokomela khopolo e mona serapeng sa 3 khaolong ea 1 tlas’a sehloohoana ‘Lebaka la Hore re Lumele.’” Joale re ka bala serapa sa 3, re botse potso e hatisitsoeng ea sona, ’me re tsoele pele ka lirapa 4 le 5 ka tsela e tšoanang. Joale re ka re: “Ke hobane’ng ha kajeno maemo a fapane hakaale le merero ea Molimo? Lirapa tse seng kae tse latelang li hlalosa seo, ’me nka thabela ho khutla bekeng e tlang ka nako e tšoanang ho tla araba potso eo.”
6 Ha re nehelana ka buka “Phela ka ho sa Feleng,” re ka re:
◼ “Ke tšepa hore u tla thabela ho ba le kopi ea hao ea khatiso ena. Ka tsela ena u tla khona ho bala esale pele ’me ka hona u fumane ho eketsehileng puisanong ea rōna e latelang.” Tsebisa mong’a ntlo hore u ka thabela ho mo siela buka ka monehelo oa R9,00 (buka e nyenyane ke R4,50).
7 Ho khutlela ho thusa batho ho ithuta kamoo ba ka phelang ka ho sa feleng ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa. Jesu o ile a laela balateli ba hae ho ruta ba bang seo ba se rutiloeng. Re rapela Jehova hore a romele basebetsi ba eketsehileng. Ka lebaka leo, a re phetheng karolo ea rōna ea ho fumana batho ba thahasellang le ho ba ruta hore e be basebetsi-’moho kotulong.—Matt. 9:37; 28:19, 20.