Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
1 Ho ba le thuto ea lehae ea Bibele ho ka thabisa haholo ha ba ha putsa uena le mong’a ntlo. Ha ho letho le ka bapisoang le thabo ea ho arolelana tsebo ea Bibele le ba bang.—Liprov. 11:25.
2 Pontšo ea Mehla ea Bofelo: Haeba u sebelisitse tlhahiso e sehloohong se ka holimo ’me o qalisitse moqoqo oa hao ka pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?, joale ke joang u ka qalisang thuto u sebelisa khaolo 111 ea buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa? Phetla khaolo 111 bukeng ena, ’me u bale lirapa tse tharo tse qalang. Ebe u botsa potso ea pele qetellong ea khaolo: “Ke eng se susumeletsang potso ea baapostola, empa ho bonahala ba hopotse eng hape?” Thusa mong’a ntlo ho tšehetsa karabo ea hae ka mabaka, ’me u sebelise setšoantšo bakeng sa ho ruta. Ka mor’a ho bala serapa sa bone ho isa ho sa botšelela, botsa potso ea bobeli: “Ke karolo efe ea boprofeta ba Jesu e phethahetseng ka 70 C.E., empa ke eng e sa kang ea etsahala ka nako eo?” Haeba ho bonahala mong’a ntlo a thahasella ’me a na le nako, ntšetsa moqoqo oa hao pele.
3 Ha ho bonahala hore nako e ’ngoe e ka ba molemo haholoanyane bakeng sa mong’a ntlo, u ka ’na ua botsa: “Na u ka rata ho tseba se eketsehileng ka hore na bofelo ba tsamaiso ea lintho bo tla tla neng?” Joale u ka lokisetsa ho khutlela bakeng sa ho araba potso eo.
4 Na ho ka Etsahala Hore ho be le Lefatše la Khotso? Haeba u sebelisitse pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso bakeng sa ho lebisa bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa, ke joang khaolo 133 e ka bang le thuso bakeng sa ho qalisa thuto ea Bibele?
Ka mor’a ho bala 2 Petrose 3:13, u ka ’na ua bala kapa ua akaretsa lintlha tsa serapa sa bobeli leqepheng la 3 la pampitšana ebe u re:
◼ “Jesu Kreste, Mor’a Molimo, e tla ba Morena oa ’Muso oa Jehova. Hlokomela kamoo buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e hlalosang Jesu le ho re fa boitsebiso bo buang ka seo a tla se finyella nakong e tlang.” Ebe u bala khaolo eo kaofela. Botsa mong’a ntlo potso ea pele qetellong ea sehlooho: “‘Baphonyohi ba Harmagedone le bana ba bona ba tla fumana tokelo efe e thabisang?’ [Fana ka nako bakeng sa karabo. Ho ka buisanoa ka lipotso tse ling ka tsela e tšoanang.] Na u rata ho ba karolo ea lefatše le lecha leo Jesu a tla le busa e le Morena? Nka rata ho ba le monyetla beke e ’ngoe le e ’ngoe oa ho u thusa ho bona ho tsoa Bibeleng hore na ke joang sena e ka bang karolo ea lōna.”
5 Batho ba bang ba ka thahasella puisano e tsoelang pele mabapi le Jesu Kreste leetong lena.
U ka ’na ua re:
◼ “Bukeng ena ho entsoe boiteko ba ho hlahisa bophelo ba Jesu ba lefatšeng joalokaha bo bontšitsoe Likosepeleng tse ’nè. Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka bophelo ba Jesu lefatšeng?” Haeba mong’a ntlo a lumela, u ka ’na ua rata ho bua ka mohlolo oa pele oa Jesu, khaolong ea 15.
6 Ho sa ntse ho na le batho ba bangata ba pelo li tšepahalang ba ratang ho loka le ba batlang litharollo tsa mathata ao ba tobanang le ’ona. Ruri, ho ithaopela ho arolelana lithuto tsa Jesu Kreste le ba bang ka thuto ea Bibele ke boiteko bo putsang ka ho fetisisa.